Na ka Sebele U Hloka Ho Ikoetlisa?
“Ikoetlise habeli ka beke hore u lule u phetse hantle. Ikoetlise metsotso e mashome a mararo ka letsatsi. Qoba joala ho thibela kankere. Noa joala ho fokotsa menyetla ea ho tšoaroa ke lefu la pelo. Na ha u ke u ema hlooho ke likeletso tse ngata tseo kaofela ha tsona li etsoang ka morero o motle? Letsatsing lena sehlooho sa litaba se bua hona, empa beke e tlang se se se bua ho hong ho fapaneng ka ho feletseng. . . . Ke hobane’ng ha bo-rasaense ba sa lumellane? Ke hobane’ng ha bekeng ee kofi e le kotsi, empa beke e tlang e se e se kotsi?”—Barbara A. Brehm, Setsebi sa Thuto, moprofesa oa lithuto tsa ho ikoetlisa le lipapali.
LITSEBI tsa bophelo bo botle li atisa ho se lumellane litabeng tsa phepo e nepahetseng le ho phela hantle ’meleng. Batho ba bangata ba iphumana ba ferekantsoe ke boitsebiso bo bongata-ngata ba lintho tseo motho a lokelang ho li etsa le tseo a sa lokelang ho li etsa hore a lule a phela hantle. Leha ho le joalo, ha ho tluoa tabeng ea boikoetliso bo itekanetseng, ho bonahala bo-rasaense ba lumellana ka ho feletseng—haeba u batla ho phela hantle, u lokela ho ikoetlisa kamehla!
Ho se ikoetlise ka ho lekaneng mehleng ena e se e le bothata bo tebileng, haholo-holo linaheng tse tsoetseng pele. Lilemong tse fetileng, batho ba bangata linaheng tse joalo ba ne ba sebetsa ka thata, ebang ke mosebetsing oa polasi, oa ho tsoma, ho cheha litlhapi, kapa oa ho haha. Ke ’nete hore mosebetsi o mongata haholo o boima o neng o hlokahala hore feela motho a phele, hangata o ne o hulisa baholo-holo ba rōna ka thata, mohlomong o bile o khutsufatsa bophelo ba bona. Ho latela Encyclopædia Britannica, “Greece le Roma ea boholo-holo, ka karolelano batho ba ne ba phela lilemo tse ka bang 28 feela.” Ha ho se ho bapisoa, ho ea qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo, linaheng tse tsoetseng pele batho ba ne ba phela lilemo tse ka bang 74. Phapang ee e bakiloe ke eng?
Theknoloji—Na e Molemo Kapa e Mpe?
Ha ho bapisoa le batho ba phetseng lilemo tse makholo tse fetileng, batho ba kajeno ba batla ba e-na le bophelo bo botle ba ’mele ebile ba phela haleletsana. Ho ea bohōleng bo itseng, sena se bakiloe ke ntlafatso e bileng teng theknolojing. Boqapi ba kajeno bo fetotse tsela eo re etsang lintho ka eona, ’me mesebetsi e mengata e boima e batla e se boima joaloka pele. Bongaka bo hatetse pele haholo ho loantšeng mafu, e leng ho ntlafalitseng bophelo ba batho ba bangata. Leha ho le joalo, ho na le ho ikhanyetsa ho itseng tabeng ena.
Le hoja theknoloji ea morao tjena e tlatselitse bophelong bo botle, ha nako e ntse e feta, e boetse ea tlatsetsa mokhoeng oa bophelo oa batho ba bangata oa ho qeta boholo ba nako ba lutse. Tlalehong ea eona e sa tsoa lokolloa e nang le sehlooho se reng Lipalo-palo Tsa Machaba Tsa Lefu la Pelo, American Heart Association e hlalosa hore “phetoho e teng ho tsa moruo, bophelo ba litoropo, tsoelo-pele ea indasteri le ho ikopanya ha linaha tsa lefatše, e tlisa liphetoho mokhoeng oa bophelo o etsang hore batho ba tšoaroe ke lefu la pelo.” Tlaleho eo e bolela hore “ho se sebetse ka thata le ho ja lijo tse se nang phepo” ke a mang a mathata a ka sehloohong a behang bophelo kotsing.
Linaheng tse ngata, lilemong tse 50 feela tse fetileng monna ea sebetsang ka thata o ne a fufuleloa a lema ka pere, a soaela baesekele ho ea bankeng, ’me mantsiboea a lokisa lintho tse robehileng lapeng. Leha ho le joalo, tsela eo litloholo tsa hae li phelang ka eona e fapane ka ho feletseng. Mosebetsi oa kajeno a ka lula ka pel’a k’homphieutha hoo e ka bang letsatsi lohle, a khanna koloi ho ea hohle moo a batlang ho ea teng, ’me a qeta nako ea hae ea mantsiboea a shebeletse TV.
Ho latela phuputso e ’ngoe, ba remang lifate Sweden, bao nakong e fetileng ba neng ba sebelisa matla a lik’hilojule tse 29 000 ka letsatsi ba rema lifate le ho li tsamaisa, hona joale ba shebella ha mechine e tsoetseng pele e etsa mosebetsi ’ohle o boima. Litsela tse ngata lefatšeng li kile tsa etsoa le ho lokisoa ke banna ka lipeke le likharafu. Empa hona joale, esita le linaheng tse tsoelang pele moruong, likatakata le mefuta e meng ea likhofu ke tsona tse etsang mosebetsi oa ho cheka, ho laela le ho thotha.
Libakeng tse ling tsa Chaena, lithuthuthu li nkela libaesekele sebaka butle-butle kaha batho ba se ba rata tsona bakeng sa lipalangoang. Maetong ’ohle a etsoang United States, liphesente tse 25 tsa ’ona ha a fete k’hilomithara le halofo, ’me a etsang liphesente tse 75 maetong ana a makhutšoanyane ho palangoa likoloi.
Theknoloji ea morao tjena e boetse e hlahisitse moloko oa bana ba qetang boholo ba nako ba lutse. Phuputso e ’ngoe e hlokometse hore ha lipapali tsa video li ntse li “ratoa ka ho eketsehileng le ho ba tsa sebele haholoanyane, bana ba . . . qeta nako e ngata ba li bapala.” Ho fihletsoe qeto e tšoanang mabapi le ho shebella TV le mefuta e meng ea boithabiso e khothalletsang bana hore ba qete boholo ba nako ba lutse.
Likotsi Tsa ho Qeta Boholo ba Nako U Lutse
Ho fokotseha ho hoholo ha ho sebetsa ka thata ho entse hore batho ba bangata ba be le mathata a ho kula ’meleng, kelellong le maikutlong. Ka mohlala, lekala le leng la bophelo Brithani le sa tsoa tlaleha: “Bana ba sa etseng letho ba kotsing ea ho ba le bothata ba ho se itšepe, ho ba le matšoenyeho a mangata le ho ba le khatello e matla ea kelello. Hape bana bana ba kotsing e khōlō ea ho tsuba le ho sebelisa lithethefatsi ho feta bana bao ho nang le seo ba se etsang. Basebetsi ba sebetsang ba lutse ba lofa hangata ho feta ba etsang mosebetsi oa matsoho. Hamorao bophelong, batho ba sebetsang ba lutse ba khathala kapele le ho felloa ke matla a ho etsa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Ka lebaka leo, ba bangata ba itšetleha ka ba bang ’me ba fokolloa ke bophelo kelellong.”
Cora Craig, mopresidente oa Canadian Fitness and Lifestyle Research Institute, o hlalosa hore “Macanada ha a sa sebetsa ka thata joaloka pele . . . Ka kakaretso, ho sebetsa ka thata ho theohile haholo.” Koranta ea Globe and Mail ea Canada e ea tlaleha: “Macanada a etsang liphesente tse 48 a feta boima bo loketseng ba ’mele, ho kopanyelletsa le liphesente tse 15 tsa ba batenya.” Koranta eo e phaella ka ho re Canada, batho ba baholo ba etsang liphesente tse 59 ba qeta boholo ba nako ba lutse. Dr. Matti Uusitupa, oa Univesithi ea Kuopio, Finland, o lemosa hore “batho ba tšoaroang ke mofuta oa 2 oa lefu la tsoekere ba eketseha ka potlako lefatšeng ka bophara ka lebaka la ho eketseha ha batho ba batenya le ka lebaka la tsela eo batho ba seng ba phela ka eona e etsang hore ba qete boholo ba nako ba lutse.”
Phuputso ea morao tjena Hong Kong e bontšitse hore bathong ba lilemo li 35 le ho feta, ba ka etsang liphesente tse 20 ho bona ba bolaoa ke mafu a amanang le ho se ikoetlise. Phuputso e neng e eteletsoe pele ke Moprofesa Tai-Hing Lam, oa Univesithi ea Hong Kong, e ileng ea phatlalatsoa ka 2004 ke Annals of Epidemiology, e phethile ka hore “kotsi ea ho qeta boholo ba nako motho a lutse e mpe ho feta e ka bakoang ke ho tsuba koae” sechabeng sa Machaena a Hong Kong. Bafuputsi ba hakanya hore “Chaena [eohle] e tla ba le bothata bo tšoanang ba batho ba bolaoang ke hona.”
Na hoa utloahala ho ameha ka tsela ee? Na ka sebele ho qeta boholo ba nako re lutse ho ka re bakela kotsi bophelong bo botle ho feta e ka bakoang ke ho tsuba? Ke ntho e tsebahalang hohle hore ha ho bapisoa le batho ba mafolofolo, ba qetang boholo ba nako ba lutse ba batla ba e-na le khatello e phahameng ea mali, ba kotsing ea ho otloa ke stroke le ho tšoaroa ke lefu la pelo, ba kotsing ea ho tšoaroa ke mefuta e itseng ea kankere, lefu la ho fokola ha masapo le ho ba le menyetla e meholoanyane ea ho nona.a
The Wall Street Journal e ea tlaleha: “K’honthinenteng e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše, esita le libakeng tseo ho nang le khaello ea phepo e nepahetseng, palo ea batho ba fetang boima bo loketseng ba ’mele le ba seng ba le batenya e eketseha ka lebelo le tšosang. Sesosa se ka sehloohong: lijo tse nang le lik’hilojule tse ngata le ho qeta boholo ba nako motho a lutse, e leng lintho tseo ha li kopana li etsang hore ho be le seoa sa batho ba batenya United States.” Dr. Stephan Rössner, moprofesa oa tsa bophelo Sekolong sa Karolinska se Stockholm, Sweden, oa lumela o bile o bolela hore: “Ha ho na naha eo ho eona palo ea batho ba batenya e sa eketseheng lefatšeng.”
Bothata ba Lefatše Lohle
Ka ho hlakileng, lenaneo la boikoetliso bo itekanetseng ke la bohlokoa bakeng sa hore re lule re phetse hantle. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe likotsi tse tsebahalang haholo tsa ho qeta boholo ba nako u lutse, baahi ba bangata ba lefatše ba qeta boholo ba nako ba sa etse letho. Mokhatlo oa Lefatše oa Pelo o lumela hore baahi ba lefatše ba etsang liphesente tse pakeng tsa tse 60 le 85 “ha ba mafolofolo ka ho lekaneng hore ba phele hantle ’meleng, haholo-holo banana le basali.” Mokhatlo ona o bolela hore “bana ba ka bang ba babeli ho ba bararo le bona ha ba mafolofolo ka ho lekaneng hore ba rue molemo bophelong ba bona.” United States, batho ba baholo ba ka etsang liphesente tse 40 ba qeta boholo ba nako ba lutse ’me hoo e ka bang halofo ea bacha ba pakeng tsa lilemo tse 12 le 21 ha ba etse mesebetsi e ba hlokang matla kamehla.
Phuputso e entsoeng linaheng tse 15 tsa Europe e neng e hlahloba tsela ea bophelo e seng e atile ea ho qeta boholo ba nako motho a lutse, e fumane hore liphesente tsa batho ba qetang nako e ngata ba lutse li tloha ho tse 43 Sweden ho ea ho tse 87 Portugal. São Paulo, Brazil, baahi ba ka etsang liphesente tse 70 ba qeta boholo ba nako ba lutse. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) o tlaleha hore “boitsebiso ba tsa bophelo bo botle bo bokeletsoeng lefatšeng ka bophara bo tšoana ka tsela e makatsang.” Ka hona, ha hoa lokela ho re makatsa hore ebe batho ba hakanyetsoang ho ba limilione tse peli baa shoa selemo le selemo ka lebaka la mafu a amang le ho qeta boholo ba nako motho a lutse.
Litsebi tsa bophelo bo botle lefatšeng ka bophara li tšosoa ke mokhoa ona oa bophelo. Ka lebaka leo, mekhatlo ea ’muso lefatšeng ho pota e qalile mananeo a sa tšoaneng a etselitsoeng ho ruta sechaba ka melemo ea ho ikoetlisa ka ho itekanetseng. Australia, Japane, le United States li tšepa hore ka selemo sa 2010, ho tla be ho e-na le keketseho ea liphesente tse 10 tsa batho ba ikoetlisang sechabeng sa tsona. Scotland e ipehetse pakane ea hore ka selemo sa 2020, batho ba baholo sechabeng ba etsang liphesente tse 50 ba be ba se ba ikoetlisa kamehla. Tlaleho e entsoeng ke WHO e hlalosa hore “linaha tse ling tse buellang bohlokoa ba mananeo a tsona a sechaba bakeng sa ho ikoetlisa ke Mexico, Brazil, Jamaica, New Zealand, Finland, Russian Federation, Morocco, Vietnam, Afrika Boroa le Slovenia.”
Ho sa tsotellehe kameho le boiteko bo etsoang ke mebuso le mekhatlo ea bophelo bo botle, boikarabelo bo ka sehloohong ba ho itlhokomela le ho hlokomela bophelo bo botle ba malapa a rōna ke ba rōna ka ho feletseng. Ipotse, ‘Na ke mafolofolo ka ho lekaneng? Na ke ikoetlisa ka ho lekaneng? Haeba ha ho joalo, nka etsa joang hore ke fetole tsela eo ke phelang ka eona ea ho qeta boholo ba nako ke lutse?’ Sehlooho se latelang se tla u bontša hore na u ka eketsa boikoetliso ba hao joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho qeta boholo ba nako u lutse ho ka eketsa haholo menyetla ea ho tšoaroa ke mafu a kotsi. Ka mohlala, ho latela American Heart Association, ho qeta boholo ba nako u lutse “ho eketsa ka makhetlo a mabeli monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo ’me ho eketsa menyetla ea ho tšoaroa ke khatello e phahameng ea mali ka liphesente tse 30. Ho boetse ho eketsa ka makhetlo a mabeli monyetla oa ho bolaoa ke lefu la pelo le stroke.”
[Lebokose le leqepheng la 20]
Litšenyehelo Tse Bakoang ke ho se Ikoetlise
Mebuso e mengata le mekhatlo ea bophelo bo botle li amehile ka ho tebileng ka litšenyehelo tse boima tse bakoang ke ho se ikoetlise ha sechaba.
● Australia - Naheng ena, litšenyehelo tsa selemo le selemo tsa ho hlokomela ba kulang ka lebaka la ho se ikoetlise li tsamaela liranteng tse limilione tse likete li 2,15.
● Canada - Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Pelo, ka selemo feela Canada e ile ea senyeheloa ke liranta tse limilione tse likete li 11 bakeng sa ho phekola mafu a “amanang le ho se ikoetlise.”
● United States - Selemong sa 2000, United States e sebelisitse chelete e ngata bo tšosang, e leng liranta tse limilione tse likete li 433 phekolong eo ka ho toba e amanang le ho se ikoetlise.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Ho Hlokahala Hore Bana ba Ikoetlise
Lipatlisiso tsa morao tjena li fumane hore bana ba ntseng ba eketseha ha ba sa etsa letho bakeng sa ho ikoetlisa kamehla. Banana ke bona ba sa etseng letho la boikoetliso ho feta bashanyana. Ho bonahala eka ha bana ba ntse ba hōla, matla a bona a ho ikoetlisa aa fokotseha. Litsela tse latelang ke tse ling tsa tse ngata tseo bana ba ka ruang molemo ho tsona ka ho ikoetlisa kamehla:
● Ho tiea ha masapo le mesifa hammoho le ho ba le manonyelletso a phetseng hantle
● Ho thibela ho nona ho feta boima bo loketseng ba ’mele kapa ho ba motenya
● Ho thibela kapa ho liehisa bothata ba khatello e phahameng ea mali
● Ho thibela lefu la tsoekere la Mofuta oa 2
● Ho itšepa hoa eketseha le ho thibela ho ngongoreha le ho hatelleha kelellong
● Ho phela ka tsela e mafolofolo e tla etsa hore ha e se e le batho ba baholo ba se ke ba qeta boholo ba nako ba lutse
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
Bophelo bo Botle Bakeng sa Batho ba Hōlileng
Ho ’nile ha boleloa hore ha u se u hōlile, u rua molemo o moholoanyane ka ho ba le lenaneo la ho ikoetlisa ka tsela e itekanetseng. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba hōlileng ba leqe ho ikoetlisa kamehla moo ba tšabang hore ba tla itematsa kapa ba kule. Ke bohlale hore batho ba hōlileng ba bone ngaka ea bona pele ba qala lenaneo la ho ikoetlisa ka matla. Leha ho le joalo, litsebi li lumela hore ho ikoetlisa ho ka ntlafatsa haholo bophelo ba batho ba hōlileng. Ha ba hōlileng ba ikoetlisa kamehla, bophelo ba bona bo ka ntlafala lintlheng tse latelang:
● Kelello e chatsi
● Ho tenyetseha ha ’mele le ho ba le botsitso
● Ho phela hantle maikutlong
● Ho fola kapele ha ba kula kapa ba tsoile kotsi
● Tšebetso ea mala le sebete
● Tšebetso ea tšilo ea ho hlahisa matla
● Tsamaiso e ntle ea ’mele ea ho itšireletsa mafung
● Ho tiea ha Masapo
● Ho ba le matla