Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 3/8 maq. 11-12
  • Mathata ao Bo-’mè ba Tobanang le ’Ona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mathata ao Bo-’mè ba Tobanang le ’Ona
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mathata a Mang ke Afe?
  • Mathata a ho ba ’Mè
    Tsoha!—2002
  • Khotsofalla ho ba ’Mè
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Mosebetsi o Hlomphehang oa Bo-’mè
    Tsoha!—2005
  • Malapa a Motsoali a le Mong a Ntse a Eketseha
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 3/8 maq. 11-12

Mathata ao Bo-’mè ba Tobanang le ’Ona

“Mesebetsi ea bohlokoa ea batho ke e amanang le lelapa. . . . Haeba ’mè a sa phethe boikarabelo ba hae, ho ke ke ha e-ba le moloko o latelang, ho seng joalo moloko o latelang e ka ’na ea e-ba o se nang thuso ka ho fetisisa.”—Theodore Roosevelt, mopresidente oa bo26 oa United States.

KA HO hlakileng, ’mè ke oa bohlokoa bophelong ba motho, empa karolo eo a e phethang hase feela ea ho tsoala bana. Mongoli e mong o ile a hlokomela sena ka karolo eo bo-’mè ba e phethang libakeng tse ngata tsa lefatše kajeno: “Ke eena mosireletsi ea ka sehloohong oa bophelo bo botle ba ngoana, thuto, bohlale, botho, mekhoa le ho tsitsa ha ngoana maikutlong.”

O mong har’a mesebetsi e mengata ea ’mè ke oa ho ruta bana ba hae. Hangata mantsoe ao ngoana a qalang ho a bua le tsela eo a a buang ka eona o ithuta ’ona ho ’m’ae. Kahoo, puo ea motho ea pele hangata e bitsoa puo eo a e antseng letsoeleng. Hangata ’mè o qeta nako e ngata le bana ba hae letsatsi le leng le le leng ho feta molekane oa hae, kahoo, e ka ba eena ea ka sehloohong ea ba rutang le ea ba laeang. Ke ka hona maele a Mexico a thoholetsang karolo ea bohlokoa e phethoang ke ’mè ka ho re: “Thuto e anyoa letsoeleng.”

’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, le eena o hlompha bo-’mè. Ha e le hantle, o mong oa Melao e Leshome o ileng oa ngoloa letlapeng ke “monoana oa Molimo” o khothalletsa bana: “Hlompha ntat’ao le ’m’ao.” (Exoda 20:12; 31:18; Deuteronoma 9:10) Ho feta moo, maele a Bibele a bua ka “molao oa ’m’ao.” (Liproverbia 1:8) Bohlokoa ba ho ruta bana lilemong tsa bona tse tharo tse qalang—nakong eo boholo ba leng tlas’a tlhokomelo ea ’mè—hona joale ke ntho e tsejoang hohle.

Mathata a Mang ke Afe?

Ho bo-’mè ba bangata, bothata boo ba tobanang le bona ba ho ruta bana ba bona nakong ea bohlokoa ea khōlo ea bona, ke ba hore ba tlameha ho sebetsa hore ba thuse lelapa. Lipalo-palo tse bokeletsoeng ke Machaba a Kopaneng li bontša hore linaheng tse ngata tse tsoetseng pele, bo-’mè ba fetang halofo ba nang le bana ba ka tlaase ho lilemo tse tharo baa sebetsa.

Ho phaella moo, hangata bo-’mè ba jara boima ba ho hōlisa bana ba bona ba le bang hobane banna ba bona ba ile metseng e meholo kapa naheng e ’ngoe ho ea batla mosebetsi. Ka mohlala, ho tlalehoa hore libakeng tse ling tsa Armenia, hoo e ka bang karolo ea boraro ea banna e ile linaheng tse ling ho ea batla mosebetsi. Bo-’mè ba bang ba tlameha ho hōlisa bana ba bona ba le bang hobane ba lahliloe ke banna kapa ba hlokahetse.

Linaheng tse ling, bothata bo bong bo amang bo-’mè ke ba hore bona ka bobona ha baa ruteha. Lefapha la Machaba a Kopaneng la Moruo le Boiketlo ba Sechaba le hakanya hore bo-’mè ba babeli ho ba bararo ho ba limilione tse 876 lefatšeng ha ba tsebe ho bala le ho ngola. Ha e le hantle, ho ea ka UNESCO, Afrika, linaheng tsa Maarabia le Asia Bochabela le Boroa, basali ba fetang karolo ea 60 lekholong ha ba tsebe ho bala le ho ngola. Ho feta moo, palo e ngata ea banna e lumela hore ho ruta mosali ha ho hlokahale ebile ho ba etsa hore ba se ke ba tšoaneleha bakeng boikarabelo ba bona ba ho tsoala bana.

Makasine ea Outlook e re seterekeng se seng sa profinse ea Kerala, India, moo ka tloaelo banana e bang bo-’mè ha ba le lilemo li 15, ha ho na monna ea batlang ho nyala ngoanana ea rutehileng. Naheng ea boahelani ea Pakistan, bana ba bashanyana ke bona ba fuoang menyetla pele. Ba hōlisoa ka tsela e ba lokisetsang hore ba fumane mesebetsi e lefang haholoanyane e le hore ba ka hlokomela batsoali ha ba se ba tsofetse. Ka lehlakoreng le leng, ho latela buka ea Women’s Education in Developing Countries, “batsoali ha ba senye chelete ea bona baneng ba bona ba banana hobane ha baa lebella hore ba ka thusa ka lichelete lapeng.”

Ho feta moo, ho na le bothata ba meetlo. Ka mohlala, linaheng tse ling ’mè o lebeletsoe hore a tšehetse meetlo e kang ea ho rekisoa ha barali ba hae ba banyenyane hore ba nyaloe le ea lebollo la basali. Hape ho nenoa taba ea hore bo-’mè ba rute bara ba bona le ho ba laea. Na ’mè o tlamehile ho latela meetlo e joalo ’me a tlohelle bara ba hae hore ba rutoe ke batho ba bang?

Lihloohong tse latelang, re tla bona kamoo bo-’mè ba bang ba sebetsaneng ka katleho kateng le mathata a joalo. Hape re tla leka ho bona bohlokoa ba bo-’mè le ba ho ba ’mè, ’me re be le pono e leka-lekaneng ka karolo eo ’mè a e phethang ho ruteng bana ba hae.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]

“Tabeng ea ho susumelletsa ngoana hore a be bohlale le ho rata ho tseba ka lintho, hammoho le ho etseng hore ngoana a tsebe ho iqapela lintho, karolo e phethoang ke ’mè ke ea bohlokoa haholo.”—Seboka sa Tikoloho sa Litokelo Tsa Bana, Burkina Faso, 1997.

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Bo-’mè ba na le ho hongata hoo ba ka ho etsang bophelong bo botle ba ngoana, thuto, botho le ho tsitsa ha hae maikutlong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela