Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 10/8 maq. 22-27
  • Khetho e Sabaletse, ho Sala Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khetho e Sabaletse, ho Sala Lipotso
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lihlopha Tsa Malumeli li Re’ng?
  • Ho Ameha Eng?
  • Na Kamano ea Lenyalo e Tla Ameha?
  • Ho Thoe’ng ka ho se Tsebe ba Nehelang?
  • U Tla Etsa Qeto Efe?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Bongata ba Masea ka Thuso ea Hore Batho ba Khone ho ba le Bana
    Tsoha!—2004
  • Bophelo ba Motho bo Simoloha Neng?
    Tsoha!—1990
  • Ho Nkela Mosali e Mong Sebaka sa Bomme Na ho Loketse Bakreste?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 10/8 maq. 22-27

Khetho e Sabaletse, ho Sala Lipotso

Nahana ka mesarelo e meholo ea banyalani ba batlang ngoana ka pelo ea bona kaofela empa ba hloka thari. Ba batla thuso ea lingaka ’me ba fumana hore ho na le litsela tse ngata le liphekolo tse ngata tse fumanoeng ho hlōla bothata ba ho hloka thari. Haeba ba khetha e ’ngoe, na ho na le taba hore na ke efe?

KAJENO banyalani ba hlokang thari ba na le khetho e sabaletseng e neng e le sieo lilemo tse mashome a seng makae tse fetileng. Empa ho na le potso e tebileng e tsamaeang le likhetho tsena, Mekhoa ee ea ho thusa ba hlokang thari hore ba fumane bana e talingoa joang sechabeng le ho latela litekanyetso tsa boitšoaro? Leha ho le joalo, pele re tšohla seo, a re hlahlobeng hore na lihlopha tse fapaneng tsa malumeli li nka phekolo e joalo joang.

Lihlopha Tsa Malumeli li Re’ng?

Ka 1987, Kereke e K’hatholike e ile ea ntša tokomane e buang ka boitšoaro bo amanang le mehato ea ho thusa batho hore ba be le thari. Polelo e tsejoang e le Donum Vitae (Mpho ea Bophelo), e ile ea bolela hore haeba phekolo e thusa banyalani hore ba atlehe ho emola lesea ha ba kopanetse liphate, phekolo eo e ea amoheleha. Ka lehlakoreng le leng, eona tokomane eo e boletse hore haeba phekolo e nkela ho kopanela liphate sebaka, joale e fosahetse. Ho latela pono ena, tšebetso ea ho buuoa hore ho lokisoe tselana e kibaneng le ho noa meriana e thusang motho hore a be le matla a ho ba le ngoana ho ne ho tla amoheleha, empa ho emolisa lehe ka ntle ho pōpelo ho ne ho ke ke ha amoheleha.

Selemong se latelang, U.S. Congressional committee e ile ea etsa lipatlisiso lihlopheng tsa malumeli hore na tsona li nka phekolo e thusang batho hore ba be le thari joang. Qetellong tlaleho e ile ea bontša hore boholo ba tsona li amohela mekhoa e tloaelehileng ea phekolo, ho kopanya peō ea monna le lehe la mosali ka tsela eo e seng ea tlhaho le ho emolisa lehe ka ntle ho pōpelo, hafeela lehe le peō e le tsa monna le mosali ba nyalaneng. Ho feta moo, bongata ba lihlopha tseo ho entsoeng lipatlisiso ho tsona li boletse hore ho senya mahe a emolisitsoeng, ho emolisa lehe ka tsela eo e seng ea tlhaho ho sebelisoa lehe kapa peō ea motho e mong osele, le hore mosali e mong a ime bakeng sa e mong, kaofela ke litsela tse fosahetseng.a

Ka 1997, European Ecumenical Commission for Church and Society (EECCS), e leng sehlopha sa litho tsa likereke tsa Prostanta, Chache le Orthodox, se ile sa bontša tokomaneng e buang ka maikutlo a bona hore ho na le maikutlo a sa tšoaneng har’a bona tabeng ea mekhoa e sebelisoang ho thusa batho hore ba be le bana. Ha e hatisa taba ea hore letsoalo la motho le boikarabelo ba hae lia ameha, pampiri eo e itse: “Se boleloang ke hore ho thata ho fumana hantle hore na litho tsa likereke tsa EECCS li ikutloa joang tabeng ena. Ha e le hantle, ho na le maikutlo a mangata a fapaneng.”

Ho hlakile hore maikutlo a batho a fapane haholo tabeng ea mekhoa e sebelisoang ho thusa batho hore ba be le bana. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo oa Machaba a Kopaneng oa lumela hore mekhoa e sebelisoang ho thusa batho hore ba be le bana “kamehla e phahamisa lipotso tse amang tloaelo ea sechaba, litekanyetso tsa boitšoaro hammoho le tsamaiso ea molao.” Ke lintho life tseo batho ba lokelang ho li nahanela pele ba etsa qeto ea ho sebelisa phekolo e ba thusang hore ba be le ngoana?

Ho Ameha Eng?

Taba ea sehlooho e lokelang ho nahaneloa ke boemo ba lehe le emolisitsoeng la motho. Sena se lebisa potsong ea bohlokoa, Bophelo bo simoloha neng—kemolong kapa hamorao nakong ea boimana? Ha ho potang hore karabo e ka ama qeto e tla etsoa ke banyalani ba bangata tabeng ea hore na ba sebelise phekolo efe. Ka mohlala, haeba ba lumela hore bophelo bo simoloha ha lehe le emolisoa, joale ho na le lipotso tsa bohlokoa tse lokelang ho tšohloa.

● Na banyalani ba lokela ho lumella lingaka hore li latele mokhoa o tloaelehileng oa ho emolisa mahe a ’maloa kapa ho kenya a mangata ka pōpelong ka tsela eo e seng ea tlhaho, ebe mahe a mang a emolisitsoeng a behoa polokelong bakeng sa nako e tlang?

● Ho tla etsahala’ng ka mahe ao a emolisitsoeng haeba banyalani ba se ba sa khone kapa ba sa batle ho ba le ngoana e mong hape?

● Ho tla etsahala’ng ka mahe ao a emolisitsoeng haeba banyalani ba hlalana kapa e mong oa bona a e-shoa?

● Ke mang ea tla jara boikarabelo bo boima ba ho senya mahe ao a emolisitsoeng?

Ho ke ke ha nkoa taba ea ho senya mahe a emolisitsoeng a sa sebetseng kapa a behiloeng polokelong ea ’ona habobebe feela tjee. Linaheng tse ling ho na le methati e lateloang ea molao e tlamang banyalani hore ba ngole fatše takatso ea bona, ba hlalose ka ho hlaka hore na ho etsoe eng ka mahe a emolisitsoeng a sa hlokahaleng—hore na a lokela ho bolokoa, ho fuoa ba ka a hlokang, a sebelisoe ha ho etsoa lipatlisiso kapa a senngoe. Banyalani ba lokela ho hlokomela hore libakeng tse ling, hoa amoheleha hore tleliniki ea thari e senye mahe a emolisitsoeng ntle le tumello e ngotsoeng ke beng ba ’ona haeba a ka tloheloa lilemo tse fetang tse hlano polokelong ea ’ona. Kajeno litleliniki lefatšeng ka bophara li hoamisitse mahe a emolisitsoeng a likete li makholo ka lihatsetsing.

Ntho e ’ngoe e lokelang ho nahaneloa ke ea hore banyalani ba ka ’na ba kōptjoa ka matla hore ba nehelane ka mahe a bona a emolisitsoeng hore ho etsoe lipatlisiso liseleng tsa ’ona tsa pele. Ka mohlala, Mokhatlo oa Amerika oa ho Hloka Thari o ile oa khothalletsa banyalani hore ba nehelane ka mahe a bona a emolisitsoeng, a behiloeng polokelong hore ho etsoe lipatlisiso ka ’ona. Morero o mong oa ho etsa lipatlisiso ka lisele tsa pele ke ho fumana mekhoa e mecha ea ho phekola mafu. Empa lipatlisiso tsa mofuta ona li ’nile tsa tsosa khang e khōlō kaha mehato e nkoang ea ho ntša lisele tsa pele ha ho etsoa lipatlisiso, ha e le hantle e senya lehe le emolisitsoeng.b

Litheknoloji tse ling tse ncha tse amanang le liphatsa tsa lefutso le tsona li hlahisa lipotso tsa bohlokoa tabeng ea boitšoaro. Ka mohlala, nahana ka ho hlahloba boemo ba lehe le emolisitsoeng pele le ka kenngoa pōpelong ea ’mè. (Bona lebokose “Ho Thoe’ng ka ho Hlahlojoa ha Liphatsa Tsa Lefutso Leheng le Emolisitsoeng Pele le Kenngoa ka Pōpelong?”) Mokhoa ona o ama ho hlahloba liphatsa tsa lefutso tsa mahe a emolisitsoeng ebe joale ho khethoa le le leng—mohlomong la ngoanana kapa la moshanyana, kapa le se nang phatsa ea lefutso e ka bakang lefu le itseng—hore e be lona le kenngoang pōpelong. Ba tšoaeang liphoso ba lemosa hore mokhoa ona oa ho hlahloba boemo ba lehe pele le kenngoa ka pōpelong o ka lebisa ho khetholleng banana kapa bashanyana, kapa o ka ba oa etsa hore qetellong banyalani ba ikhethele hore na ba batla hore bana ba bona ba ba futse ka eng, ho kopanyelletsa le ’mala oa moriri kapa oa mahlo. Mokhoa ona oa ho hlahloba lehe le emolisitsoeng pele le kenngoa pōpelong o phahamisa potso ea bohlokoa, Ho etsahala’ng ka mahe a emolisitsoeng a sa khethoang?

Na Kamano ea Lenyalo e Tla Ameha?

Ha ho hlahlojoa mefuta e meng ea phekolo ea ho hloka thari, ho na le ntlha e ’ngoe e lokelang ho nahaneloa. Ho imeloa lesea ke mosali e mong kapa ho sebelisa peō ea monna e mong kapa lehe la mosali e mong ho tla ama kamano ea lenyalo joang? Mekhoa e meng e ka ba ea sebelisa motho oa boraro kapa oa bone, esita le oa bohlano (peō ea monna osele le lehe la mosali osele li hōlisetsoa ka pōpelong ea mosali osele) ho thuseng batho hore ba be le ngoana.

Mabapi le phekolo e akarelletsang ho sebelisa lisele tsa peō le tsa lehe tsa motho e mong, batho ba amehang ba lokela ho nahana ka lintlha tse ling hape.

● Ho tla ba le liphello life tsa maikutlo tsa nako e telele ho batsoali ha ngoana e le oa motsoali a le mong—kapa e se oa bona ka bobeli?

● Mora kapa morali o tla itšoara joang ha a tseba hore o bile teng ka litsela tse sa tloaelehang joalo?

● Na ngoana o lokela ho tsebisoa batsoali ba hae ba sebele ’me a lumelloe ho batla ntat’ae kapa ’m’ae ea mo emotseng?

● Litokelo tsa botho le tsa molao hammoho le boikarabelo ba motho a le mong kapa ho feta ba nehelaneng ka ho itseng hore ngoana a tsoaloe ke life?

Ho Thoe’ng ka ho se Tsebe ba Nehelang?

Linaheng tse ngata leano ke hore batho ba nehelanang ka ho itseng ba se ke ba tsejoa. Mokhatlo o Laolang Tsa Kemolo le Mahe a Emolisitsoeng, o laolang tšebeliso ea lintho tse amang ho thusa motho ho emola Brithani, oa hlalosa: “Ntle leha batho ba tsebanang ba lumellana hore e mong o tla nehelana ka ho itseng bakeng sa e mong, batho ba nehelang hona joale le ba nehetseng nakong e fetileng ba tla lula ba sa tsejoe ke banyalani ba filoeng mahe kapa peō, ’me le bana ba ka hlahang ka thuso ea phekolo eo ba ke ke ba ba tseba.”

Empa libakeng tse ling ho tsohile khang e khōlō ka leano lena la ho se tsebe hore na batho ba nehetseng ke bafe. Linaha tse ’maloa li fetotse maano kapa melao ea tsona ho latela boemo. Ba khahlanong le leano lena la ho se tsebe ba nehetseng ba hatisa taba ea hore bana ba tlameha ho tseba ka ho feletseng hore na ba tsoa hokae. Tlaleho e ’ngoe e re: “Karolo e ka holimo ho 80 lekholong ea batho ba ileng ba hōlisoa ke batsoali bao e seng ba bona ba batla ho tseba beng ka bona ba tlhaho, ’me boholo ba bona ke ho khotsofatsa tabatabelo eo e leng khale ba e-na le eona ea ho tseba hore na hantle-ntle ba tsoa hokae, e leng ntho eo batho ba bangata ba ratang ho e tseba. Hoo e ka bang karolo ea 70 lekholong e batla ho fumana boitsebiso ba bohlokoa ba lefutso le itseng la bokuli leo ba ka ’nang ba le futsa ho batsoali ba bona ba tlhaho.”

Tlaleho e ’ngoe, e thehiloeng puisanong e ileng ea e-ba teng bathong ba baholo ba 16 ba emotsoeng ka lehe kapa peō e fanoeng ke motho e mong, e ile ea sibolla hore “ba bangata ba ile ba haroha letsoalo ha ba tseba hore na ba bile teng joang.” Tlaleho eo e ile ea phaella: “Bana ba bangata ba ile ba tobana le bothata ba ho tseba hore na hantle ba oela kae le ho ikutloa ba lahliloe kherehloa. Ba ne ba ikutloa ba qhekeletsoe ’me ha ba tšepe malapa a bo bona.”

U Tla Etsa Qeto Efe?

Ha ho pelaelo hore lefapha la bongaka le tla ntšetsa pele mekhoa ea ho thusa batho hore ba khone ho ba le bana. Ba bang ba noha hore nakong e tlang, karolo ea 30 lekholong ea bana bohle ba hlahang e tla be e le ka thuso ea theknoloji ena. Khang e mabapi le se amohelehang le litekanyetso tsa boitšoaro e tla ’ne e tsoele pele ho ba teng.

Bakreste ba ’nete ba tataisoa ke ho nahana ka ntho e ’ngoe ea bohlokoa le ho feta—e leng maikutlo a ’Mōpi oa rōna, eena ea lokiselitseng hore bana ba tsoaloe. (Pesaleme ea 36:9) Ke ’nete hore Bibele ha e bue ka ho toba ka mekhoa ea morao tjena ea ho thusa batho hore ba be le bana, kaha mekhoa eo e ne e le sieo mehleng ea Bibele. Leha ho le joalo, Bibele e behile ka ho hlaka melao-motheo e bontšang hore na Molimo o ikutloa joang tabeng ena. (Bona lebokose le reng “Bibele e Re’ng?”) Melao-motheo e joalo e re thusa hore re etse liqeto tse amohelehang le tse sa hananeng le litekanyetso tsa boitšoaro le tse re sieang re e-na le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo.—1 Timothea 1:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Dikishinari e hlalosa mosali ea imang bakeng sa e mong “e le mosali eo hangata a imisoang ka tsela eo e seng ea tlhaho kapa ka ho buuoa ebe ho kenngoa lehe le emolisitsoeng pōpelong ea hae e le hore a ka ima a ba a pepa bakeng sa mosali e mong.”

b Bona letoto la lihlooho tlas’a sehlooho se reng “Stem Cells—Has Science Gone Too Far?” Tsoheng! (ea Senyesemane) ea November 22, 2002.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Bophelo Bo Simoloha Neng?

Polelo “pele lehe le emoloa” e buella nakong ea matsatsi a 14 ka mor’a hore lehe la mosali le peō ea monna li kopane empa lehe leo le e-s’o itlhome ka pōpelong. Ka mor’a moo, le bitsoa lehe le emolisitsoeng ho fihlela libeke tse robeli li fela. Ho tloha moo ho ea pele, lehe leo le se le bitsoa lesea le ka pōpelong. Ke hobane’ng ha ho sebelisoa polelo “pele lehe le emoloa”?

Ho latela International Journal of Sociology and Social Policy, lentsoe leo le ile la sebelisoa “e le motheo oa hore ho be le tumello ea ho etsa lipatlisiso leheng” nakong ea matsatsi a 14 ka mor’a hore le emoloe. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re: “Haeba motho a hlalosa lehe le emotsoeng e le moralo oo hamorao e tl’o ba lesea, hoo ho bolela hore tšimoloho ea lona ha e qale ho fihlela ka mor’a libeke tse peli lehe le kopane le peō ea monna.” Empa na lehe lee le emolisitsoeng le lokela ho nkoa e le feela lisele tse ngata tseo ho ka etsoang lipatlisiso ka tsona hafeela libeke tse peli li e-s’o fete? Nahana ka se hlileng se etsahalang nakong ena ea libeke tse peli.

Ka mor’a hore peō ea monna e phunyeletse leheng, ho nka nako e ka etsang lihora tse 24 hore li-chromosome tsa ntate le tsa ’mè li nyalane. Matsatsing a ’maloa a latelang, lisele li qala ho ikarola. Nakong ea matsatsi a mane kapa a mahlano ka mor’a hore lehe le peō li kopane, sehlopha sa lisele se qala ho ipōpa ho ba bolo e nang le lesoba (’me e ntse e le ka tlaase ho hloohoana ea phini) e bokeletseng lisele ka har’a eona ’me e koahetsoe ke leloapi. Ke boemong bona moo e manamang leboteng la pōpelo. Bongata ba lisele tsena tse entseng leloapi, e ke ke ea e-ba karolo ea lehe lena le emolisitsoeng. Empa sehlopha se ka hare sa lisele ke sona se tla bōpa lesea.

Hoo e ka bang beke ka mor’a hore lehe le emoloe, le qala ho itlhoma ka pōpelong. Le itšoarella pōpelong ’me le qala ho etsa phate ea ngoana, e leng moo ho tla ba le tselana ea oksijene le ea lijo e tsoang maling a ’mè le ho ntša litšila. Ho latela buka ea Incredible Voyage—Exploring the Human Body, hoo e ka bang ka letsatsi la borobong, lisele tse ka hare li qala “mosebetsi oa ho bōpa motho e mocha.” Ea phaella: “Lisele tseo tse ka bang 20 li lokela ho etsa mesebetsi e mengata ea ho ipōpa le ho ikarola ka nako ea matsatsi a ka bang mahlano kapa a tšeletseng, e le ho etsa moralo oa seo e tla ba lesea.” Ka hona, qetellong ea beke ea bobeli, “moralo” ona oo ho oona qetellong ho hlahang tsamaiso ea methapo e ka sehloohong, o qala ho hōla.

Ka lebaka la mehato ena e latellanang ho tloha ha lehe le qala ho emoloa, ba bang ba pheha khang ea hore “ha ho mohato leha o le mong kapa motsotso, oo ho ka thoeng ke hona moo bophelo ba lesea bo qalang.”

Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ba lumela hore bophelo bo qala kemolong. Taba ea hore sele ea pele e emotsoeng e ba le lenaneo la ho etsa hore ho be le phate ea ngoana, lehe le itlhome pōpelong, ’mè le lesea ba hokahane ka methapo ea mali le tse ling tse eketsehileng, e etsa hore ba ’ne ba hlolloe ke Moqapi enoa ea phahameng ka ho fetisisa, Jehova Molimo.

[Setšoantšo]

Lehe le sa tsoa emoloa ka mor’a matsatsi a mararo (le hōlisitsoe ka makhetlo a 400X)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of the University of Utah Andrology and IVF Laboratories

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]

HO THOE’NG KA HO HLAHLOJOA HA LIPHATSA TSA LEFUTSO LEHENG LE EMOLISITSOENG PELE LE KENNGOA KA PŌPELONG?

Tsoelo-pele e ncha ea ho emolisetsa mahe ka ntle ho pōpelo e akarelletsa ho hlahlojoa ha liphatsa tsa lefutso tsa mahe a emolisitsoeng pele a kenngoa ka pōpelong, ebe ho khethoa le le leng. Ha e bua ka makolopetso a amehang mokhoeng ona, buka ea Choosing Assisted Reproduction—Social, Emotional and Ethical Considerations e ea hlalosa:

“Haufinyane [litsebi tsa saense] li tla khona ho tseba litšobotsi tsa ’mele, bohlale, mohlomong le litšobotsi tsa maikutlo le tsa ho sebelisana le batho ba bang tsa lehe le emolisitsoeng. Kahoo, haufinyane batsoali ba tla khona ho khetha tse ling tsa litšobotsi tseo ba batlang hore bana ba bona ba be le tsona. ’Me le hoja batho ba bangata ba ne ba ka tšehetsa ho sebelisoa ha mokhoa ona oa ho khetha liphatsa tsa lefutso pele lehe le emolisitsoeng le kenngoa ka pōpelong bakeng sa batsoali ba tšoeroeng ke mafu a tšabehang, ba bangata ba ke ke ba tšehetsa theknoloji ena ho banyalani ba lakatsang ho ba le ngoana oa bong bo itseng—kapa nakong e tlang, ba batle ho ba le ngoana ea mahlo a maphatšoa, kapa ea nang le talenta ea ’mino kapa ea tla ba molelele.

“Joaloka litheknoloji tse ling, theknoloji ena ea ho hlahloba liphatsa tsa lefutso tsa lehe pele le kenngoa ka pōpelong, e hlahisa potso ea hore na, hore ntho e ka etsoa ho bolela hore e hle e etsoe na? . . . Pharela ke hore na ho tla behoa meeli kae—haeba e tla ke e behoe—tsoelo-peleng ena e phahameng ea theknoloji eo ho leng thata ho e thibela, ’me e le e ka ’nang ea baka mathata qetellong.”

[Lebokose le leqepheng la 26]

BIBELE E RE’NG?

Bonneteng Bibele ha e bue ka ho toba ka mekhoa ea kajeno ea ho thusoa ho ba le bana. Leha ho le joalo, e re nolofalletsa ho tseba pono ea Molimo ka lintho tse ling tsa bohlokoa. ’Me ho tseba likarabo lipotsong tse peli tsa motheo ho ka tataisa Bakreste ba ’nete hore ba etse liqeto tse thabisang Molimo.

Bophelo ba motho bo simoloha neng? Bibele e bontša hore bophelo bo qala kemolong. Hlokomela mantsoe a mopesaleme Davida, ea ileng a bululeloa hore a re ka Molimo: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:16) Hape nahana ka Exoda 21:22, 23, moo temana e ngotsoeng ka puo ea pele e bontšang hore motho o ne a tla nkoa a ikarabella bakeng sa kotsi e hlahelang ngoana ea e-song ho tsoaloe. Seo re ka ithutang sona mona ke hore ’Mōpi oa rōna o talima bophelo e le ba bohlokoa, esita le methating e qalang ea khōlo ka pōpelong. Mahlong a Molimo, ho senya ka boomo lehe le emolisitsoeng ho ne ho tla talingoa e le ho ntša mpa.c

Na ho na le lithibelo mabapi le hore na motho a ka sebelisa matla a hae a ho ba le bana joang? Pono ea Molimo e ka fumanoa ho Levitike 18:20, e reng: “U se ke ua fana ka peō ea hao ho mosali oa oa heno hore a silafatsoe ke eona.” Molao-motheo oa bohlokoa molaong oo oa Mangolo ke ona: Peō ea monna ha e ea lokela ho sebelisetsoa ho emolisa mosali e mong ntle ho mosali oa hae, ’me mosali ha aa lokela ho imela motho e mong ngoana ha e se monna oa hae feela. Ka mantsoe a mang, matla a ho ba le bana ha aa lokela ho sebelisetsoa motho e mong ntle le molekane oa motho oa lenyalo. Ka hona, Bakreste ba ’nete ba qoba ho ba bo-’mè ba imang bakeng sa mosali e mong hammoho le ho qoba mekhoa leha e le efe e amanang le ho sebelisoa ha peō ea monna e mong, lehe la mosali e mong, kapa lehe le emotsoeng ke batho ba bang.d

Ha Bakreste ba ’nete ba etsa qeto e amang mekhoa ea ho thusoa hore ba be le bana, ba lokela ho hlahloba ka hloko seo Bibele e se senolang ka monahano oa Molimo.e Etsoe ke eena Moqapi oa lenyalo le bophelo ba lelapa.—Baefese 3:14, 15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Bophelo ba Motho bo Simoloha Neng?” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1990.

d Bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Ho Nkela Mosali e Mong Sebaka sa Bomme—Na ho Loketse Bakreste?” tokollong ea Tsoha! ea March 8, 1993, le “Pono ea Bibele ke Efe?—Na ho Emolisoa ka Tsela eo e Seng ea Tlhaho Hoa Amoheleha ho Molimo?” tokollong ea August 8, 1974, (ea Senyesemane).

e Bakeng sa puisano ea ho emolisa ka ntle ho pōpelo, empa peō le lehe e le tsa monna le mosali ba nyalaneng, bona “Lipotso Tse Tsoang ho ba Babali,” Molula-Qhooeng oa June 1, 1981, (oa Senyesemane).

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mahe a emolisitsoeng a bolokiloeng a hoamisitsoe ka sehatsetsing

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Firefly Productions/CORBIS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela