Tsa Mona le Mane
◼ ’Muso oa Spain o fa mekhatlo e thusang bahloki kapa mekhatlo ea K’hatholike karolo ea 0,5 lekholong ea lekhetho ho latela hore na takatso ea ba lefang lekhetho ke efe. Le hoja Masepanishe a etsang karolo ea 80 lekholong a ipolela e le Mak’hatholike, ke karolo ea 20 lekholong feela ea ’ona e khethileng hore chelete ea ’ona e isoe kerekeng.—EL PAÍS, SPAIN.
◼ Ho latela litlaleho tsa lilemo tseo batho ba li qetang ba phela tse entsoeng ke Mokhatlo oa Litšebeletso tsa Inshorense, “ha monna ea lilemo li 30 a tsuba, o fokotsa lilemo tseo a ka li phelang ka tse 5 1⁄2, ’me mosali o li fokotsa ka tse fetang 6 1⁄2.” Empa ha motho ea lilemo li 30 a tlohela ho tsuba, o fokotsa menyetla ea ho bolaoa ke mafu a amanang le ho tsuba koae.—THE TIMES, ENGELANE.
◼ Ka 2004, tšebeliso ea oli lefatšeng e ile ea nyoloha ka liphesente tse 3,4 ’me ha sebelisoa libarele tse limilione tse 82,4 ka letsatsi. United States le Chaena ke tsona tse bakileng hoo e ka bang halofo ea keketseho ena ’me hona joale United States e sebelisa libarele tse limilione tse 20,5 ha Chaena eona e sebelisa tse limilione tse 6,6 ka letsatsi.—VITAL SIGNS 2005, WORLDWATCH INSTITUTE.
“Ananela ’Mè oa Hao”
Setsebi se seng se entseng lipatlisiso ka mesebetsi se hakanya hore haeba ho ne ho tlameha hore ho lefuoe ’mè oa Canada ea sa sebetseng ’me a e-na le bana ba babeli ba kenang sekolo, moputso oa hae oa selemo e ne e tla ba chelete (ea Canada) e kaalo ka $163,852 (R883 162), ha ho kopanyelletsoa le lihora tse eketsehileng tseo a sebelitseng ka tsona nakong eo e neng e tlameha ebe ha a sebetse. Chelete ena e theiloe moputsong oa kajeno ’me ho latela koranta ea Vancouver Sun, ho itšetlehiloe hape ka “lihora tse 100 tseo a li sebetsang ka beke, e leng matsatsi a tšeletseng ao a sebetsang lihora tse 15 ka ’ona le le le leng leo a sebetsang lihora tse leshome ka lona.” Har’a mesebetsi e meng ea ’mè ea hlokometseng lelapa ke oa ho ba mohlokomeli oa bana, tichere, mokhanni, mohloekisi oa ntlo, moapehi, mooki le molokisi oa lintho tse fapa-fapaneng. Koranta eo e fana ka keletso ena: “Ananela ’mè oa hao: E ka ’na eaba ha a fuoe moputso o mo tšoanetseng.”
Pherekano Bacheng Tabeng ea Boitšoaro
Tlaleho ea litaba ea Univesithi ea Jyväskylä, Finland, e tlaleha hore bacha ba bangata ba Mafinnishe ba tsoela pele ho “iqapela boitšoaro boo ba bo latelang.” Tlaleho eo ea litaba e re ho tloaelehile kajeno hore “batho ba iqotsetse mona le mane lintho tseo ba nahanang hore ke boitšoaro bo nepahetseng, joalokaha e ka ba mabenkeleng a ho reka.” Ka linako tse ling ba qetella ba ikhanyetsa ka bobona. Ka mohlala, bacha ba lumela hore ke ntho ea bohlokoa hore leruo le katleho li arolelanoe ka ho lekana; empa mohlolo ke hore bona ka bobona “ba tlhōlisanong e soabisang le e kotsi-kotsi.”
Ho ba Kotsing ea ho Fumana Prion Tšelong ea Mali
Litabeng tsa morao tse sa tsoa hatisoa, Mokhatlo oa Fora oa Bophelo bo Botle le Tšireletseho bakeng sa Meriana o hlakisa taba ea hore monyetla o hlile o moholo oa hore motho ha a tšeloa mali a fumane prion, hase feela taba ea hore a ka ’na a e fumana. Prion ke molek’hule ea protheine eo ho nahanoang hore ke eona e bakelang batho mafu a sa tšoaneng a kang la Creutzfeldt-Jakob disease (vCJD). Lefu lena le bolaeang le senyang tšebetso ea methapo ea kutlo, leo ho se nang pheko ea lona, le tšoana le leo likhomong ho thoeng ke lefu la bohlanya ba likhomo. Phatlalatso ena ea hore menyetla e meholo e entsoe ka mor’a hore Brithani ho fumanoe hore batho ba babeli ba bileng le lefu lena la vCJD e ka ’na eaba e bile ka mor’a hore ba tšeloe mali. Ha ho na mekhoa e tšepahalang e ka sebelisoang ho fumana lefu lena pele le e-ba le matšoao a bonahalang.
Ho Laba-labela ho ba Lelapa-le-jele
The Sydney Morning Herald e tlaleha hore phuputso e entsoeng e fumane hore “bananyana ba lilemo li hlano ha baa khotsofalla ’mele ea bona ’me ba lakatsa ho ba basesaane ka ho eketsehileng.” Tlaleho eo e qotsa phuputso e neng e entsoe Australia bananyaneng ba lilemo li hlano ho ea ho tse robeli. Hoo e batlang e le halofo ea banana bao ba ne ba batla ho ba le ’mele e mesesaane ho feta eo ba nang le eona, ha palo e lekanang le eo ea ba bang e ile ea bolela hore “ba ne ba tla fokotsa boima ba ’mele ka ho itima lijo haeba ba ne ba ka nona.” Mofuputsi e mong o ile a bolela hore maikutlo a fosahetseng ka ponahalo ea ’mele a ka “etsa hore qetellong motho a ikhelle tlaase, a tetebele maikutlong ’me a be le mafu a ho se je hantle.”