Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 8/8 maq. 19-20
  • Re Tsoaletsoe ho Ithuta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Tsoaletsoe ho Ithuta
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Hlaolelang Lerato la ho Ithuta
    Tsoha!—2004
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Na Nka Etsa Hamolemonyana Sekolong?
    Tsoha!—1998
  • Batsoali—E Bang ’muelli oa Ngoana oa Lōna
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 8/8 maq. 19-20

Re Tsoaletsoe ho Ithuta

“Linonyana lia fofa, litlhapi lia sesa; batho baa nahana ebile baa ithuta.”—JOHN HOLT, MONGOLI EBILE E LE TICHERE.

KA TLHAHO, khama e sa tsoa tsoaloa e batla ho ema ka menotoana ea eona e melelele, e therekelang, ’me e latele ’m’a eona. Ka lehlakoreng le leng, lesea lona le ka qeta selemo pele le tseba ho tsamaea. Empa, batho ba filoe boko bo hlollang ka ho feletseng, bo phahametseng hōle ba phoofolo leha e le efe. Bophahamo bona bo bonahala takatsong e sa khotsofaleng le e matla ea lesea ea ho batla ho tseba le ho ithuta lintho.

E le hore a khotsofatse takatso eo, masea a phetseng hantle kelellong le ’meleng a fetola lintho tse a potolohileng sebaka seo a ithutelang ho sona. A nehe ntho e itseng, u tla bona ha a ithuta eona ka kelo-hloko eohle, a be a e ise le ka hanong! ’Me ho leka ho ithuta hoo ha ho felle moo. Joalokaha motsoali e mong le e mong a tseba, bana ba tla koba, ba otlanye, ba hlokohle le ho pshatla lintho—’me hangata ba etsa seo ba thabile—moo ba ntseng ba ithuta ho utloisisa le ho tseba ka ho eketsehileng ka lintho tseo ba leng ho tsona.

Takatso ea bana ea ho ithuta e bonahala le ho feta ha ba qala ho bua—e leng katleho e hlollang ho bona! Ka bosiu bo le bong, ho bonahala bana e ka ba lipotso ka bobona. Lipotso tse kang ‘Hobane’ng see?’ ‘Hobane’ng sela?’ li phalla ka bongata li tsoa melomong ea bona li sa khaotse, e leng ntho e lekang mamello ea batsoali ba bangata. Mongoli John Holt o re ba “ithuta ho hongata ka mafolofolo le ka cheseho e fihlang ka sekhahla se seholo.”

Joale, lilemo tse ’maloa ka mor’a moo, linaheng tse ngata bana ba kena lefatšeng le lecha la ho ithuta—la matichere, la libuka, la lideske, mohlomong le la bana ba bang ba makholo. Ka masoabi, ka mor’a hore ba qete lilemo ba le sekolong, bana ba bangata ba qala ho tsoafa ho ithuta ka tsela eo. Ba bang ba bile ba qala ho nka sekolo e le ntho e ba imelang kelellong kapa e ba tenang. Mohlomong lithuto tse itseng, kapa matichere a itseng, a hlōleha ho ba susumetsa. Kapa mohlomong ba tšoenngoa haboima ke khatello ea hore ba batla ho fumana limaraka tse holimo.

Ho ba le maikutlo a joalo a sa nepahalang ka ho ithuta ho ka tsoela pele ho fihlela ngoana e e-ba motho e moholo kapa a fihla lilemong tsa boqheku, ’me ho ka etsa hore ba joalo ba balehele hōle le ntho leha e le efe e hlokang hore ba nahane ka ho teba, ba ithute, kapa ba etse lipatlisiso. Batho ba hōlileng ba na le tšitiso e ’ngoe eo ba lokelang ho e loantša—tumelo ea hore hang ha motho a tsofala, le matla a hae a ho ithuta aa rusa. Empa, joalokaha re tla bona, pono e joalo ha e na motheo.

Na u batla ho ntlafatsa matla a hao le takatso ea hao ea ho ithuta, ho sa tsotellehe hore na u lilemong life? Haeba u motsoali, na u batla hore bana ba hao ba atlehe lithutong tsa bona ’me ba thabele ho ithuta ha ba sa le sekolong leha ba se ba qetile? Haeba ho joalo, joale ka kōpo tsoela pele u bala.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Bana ba rata ho ithuta

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ka masoabi, bacha ba bangata ba tobana le khatello le ho tšoenyeha sekolong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela