Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 10/8 maq. 8-11
  • Ho Tobana le Mathata a ho ba ’Mè U sa le Mocha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tobana le Mathata a ho ba ’Mè U sa le Mocha
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tobana le Liphephetso
  • U ka Atleha
  • Ho Ima ha Bacha—Ke Eng Seo Ngoanana a Lokelang ho se Etsa?
    Tsoha!—1990
  • Bo-’mè ba sa Nyaloang ba ka Sebetsana ka Katleho le Boemo Boo ba Leng ho Bona Joang?
    Tsoha!—1994
  • Ho Thusa le ho Sireletsa ba Banyenyane
    Tsoha!—2004
  • Bo-ntate ba Iphang Limenyane—Na ba ka Hla ba Balehela Ruri?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 10/8 maq. 8-11

Ho Tobana le Mathata a ho ba ’Mè U sa le Mocha

HO IMA ha bacha, ho ba imetsa ka moroalo oa ho etsa liqeto tsa batho ba baholo. Mocha e mong eo e seng e le ’mè, o re: “Ke ikutloa eka ke na le lilemo tse 40. Ke lahlehetsoe ke bongoana ba ka kaofela.” Ka sebele, ka mor’a hore ngoanana a tsebe hore o imme, a ka ’na a apareloa ke tšabo le ho tšoenyeha.

Haeba u mocha ea immeng, le uena u ka ’na ua ikutloa joalo. Leha ho le joalo, ha u finyelle letho ka ho lula u llela lebese le qhalaneng. Bibele e re: “Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.” (Moeklesia 7:8; 11:4) Sehoai se tšoaroang matsoho ke ho tšoenyeha ka boemo ba leholimo se ke ke sa nka bohato bo hlokahalang. Le uena qoba ho itšoara matsoho. Qetellong u ntse u tla tlameha ho tsoela pele le bophelo ’me u jare boikarabelo ba hao.—Bagalata 6:5.

U na le khetho efe? Ba bang ba ka ’na ba re u nahanele ho ntša mpa. Empa ena hase khetho e ka lateloang ke ba batlang ho thabisa Molimo, kaha Bibele e hlakisa hore ho ntša mpa ho khahlanong le molao oa Molimo. (Exoda 20:13; 21:22, 23; Pesaleme ea 139:14-16) Mahlong a Molimo, lesea le sa tsoa emoloa—esita le le emoletsoeng matšeong—ke la bohlokoa.

Ho thoe’ng ka ho nyaloa ke ntate oa ngoana ebe le mo hōlisa hammoho? U ka ’na ua nahana hore ho nyaloa ho tla u sireletsa masoabing. Empa esita leha ntate ea sa leng monyenyane a ikutloa a e-na le boikarabelo ba ho u thusa ho hōlisa ngoana, hase kamehla lenyalo e leng khetho e bohlale.a Taba ea hore mohlankana o khonne ho etsa ngoana ha e bolele hore o se a tsitsitse ka ho lekaneng maikutlong le kelellong hore e ka ba monna ea molemo le ntate ea molemo. Hape ha ho bolele hore o se a ka phelisa mosali le bana ka lichelete. Ho feta moo, haeba mohlankana oa hao e se molumeli-’moho le uena, ho kena lenyalong le eena ho ka hanana le keletso ea Bibele ea hore u nyaloe “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Phihlelo e bontša hore ho potlakela lenyalo pele ho nako—leo e ka ’nang ea e-ba la nakoana—ho ka fella ka bohloko le mahlomola a eketsehileng.

Ho thoe’ng ka taba ea ho fana ka ngoana? Le hoja sena se le molemo ho feta ho ntša mpa, u lokela ho nahanela taba ea hore ho sa tsotellehe maemo a thata ao u leng ho ’ona, u na le monyetla oa ho hlokomela le ho hōlisa ngoana oa hao.

Ho Tobana le Liphephetso

Bonneteng, ha ho bonolo ho hōlisa ngoana u se na molekane. Leha ho le joalo, ha u latela melao-motheo ea Bibele ka hohle kamoo u ka khonang, le ha u tšepa Molimo hore a u fe matla le tataiso, u ka tobana le liphephetso tse ngata ka katleho. U ka nka mehato e latelang e tla u thusa hore u tobane le boemo ka katleho.

● Lokisa kamano ea hao le Molimo. Hlokomela hore ho kopanela liphate pele ho lenyalo ke sebe ho Molimo—tlōlo ea molao khahlanong le litekanyetso tsa hae tse phahameng tsa boitšoaro. (Bagalata 5:19-21; 1 Bathesalonika 4:3, 4) Ka hona, mohato oa pele oa bohlokoa ke ho baka le ho kōpa tšoarelo ho Molimo. (Pesaleme ea 32:5; 1 Johanne 2:1, 2) Ke ’nete hore u ka ’na ua ikutloa u sa tšoaneloe ke thuso ea hae. Empa Jehova o tšepisa hore o tla tšoarela le ho thusa ba bakelang libe tsa bona. (Esaia 55:6, 7) Ho Esaia 1:18, Jehova o re: “Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta [tse boima, tse tebileng], li tla soeufala joaloka lehloa [li tla hloekisoa ka ho feletseng].” Bibele e boetse e khothalletsa bafosi hore ba amohele thuso ea moea e fanoang ke baholo ba khethiloeng ba phutheho.—Jakobo 5:14, 15.

● Khaotsa ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Sena se bolela hore u tlameha ho khaotsa kamano eo u nang le eona le ntat’a ngoana. Ho tsoela pele le kamano e joalo u sa nyaloa ho tla u pepesetsa khatellong ea hore u tsoele pele le boitšoaro bo sa khahliseng Molimo. Le ka mohla u se ke ua lebala hore molao oa Molimo, le hoja o le thata, o molemong oa ho re sireletsa. Nicole ea qotsitsoeng pejana letotong la lihlooho tsena oa hopola: “Ke ile ka lemoha hore Molimo o nepile. O batla hore re rue molemo.”—Esaia 48:17, 18.

● Bolella batsoali ba hao. Ke ka nepo u ka tšabang hore batsoali ba hao ba tla u koatela. Ke ’nete hore ba tla halefa le ho tšoenyeha ha ba utloa hore u imme. Ba ka ba ba ’na ba ikutloa eka ho na le moo ba fositseng teng joaloka batsoali ’me ba ipeha molato ka boitšoaro ba hao bo bobe. Empa haeba batsoali ba hao ba tšaba Molimo e le kannete, maikutlo a matla a ho utloa bohloko le ho hlomoha a tla feta ha nako e ntse e tsamaea. Ke batsoali ba hao, ’me ho sa tsotellehe liphoso tsa hao, baa u rata. Ha ba lemoha hore u fela u bakile, ha ho pelaelo hore ba tla susumelletseha hore ba etsise ntate oa mora ea lehlasoa ’me ba u tšoarele ka lerato.—Luka 15:11-32.

● Bontša kananelo. Batsoali, beng ka uena le metsoalle, hangata e ba mohloli o moholo oa ho u thusa le ho u tšehetsa. Ka mohlala, batsoali ba hao ba ka ’na ba lokisetsa hore u fumane tlhokomelo ea lingaka. Ka mor’a hore ngoana oa hao a hlahe, ba ka ’na ba u thusa hore u tsebe mekhoa ea ho hlokomela lesea; ba ka ba ba sala le lona. Nicole o re ka ’mè oa hae, “Ke ’na ea neng a e-na le ngoana, empa o ile a nthusa haholo.” Metsoalle le eona e ka thusa, mohlomong ka bohlale ea fana ka liphahlo tsa ngoana le lintho tse ling tse ka thusang haholo. (Liproverbia 17:17) Ha u bontšoa mosa, latela keletso ea Bibele ’me ‘u iponahatse u le ea lebohang.’ (Bakolose 3:15) Ho ba bolella kamoo u ananelang thuso ea bona kateng ho ka etsa hore batho bao ba se nahane hore ha u tsotelle liketso tsa bona tse lerato.

● Ithute mesebetsi ea ho ba motsoali. Ho hlakile hore ha u batle ho itšetleha ka lelapa leno le metsoalle ho ea ho ile. Ka hona, qala ho ithuta lintho tse tla u thusa hore u tsebe ho hlokomela ngoana oa hao le ho etsa mesebetsi ea lelapa. Ha ho bonolo ho ithuta ho hlokomela motho ea nang le litlhoko tse ngata joalo. Ho na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li tseba ka phepo e nepahetseng, bophelo le lintho tse ling ka lesea la hao. Hoa thahasellisa hore ebe Bibele e khothalletsa basali ba hōlileng ba Bakreste hore ba khothalletse basali ba banyenyane hore e be “basebetsi malapeng.” (Tite 2:5) Ha ho pelaelo hore ’mè oa hao—mohlomong le litho tse ling tse hōlileng tsa phutheho ea Bokreste—li ka u fa koetliso ea bohlokoa tabeng ena.

● Sebelisa chelete ka bohlale. Bibele e re ‘chelete ke tšireletso.’ (Moeklesia 7:12) Ho ba teng ha ngoana ho tla hloka chelete e ngata.

Pele ho tsohle, u ka ’na ua rata ho fumana thuso ea sechaba eo u tšoanelehang hore u e fumane. Leha ho le joalo, hangata banana ba ntse ba tlameha ho itšetleha ka batsoali ba bona licheleteng. Haeba u boemong bo joalo, e tla ba bohlale le ho bontša ho nahanela hore u fokotse litšenyehelo ka hohle kamoo ho ka khonehang. Le hoja ho se pelaelo hore u ne u ka rata ho rekela ngoana oa hao lintho tse ncha, mohlomong u ka boloka chelete ka ho reka lintho mabenkeleng a lintho tse kileng tsa sebelisoa kapa tse rekisoang malapeng.

● Leka ho fumana thuto e itseng. Liproverbia 10:14 e re: “Ba bohlale ke bona ba bolokang tsebo.” Le hoja sena e le ’nete haholo tsebong ea Bibele, ke ’nete le thutong ea lefatše. U lokela ho ithuta lintho tse itseng hore u tsebe ho iphelisa.

Ke ’nete hore ho thata ho ea sekolong ha ka nako e tšoanang u hlokometse ngoana. Empa ho hloka thuto ea motheo ho ka etsa hore uena le ngoana oa hao le phele bofutsaneng, le lule le itšetlehile ka thuso ea ’muso, u sebeletsa chelete e fokolang, le se na bolulo bo botle kapa le haelloa ke phepo e nepahetseng. Ka hona, haeba ho le matleng a hao, tsoela pele u ea sekolong. ’Mè oa Nicole o ile a tsitlella hore a qete sekolo, ka hona, hamorao Nicole o ile a fumana koetliso ea ho ba motlatsi oa leqoetha, e leng ho ileng ha mo thusa hore a iphelise.

Ke hobane’ng ha u sa etse lipatlisiso tsa hore na ke menyetla efe ea thuso e fumanehang? Haeba ho le thata ho ea sekolong, u ka ’na ua batlisisa hore na u ka khona ho ithutela hae na. Ka mohlala, ho ithuta ka ngollano ho ka ’na ha ipaka ho sebetsa boemong ba hao.

U ka Atleha

Ho hōlisa ngoana oa matšeo ho boima ho ngoanana ea sa leng monyenyane. Empa u ntse u ka atleha! Ka mamello, boikemisetso le thuso ea Jehova Molimo, u ka ba motsoali ea lerato, ea nang le tsebo le ea tšoanelehang. ’Me bana ba bo-’mè ba sa nyaloang ba ka hōla ea e-ba batho ba baholo ba atlehileng. U ka ba ua thabela ho bona ngoana oa hao a amohela khōliso le koetliso ea hao ’me e e-ba ea ratang Molimo.—Baefese 6:4.

Nicole o beha taba tjena: “Ka thuso ea Molimo—le hoja ho ne ho bonahala ho le lerootho—ke thabetse ho thusa moralinyana oa ka hore e be moroetsana ea mosa, ea hlomphang le ea nang le boikarabelo. Ha ke mo sheba, ke hopola masiu ao ke neng ke sa robale ka ’ona, empa hape ke tlala thabo.”

Empa batho ba baholo ba lokela ho tšoara bacha bao e seng e le bo-’mè, hammoho le bana ba bona joang? Hona na li sa tloha, ho na le tsela ea ho thusa bacha hore ba qobe ho ima ba sa le banyenyane?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Taba e tšohlang boikarabelo le liphephetso tseo bo-ntate ba banyenyane ba tobanang le tsona e ka fumanoa sehloohong sa “Bacha Baa Botsa . . . ” tokollong ea Tsoha! ea May 8, 2000, le ea June 8, 2000.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Bacha bao e seng e le bo-’mè ba tobane le liphephetso tse ngata tsa ho hōlisa bana ba bona

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho potlakela lenyalo pele ho nako hase tharollo

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Baholo ba Bakreste ba ka thusa bacha ba fositseng hore ba lokise kamano ea bona le Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ho molemo hore bo-’mè ba sa nyaloang ba qetele thuto ea bona ea motheo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela