Ho Ima ha Bacha—Koluoa ea Lefatše Lohle
HO IMA ha bacha ho ’nile ha bitsoa seoa. Leha ho le joalo, bohloko bo boholo ba bothata bona bo bonoa hantle ha ngoanana ea tšohileng ea lilemong tsa bocha a hlakeloa ke boemo ba hae. Bonyane o tla tleloa ke liphetoho tse khōlō bophelong ba hae tse sa tl’o ama eena feela habohloko, empa li tla ama le lelapa labo le ba mo ratang.
Bacha ba boemong boo Bibele e bo bitsang “palesa ea bocha”—nako eo litakatso tsa ho kopanela liphate li leng matla ka ho fetisisa. (1 Bakorinthe 7:36) Leha ho le joalo, e tla ba ho bebofatsa taba ho nahana hore ho ima ha bacha ke taba feela ea hore ha ba sebelise lithibela-pelehi. Bopaki bo bontša hore ho ima ha bacha ho akarelletsa lintho tse ngata tse rarahaneng tsa maemo a bophelo le a maikutlo.
Lintho Tse Tlatsetsang
Lipatlisiso li bontša hore bongata ba bacha bao e seng e le bo-’mè bo tsoa malapeng a qhalaneng. Sello se tloaelehileng sa bacha ba bangata ba immeng ke sa hore: “Bophelo bohle ba ka ke ’nile ka batla ho ba lelapeng la sebele.” Joale ho hlakile hore malapa a sa tsamaeeng hantle a ka rala motheo oa hore mocha a ime. Lenaneo le keneletseng le thusang bacha bao e seng e le bo-’mè le fumane hore hangata bacha bao ba na le “kamano e sa tsitsang hantle le bo-’m’a bona ’me ha ba na kamano ho hang le bo-ntat’a bona.” Anita, eo e ileng ea e-ba ’mè ha a le lilemo li 18, oa hopola hore le hoja ’mè oa hae a ne a sebetsa ka thata ho ba hlokomela linthong tsa nama, o ne a ntse a utloa sekheo se bakiloeng ke ho ba sieo ha ntate oa hae.
Banana ba bang e ba bo-’mè ba sa nyaloang ka lebaka la ho betoa. Ho ba bang ba bona, ho sithabela maikutlong ho bonahala ho ba bakela bohloko bo boholo ba maikutlo boo hamorao bo ka bonahalang ka tsela eo ba itšoarang ka eona e kotsi. Ka mohlala, Jasmine o ile a betoa ha a le lilemo li 15. Oa hopola: “Ka mor’a moo, ha kea ka ka hlola ke tsotella bophelo ba ka. Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka ima.” Ho hlekefetsoa ka ho kopanela liphate le hona ho ka etsa hore motho a be le maikutlo a hore ha a sa na thuso. Jasmine oa lla: “Ha ho mohla ke ileng ka ikutloa ke e-na le thuso ea letho.” Anita o ile a feta boemong bo tšoanang: “Ha ke le lilemo li 7 ho ea ho tse 11, mocha e mong o ile a ntlhekefetsa ka ho kopanela liphate. Ke ne ke itlhoile. Ke ne ke ipeha molato.” O ile a ima ha a le lilemo li 17.
Ka lehlakoreng le leng, bacha ba bang ba oela ka lebaka la ho itšepa ho tlōla le ka lebaka la bohelehele. Nicole ea qotsitsoeng sehloohong se ka pele ho sena, oa lumela: “Ke ne ke nahana hore ke na le likarabo tsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hore nka khona ho etsa ntho leha e le efe. Ka bomalimabe, ke ile ka khona le ho etsa ngoana.” Carol, eo le eena e ileng ea e-ba ’mè ea sa nyaloang a sa le monyenyane, o ile a kopanela liphate hore feela a tsebe hore na ho joang. O re, “Ke ne ke nahana hore ho na le lintho tse mphetang.”
Ho se tsebe liphello tsa ho kopanela liphate le hona hoa tlatsetsa. Ho latela setsebi sa kahisano, Karen Rowlingson le Stephen McKay, bacha ba bang Brithani “ha ba na tsebo e nepahetseng ka . . . hore na ba lokela ho lebella eng litabeng tsa marato le hore na ha e le hantle ho ima ho bolela eng.” Ho bonahala bacha ba bang ba sa kopanye taba ea ho kopanela liphate le ho ima. Phuputsong e ’ngoe, bacha bao e seng e le bo-’mè “hangata ba ile ba tlaleha kamoo ba ileng ba tšoha kapa ba makala ha ba fumana hore ke baimana esita le hoja ba ne ba sa sebelise lithibela-pelehi.”
Leha ho le joalo, maikutlo a fetohileng ka ho kopanela liphate ke ’ona a nang le tšusumetso e khōlō ho imeng ha bacha. Re phela nakong eo batho e leng “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1-4) Bafuputsi ba Maaustralia, Ailsa Burns le Cath Scott ba re “sechaba, malumeli le moruo, li ’nile tsa nyehlisa ho khalemeleng ho kopanela liphate ka ntle ho lenyalo.” Ho ba le ngoana oa matšeo ha ho sa na sekhobo se tšoanang le se kileng sa e-ba teng nakong e fetileng. Ha ho makatse hore libakeng tse ling, bacha ba ka ba ba talima ho ba le ngoana e le khau e itseng kapa letšoao le itseng la bophahamo!
Liphello Tse Bohloko Maikutlong
Linnete tsa ho ba ’mè u sa le mocha li fapane hōle le litoro tsa bocha. Hang ha ba tseba hore ba imme, hangata banana ba ferekana ka ho feletseng maikutlong. Ba bangata baa lumela hore ba ile ba ikutloa ba tšohile kapa ba tsielehile. American Academy of Child and Adolescent Psychiatry, e re: “Ka tloaelo karabelo e ba ho tlala bohale, ho ikutloa motho a le molato le ho hana ho amohela boemo.” Leha ho le joalo, ho hana ho amohela boemo ho ka ba kotsi, kaha ho ka thibela ngoanana hore a lule a ea ngakeng.
Elvenia o hopola nako eo a ileng a tobana le liphello tsa seo a neng a nahana hore ke “monate” ha a kopanela liphate, ’me o re: “Ke ile ka tšoha haholo.” Banana ba bangata ba immeng ha ba na motho eo ba ka tšollelang lifuba tsa bona ho bona kapa ba hlajoa ke lihlong haholo hore ka ba bua ka boemo ba bona. Ha ho makatse ke hona hore ebe ba bang ba imeloa ke maikutlo a ho ba molato le ho khebethoa ke letsoalo. Bacha ba bangata ba immeng ba boetse ba tepella maikutlong haholo. Jasmine o re: “Ke ne ke sa tsotelle le ho tsotella ka ho phela, ke ne ke se na taba le ha nka shoa.”a
Ho sa tsotellehe hore na ngoanana o itšoara joang qalong, qetellong o tla tlameha ho iketsetsa liqeto tse ngata tse tebileng bakeng sa hae le ngoana oa hae. Sehlooho se latelang se tla tšohla hore na banana ba ka etsa liqeto tse joalo ka bohlale joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo buang ka ho sebetsana ka katleho le maikutlo a ho ipolaea, bona lihlooho tse Tsoheng! ea November 8, 2001.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Ho Ima ha Bacha—Linnete Tse Tšosang
Le hoja boitsebiso bo latelang bo hlalosa boemo ba United States, bo senola linnete tse ling tse tobaneng le bacha ba baimana lefatšeng ka bophara.
● Banana ba bane ho ba bang le ba bang ba leshome e ba baimana pele ba e-ba le lilemo tse 20—bacha ba fetang 900 000 e ba baimana selemo le selemo.
● Karolo ea 40 lekholong ea bacha bao e seng e le bo-’mè ke ea ba e-s’o ka ba tšoara selemo sa bo18.
● Bana bao batsoali ba bona e sa ntseng e le bacha lilemong ba kotsing e khōlō ea ho hlekefetsoa le ho hlokomolohuoa ho feta bana bao batsoali ba bona e seng e le batho ba baholo.
● Ke feela bo-’mè ba bane ho ba leshome ba e-s’o tšoare selemo sa bo18 ba qetang sekolong se phahameng.
● Hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea bo-ntate ba bana bana ha ba nyale bo-’m’a bona.
● Ke karolo ea 30 lekholong feela ea banana ba ileng ba nyaloa ka mor’a hore bana ba bona ba hlahe ba ntseng ba le lenyalong leo; manyalo a bacha a na le menyetla e imenneng habeli ea ho qhalana ho feta a basali ba nyetsoeng bonyane ba e-na le lilemo tse 25.
● Masea ao bo-’m’a ’ona e sa ntseng e le bacha a na le menyetla e mengata ea ho hlaha pele ho nako le ho hlaha a e-na le boima bo fokolang haholo ba ’mele, e leng ntho e eketsang menyetla ea hore lesea le hlokahale, le foufale, le se utloe litsebeng, le be le mathata a sa foleng a amanang le ho hema, le ho holofala bokong, le be le lefu la kelello, letoope, bothata ba ho hlōleha ho bala le ho ba mafolofolo a feteletseng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Boitsebiso bona bo nkiloe ho Not Just Another Single Issue: Teen Pregnancy Prevention’s Link to Other Critical Social Issues, The National Campaign to Prevent Teen Pregnancy, February 2002.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho Ima ha Bacha Lefatšeng ka Bophara
BRAZIL: Ho latela tlaleho, “banana ba 698 439 ba ka tlaase ho lilemo tse 19, ka 1998 ba ile ba pepa ka thuso ea Tsamaiso ea Tsa Bophelo ea Brazil . . . ba 31 857 ba banana bana e ne e le bana ba pakeng tsa lilemo tse 10 le tse 14, e leng lilemo tseo le uena u tla lumela hore e ne e sa le masea hore ba ka ba le bana.”—Folha de S. Paulo, la 25 August, 1999.
BRITHANI: “Brithani e na le palo e phahameng ka ho fetisisa ea bacha ba bang le bana Europe Bophirimela . . . Ka 1997, Engelane, bacha ba ka bang 90 000 ba ile ba ima. Ka khakanyetso, banana ba bararo ho ba bahlano ba ileng ba ima ba ile ba ba le bana (56 000), ’me karolo ea 90 lekholong ea bacha ba bileng le bana ka 1997 e ne e le ea bacha ba sa nyaloang (ba ka bang 50 000).”—Lone Parent Families, 2002.
MALAYSIA: “Bana ba matšeo naheng ena ba eketsehile haholo ho tloha ka 1998, ’me boholo ba bo-’mè ba bona ke ba neng ba se ba le haufi le ho ba le lilemo tse 20.”—New Straits Times–Management, la 1 April, 2002.
RUSSIA: “Ho latela lipalo-palo tsa ’Muso, hoo e ka bang ngoana a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ba hlahileng Russia selemong se fetileng ke ngoana oa ’mè ea sa nyaloang, e leng keketseho e imenneng habeli ha e bapisoa le lilemong tse leshome tse fetileng ’me e le ka lebelo le e-s’o ka le bonoa esale Ntoa ea II ea Lefatše e lala. Ba fetang karolo ea 40 lekholong ea bana bana ke ba tsoetsoeng ke bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20.”—The Moscow Times, la 29 November, 2001.
UNITED STATES: “Ho sa tsotellehe ho fokotseha ha palo ea bacha ba imang morao tjena, banana ba bane ho ba leshome bonyane ba ima hanngoe pele ba ka ba le lilemo tse 20.”—Whatever Happened to Childhood? The Problem of Teen Pregnancy in the United States, 1997.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ha batsoali ba arohana, monyetla oa hore bacha ba ime oa eketseha
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho bonahala bacha ba bang ba sa kopanye taba ea ho kopanela liphate le ho ima
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho ima ho utloisa ngoanana bohloko bo boholo hammoho le ba mo ratang