Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 10/8 maq. 10-12
  • Ho Itokolla Tšebelisong e Mpe ea Joala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Itokolla Tšebelisong e Mpe ea Joala
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lemoha Bothata
  • Ho Batla Thuso
  • Ho Koala Sekheo
  • Ho Sebetsana le ho Khutlela Morao
  • Tokoloho!
  • Na Bakreste ba Lokela ho Noa Joala?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Joala U ka bo Laola Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tataisoa ke Melao-motheo ea Molimo ka ho Noa Joala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • U ka Etsa’ng Hore U Khaotse ho Noa Haholo?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 10/8 maq. 10-12

Ho Itokolla Tšebelisong e Mpe ea Joala

“Ntate e ne e le lekhoba la tahi, ’me ke ile ka latela mohlala oa hae. Ha ke le lilemo li 12, ke ne ke se ke ntse ke e-noa. Nakong eo ke nyalang, ke ne ke tahoa letsatsi le leng le le leng. Ke ile ka ba mabifi; hangata mapolesa a ne a thusetsa lelapa la ka. Bophelo ba ka bo ile ba qala ho fokola. Joala bo ile ba etsa hore mali a lutlele ka mpeng, hoo ke ileng ka pholoha ka sobana la nale. Eaba joale ke ba le lefu la ho thatafala ha sebete le ho haelloa ke mali. Ke ile ka ikopanya le lihlopha tsa ho ithusa ho bo tlohela empa ho se na katleho. Ke ne ke ikutloa eka ke tšoasehile tepong ea sekho ’me ke sitoa ho itokolla.”—VÍCTOR,a ARGENTINA.

NAKO le nako batho ba tšoasehileng litleneng tsa joala ba pheta lipale tse kang ena. Joaloka Víctor, ba ikutloa ba tšoasehile ho se moo ba ka tsoang le teng. Na mathata a bakiloeng ke joala a ka hlōloa kapa hona ho qojoa? Haeba ho joalo, joang?

Ho Lemoha Bothata

Ntlha ea pele, ke habohlokoa hore motho ea noang joala le ba haufi le eena ba lemohe hore ho na le bothata. Ho bo lemalla e mpa e le karoloana feela ea bothata bo tebileng. Ho qalile ka ho noa mohlomong ka ho itekanetseng ka nako e telele. Ho makatsang ke hore boholo ba likotsi, pefo, le mathata sechabeng a bakoang ke joala ha a qholotsoe ke batho ba seng ba lemaletse joala. Hlokomela se boleloang ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO): “Tsela e molemohali ea ho fokotsa mathata a amanang le joala sechabeng ke ka ho tsepamisa mohopolo tabeng ea batho ba noang ka ho itekanetseng hore ba hle ba fokotse ho e-na le ho tsepamisa mohopolo ho ba noang haholo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Na u tlōla meeli ea ho noa e buelloang ke ba boholong lefapheng la bophelo? Na u noa maemong ao ho hlokahalang hore ebe kelello ea hao e hlaphohetsoe le moo ho hlokahalang hore u nke bohato kapele? Na ho noa ha hao ho u bakela mathata lapeng kapa mosebetsing? Ho lumela hore tsela eo motho a noang ka eona e ka ba kotsi le ho fokotsa ka ho loketseng ka sebele ke “tsela e molemohali” ea ho qoba mathata a tebileng hamorao. Hang ha motho a se a lemaletse joala, ho thata haholoanyane ho etsa liphetoho.

Ho tloaelehile hore batho ba noang joala hampe ba hane ho lumela hore ho joalo. Ba re: “Ke noa joaloka motho e mong le e mong” kapa “nka khaotsa neng le neng ha ke batla.” Konstantin, oa Russia, o re: “Le hoja joala bo batlile bo mpolaea, ha ho mohla nkileng ka inka ke le lekhoba la bona, kahoo ha ho mohla nkileng ka nka mehato ea ho bo tlohela.” Marek, oa Poland, oa hopola: “Ke lekile ka makhetlo ho tlohela, empa ke ne ke hlile ke sa lumele hore ke lekhoba la tahi. Ke ne ke bebofatsa mathata a amanang le joala.”

Motho a ka thusoa joang hore a hlokomele hore o na le bothata ba ho noa e le hore a nke mehato ea ho bo hlōla? Pele, o tlameha ho lumela hore mathata a hae a hlahisoa ke hobane a noa joala hampe le hore ho itima bona ho tla ntlafatsa boleng ba bophelo ba hae. Joalokaha ho boletsoe ho La Revue du Praticien—Médecine Générale, tsela eo a ipehelang mabaka ka eona ea hore a re “ke noa hobane mosali oa ka a ntšiile ’me ke lahlehetsoe ke mosebetsi,” e tlameha ho fetoha e be ho re “mosali oa ka o ntšiile ’me ke lahlehetsoe ke mosebetsi hobane kea noa.”

Haeba u batla ho thusa motho ea lemaletseng joala hore a fetohe ka tsela ena monahanong oa hae, u ka ’na ua batla ho latela litlhahiso tsena: Mamelisisa ka hloko, botsa lipotso tse tobileng tse lumellang motho eo hore a itlhalose ka bolokolohi, bontša kutloelo-bohloko e tla mo thusa hore a bone hore oa utloisisoa, mo khothatse esita le tsoelo-peleng e nyenyane, u qobe ho mo ahlola kapa ho ba le maikutlo a ka mo thibelang hore a ntše maikutlo a hae le hore a batle thuso. Ho ka boetse ha e-ba molemo ho etsa hore a ngole lethathamo tlas’a lipotso tsena tse peli: Ho tla etsahala’ng haeba ke ntse ke tsoela pele ho noa? le Ho tla etsahala’ng ha ke khaotsa?

Ho Batla Thuso

Ha motho a qala ho noa joala hampe, hase hore o se a se na thuso kapa a ke ke a hlola a thusoa. Ba bang ba khona le ho itokolla. Leha ho le joalo, batho ba lemaletseng joala ba ka ’na ba hloka thuso ea litsebi hore ba se ke ba hlola ba bonoa.b Ho batho ba bang, ho sebetsang ke ho phekoloa ba ntse ba le hae, empa ha matšoao a ho tlohela joala a e-ba mabe, ho ka ’na ha hlokahala hore ba kenngoe sepetlele. Hang ha matšoao ao a pele a bonahalang a fetile—pakeng tsa matsatsi a mabeli le a mahlano—ho ka ’na ha hlokahala meriana e fanoang ke ngaka ho fokotsa ho lakatsa joala le hore motho a tsoele pele a sa bo noe.

Leha ho le joalo, mananeo a ho tlhotloa joala ’meleng ka meriana hase tiisetso ea hore motho o tla atleha. Meriana ke bohato ba nakoana feela, hase pheko. Fora, Alain o ile a kena mananeong a ’maloa a ho tlhotloa joala ’meleng. O re: “Hang ha ke tsoa sepetlele, ke ne ke qala ho noa hape hobane ke ne ke tloaelane le eona metsoalle eane e noang. Ha e le hantle, ke ne ke se na ntho e ntšusumetsang ho khaotsa.”

Ho Koala Sekheo

Ha e le hantle, ba bangata baa hlōleha hobane ho tlohela joala ha bona ho siea sekheo, ho batla ho tšoana le ho lahleheloa ke setsoalle sa motsoalle ea haufi-ufi. Vasiliy, oa Russia, o re: “Kamehla ke ne ke nahana ka ho noa. Haeba ho ne ho feta letsatsi ke sa noa, e ne e le le se nang molemo.” Ho ea lemaletseng joala, mesebetsi eohle hase ea bohlokoa joaloka ho tlosa lenyora. Jerzy, oa Poland, oa hopola: “Morero oa ka bophelong o ne o le mong, e ne e le ho noa le ho fumana chelete ea ho noa.” Ho hlakile hore ke habohlokoa ho lekhoba la tahi le ntseng le hlaphoheloa hore le fumane morero o mocha bophelong hore le lule le sa noe.

Buka e phatlalalitsoeng ke WHO e nang le keletso ho ba lekang ho fetola mekhoa ea bona ea ho noa, e hatisa bohlokoa ba mesebetsi e nang le merero e le ho qoba hore motho a se ke a khutlela morao. Tlhahiso e ’ngoe e fanoeng e le mohlala ke ho tšoareha mesebetsing ea bolumeli.

Ho tšoareha ka mesebetsi ea lintho tsa moea kapa tse halalelang ho ka thusa motho ho itokolla ho bona. Ka mohlala, hoba a lule teronkong lekhetlo la boraro ka mabaka a amanang le joala, Alain o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O re: “Ho ithuta Bibele ho mphile morero bophelong ’me ho ile ha nthusa ntoeng ea ka. Boikemisetso ba ka e ne e se feela ho khaotsa ho noa empa e ne e le ho khahlisa Jehova.”

Ho Sebetsana le ho Khutlela Morao

Baeletsi ba tšebeliso e mpe ea joala ba supa tšehetso le khothatso e le tsa bohlokoa ho makhoba a tahi a ntseng a hlaphoheloa. Ba bangata ba lahlehetsoe ke malapa le metsoalle ka lebaka la boemo ba bona bo soabisang. Ho tloheloa a le mong ho joalo ho ka lebisa ho tepelleng maikutlo esita le ho ipolaeeng. Buka e boletsoeng ka holimo e fana ka keletso e latelang ho ba thusang motho ea nang le bothata ba ho noa: “Leka ho qoba ho nyatsa motho eo u mo thusang, esita le haeba u tenoa le ho ferekanngoa ke boitšoaro ba hae. Hopola hore ho fetola mekhoa ha ho mohla ho leng bonolo. Ho tla ba le libeke tseo a atlehang ho tsona le tseo a sa atleheng ho tsona. Ho hlokahala khothatso ea hao, le ho tšehetsa motho hore a noe hanyenyane kapa a tlohele ka ho feletseng, le ho ba le lintho tse ncha tseo le li qapang.”

Hilario, ea neng a e-noa ka lilemo tse ka bang 30, o re, “Se ileng sa nthusa e bile lerato le tlhokomelo ea metsoalle ka phuthehong ea heso ea Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka boela morao ka makhetlo, empa kamehla ba ne ba le lehlakoreng la ka ho ntšehetsa le ho mpha keletso ea Bibele e nakong.”

Haeba u loana le ho itokolla joaleng, hopola hore ho ka ’na ha etsahala hore u khutlele morao, ’me u tlameha ho ho nka e le karolo ea tsela ea ho hlaphoheloa ha hao. U se ke ua tela! Hlahloba hore na ho bakiloe ke eng, ’me u sebelise tsebo eo ho thibela ho khetšemela ka moso. Qoolla maemo ao ka ho khetheha a etsang hore u lakatse ho noa. Na ebe e ka ba bolutu, ho tepella maikutlo, ho ba mong, likhang, khatello kelellong kapa liketsahalo kapa libaka tseo ba bang ba noelang ho tsona? Haeba ke tsona li qobe! Jerzy, ea ileng a nka lilemo tse peli hore a tlohele joala ka ho feletseng, o re, “Ke ile ka ithuta ho utloisisa le ho khetholla maikutlo a ka etsang hore ke qetelle ke noele. Hona joale ke qoba boemo leha e le bofe bo ka tsosang takatso ea ho noa. Ke tsamaela thōko le libaka tseo batho ba noellang joala ho tsona. Ha ke je ntho leha e le efe e tšetsoeng joala, ebile ke qoba le litlōlo kapa meriana e nang le joala. Hape ha ke shebe papatso leha e efe ea joala.” Ba bangata ba fumane hore ho rapela Molimo re kōpa “matla a fetang se tloaelehileng” e bile habohlokoa ho hlōleng takatso ea ho noa.—2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:6, 7.

Tokoloho!

Le hoja e ka ’na ea e-ba phephetso e tsoelang pele, ho pholoha litleneng tsa ho lemalla joala ke ntho e ka etsahalang. Batho bohle ba boletsoeng sehloohong sena ba atlehile. Ba phetse hantle ’me ba atlehile malapeng le mesebetsing. Alain o re, “Hona joale ke se ke lokolohile ha ke sa noa.” Konstantin o re: “Ho tseba Jehova ho pholositse lelapa la ka. Hona joale ke na le morero bophelong. Thabo ea ka ha ea itšetleha ka joala.” Víctor oa hlalosa: “Ke ikutloa joaloka motho ea lokolohileng. Ke boetse ke fumane seriti sa ka le hore na ke mang.”

Motho a ka etsa liphetoho ho sa tsotellehe hore na o kotsing ea ho hlaheloa ke kotsi ka lebaka la ho noa joala hampe, ho hlaheloa ke mathata ka lebaka la ho noa joala hampe, kapa ho bo lemalla. Haeba ho noa ho sokela bophelo ba hao, u se ke ua qea-qea ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ho ka ba molemong oa hao le molemong oa ba u ratang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Ho na le litsi tse ngata tsa phekolo, lipetlele le mananeo a ka fanang ka thuso ea hore batho ba tsoele joala. Lipaki Tsa Jehova ha li buelle phekolo leha e le efe. Motho o lokela ho ba hlokolosi hore ha a itšunya-tšunye mesebetsing e ka sekisetsang melao-metheo ea Mangolo. Leha ho le joalo, qetellong, e mong le e mong o tla tlameha ho iketsetsa qeto ea hore na ho hlokahala phekolo ea mofuta ofe.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho lumela bothata ke bohato ba pele

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ba bangata ba hloka thuso ea bongaka ho itokolla joaleng

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Thapelo e ka thusa

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

U ka fumana matla a ho bo tela!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela