U ka Fumana Thabo ea Sebele!
HO BONAHALA batho ba bangata lefatšeng ho pota ba lumela hore senotlolo sa thabo ke ho ba le koloi e majabajaba, chelete e ngata bankeng, mosebetsi oa boemo bo holimo, ntlo e khōlō, lisebelisoa tsa morao-rao tsa elektronike hammoho le seemo se setle sa ’mele kapa ho ba le mesifa e hahehileng. Leha ho le joalo, na ruri thabo e itšetlehile ka lintho tse joalo tse bonahalang?
Tlaleho e khethehileng ea makasine ea Time e re ho ’nile ha etsoa “liphuputso tse ngata tsa kamoo batho e ka bang ba thabileng kateng, ba nang le tšepo, ba amehileng ka lintho tse hahang le ba phelang ka tsela e ba tsoelang molemo bophelong.” Sephetho sa liphuputso tseo se makalitse ba bangata. Ka ho tsotehang, bopaki bo bontšitse khafetsa hore batho ba nkehileng ka hore chelete, botumo le botle li tla etsa hore e be ba thabileng, baa ithetsa. Ha e le hantle ba theha bophelo ba bona motheong o ka ’nang oa qetella o ba ntšitse kotsi kelellong, oa etsa hore ba tetebele maikutlong.
United States, batho ba bangata hona joale ba ruile ho feta pele. Time e re: “Empa sena ha sea re tlisetsa thabo e eketsehileng.” Ho ka boleloa se tšoanang le ka batho ba linaheng tse ling. Chaena, moo moruo o hōlang ka sekhahla, ho boetse ho bile le palo e eketsehileng ka tsela e tšosang ea batho ba sa thabang. Access Asia e tsoang likhoeling tse ling le tse ling tse tharo e re ho ipolaea ke “sesosa se ka sehloohong sa batho ba shoang ba le pakeng tsa lilemo tse 15 le tse 34.” Lebaka le leng la sena ho bonahala e le khatello eo bacha ba leng ho eona ea hore ba atlehe lefatšeng la khoebo le se nang mohau le le hlokang ho hongata ho bona.
Ka ho hlakileng, ho atleha linthong tse bonahalang ha ho felise matšoenyeho le ho imeloa kelellong; ha e le hantle hoa li eketsa. Phuputso ea univesithi e ’ngoe e ile ea qetella ka hore: “Hona joale, tsela eo re phelang ka eona e fetohile sesosa sa matšoenyeho a rōna maikutlong le kelellong.” Ho ea ka Van Wishard, mohlahlobisisi oa mekhoa eo batho ba phelang ka eona, “hona joale lik’hamphani tse ngata li akarelletsa mafu a kelello liinshorenseng tseo li li lefellang basebetsi ba tsona ho feta leha e le neng pele.”
Esita le bana baa ameha lefatšeng lena la rōna le fetohang ka potlako. Wishard o re hona joale ho na le libuka tsa bana ba lilemo li robeli, tse ba eletsang hore na “ba ka lemoha joang matšoao a khatello ea kelello le hore na ba ka sebetsana le eona joang.” Hape, ho latela boitsebiso bo bong bo buang ka ho tetebela maikutlong, palo ea bana ba fumanoang ba tetebetse maikutlong linaheng tse ngata tsa Bophirimela e eketseha ka tsela e tšosang ka liphesente tse 23 selemo le selemo. Ho feta moo, “palo ea bana ba kereche ba fuoang meriana e ba imollang maikutlong e eketseha ka potlako.”
Tšabo le eona ea eketseha—’me ha e bakoe feela ke ho se tsitse ha moruo. Ka lebaka la cheseho e feteletseng ea batho ba lipolotiki le ba bolumeli, batho ba bangata ba apareloa ke tšabo ha ba nahana ka bokamoso. Na ho na le moo batho ba ka fumanang thuso teng?
Lilemong tse likete tse peli tse fetileng, Jesu Kreste o ile a ruta ka tsela e ’ngoe e fapaneng ea bophelo e khathollang e bileng e fokotsang khatello ea kelello. Moko-taba oa thuto ea hae o ne o le bonolo empa e le ’nete. O ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) E, Jesu o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba ele hloko seo batho ba se hlokang ka ho fetisisa—e leng kutloisiso ea moea ka seo e leng ’nete ka ’Mōpi oa rōna le seo a re reretseng sona.
Joalokaha re tla bona lihloohong tse latelang, ’nete e ka re thusa ho lemoha lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa tse ka re lebisang bophelong bo thabileng haholoanyane le bo nang le morero. ’Nete e joalo ea lintho tsa moea e boetse e re fa tšepo e babatsehang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Na thabo e itšetlehile ka ho ba le lintho tse bonahalang?