Bacha Baa Botsa . . .
Bana Bao U Kenang Sekolo le Bona—U Lokela ho Tloaelana le Bona ho Fella Hokae?
“Bana bao ke kenang sekolo le bona ba ne ba atisa ho bua kamoo ho neng ho le monate kateng mafelong a beke. Ho ne ho nketsa hore ke ikutloe ke le mokhelo.”—Michelle.a
“Ka linako tse ling ha ke bona bana ba bang ke ee ke re ka pelong, ‘Hm, ha ho thoe metsoalle ho boleloa ena. Le ’na ke batla ho ba motsoalle oa bona.’”—Joe.
“Ke ne ke se na bothata ba ho etsa metsoalle sekolong. Ho ne ho ’nolofalla. Boo e ne e le bona bothata ba ka.”—Maria.
U QETA lihora tse ngata ka letsatsi u e-na le bana bao u kenang sekolo le bona. Le hlaheloa ke mathata a tšoanang le lintho tse ngata tse tsielehisang ebile le finyella lintho tse tšoanang. Maemong a mang, u ka ’na ua nka hore ho na le lintho tse ngata tseo u tšoanang le bona ka tsona ho feta tseo u tšoanang le batsoali ba hao, bana beno, kapa Bakreste-’moho le uena ka tsona. Ka ho utloahalang, u ka ’na ua ikutloa u batla ho ba motsoalle oa bona. Na seo se fosahetse? Na se ka ba le likotsi? Ha ho tluoa tabeng ea bao u kenang sekolo le bona, u lokela ho tloaelana le bona ho fella hokae? U lokela ho seha moeli hokae?
U Hloka Metsoalle
Motho e mong le e mong o hloka metsoalle—batho bao a ka ikhathollang le bona ha ho le monate le bao a ka itšetlehang ka bona ha ho nyolosetsa. Jesu o ne a e-na le metsoalle, a bile a thabela botsoalle ba eona. (Johanne 15:15) Ha Jesu a le makhatheng a lefu thupeng ea tlhokofatso, motsoalle oa hae ea haufi, e leng Johanne, “morutuoa eo a neng a mo rata” ka ho khetheha, o ne a le haufi. (Johanne 19:25-27; 21:20) U hloka metsoalle e joalo—batho ba tla oa ba tsoha le uena mathateng le manolong. Maele a Bibele a re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.
Mohlomong u nka hore u fumane ngoana e mong eo u balang le eena sekolong eo le utloanang hantle linthong tse ngata. Le thahasella lintho tse tšoanang ebile lea utloana ha le qoqa. Ke ’nete hore e ka ’na eaba ngoana eo hase molumeli-’moho le uena; empa ho ea ka uena, hase motho eo ho ka thoeng ha u tloaelane le eena ke “litloaelano tse mpe.” (1 Bakorinthe 15:33) Ke ’nete hore bacha ba bang ba sa lumeleng lithuto tsa Bibele tseo u li lumelang ba phela ka melao-metheo e hlomphehang. (Baroma 2:14, 15) Empa na seo se bolela hore u lokela ho ba motsoalle oa bona ea haufi?
Bakreste ha ba Qobe Batho ba Bang
Ka ho hlakileng Bakreste ba ’nete ha ba koekoetle ba sa lumelang. E le hore Bakreste ba phethahatse thōmo ea bona ea ho ‘etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa,’ ba bua le banna le basali ba merabe eohle, ba malumeli ’ohle le ba litso tsohle. (Matheu 28:19) Ha ba ikhethe ho baahelani, basebetsi-’moho, kapa bao ba kenang sekolo le bona kapa hona ho qoba batho ba bang. Ho e-na le hoo, Bakreste ba bontša thahasello ea sebele ho ba bang.
Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala o motle tabeng ena. O ne a khona ho buisana le “batho ba mefuta eohle,” le hoja a ne a sa lumele seo ba se lumelang. Ke ’nete hore sepheo sa Pauluse e ne e se ho thabela botsoalle le bona. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.”—1 Bakorinthe 9:22, 23.
U ka etsisa mohlala oa Pauluse. Tšoara lithaka tsa hao ka tsela e mosa. Ithute ho buisana le tsona hantle. Bana ba bang bao u kenang sekolo le bona e ka ’na eaba ba ntse ba batla ho tseba ka tšepo e thehiloeng Bibeleng eo u nang le eona. Ka mohlala, nka ngoanana e mong oa Mokreste ea bitsoang Janet. Ka tlelaseng ea bona ho ile ha thoe ba ngole lintlha tse seng kae ka liithuti tse ling, ’me ka mor’a moo seithuti ka seng se bale se ngotsoeng ka sona. Leqepheng le leng ho ne ho itsoe ka Janet: “U shebahala u thabile ka linako tsohle. Ak’u re bolelle lebaka!”
Joalokaha phihlelo ena e bontša, bana ba bang bao u balang le bona ba ka ’na ba lumela ho ithuta ka seo u se lumelang. Ho molemo ho ba bontša botsoalle. Ha ho pelaelo hore seo se tla u fa monyetla oa hore u ba hlalosetse seo u se lumelang. Fa bao u balang le bona monyetla oa hore ba hlalose tsela eo ba bonang lintho ka eona, ebe u mamela ka hloko ha ba hlalosa. Phihlelo eo u e fumanang ha u ntse u buisana le lithaka tsa hao e tla u tsoela molemo ha u se u sebetsa ’me u tobana le maemo a tšoanang. Ho ba botsoalle ho tla u thusa sekolong le mosebetsing ho “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”—Tite 2:10.
Ho “Kena Jokong e sa Lekaneng” ea Botsoalle
Ke ’nete hore ho na le phapang pakeng tsa ho ba ea botsoalle le ho ba motsoalle ea haufi-ufi le ngoana eo u balang le eena. Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” (2 Bakorinthe 6:14) E le hore u be motsoalle ea haufi le motho ea itseng, u lokela ho etsa lintho ka tsela eo a li etsang ka eona le ho ba le lipakane tse tšoanang. Seo hase khonehe haeba motho eo a sa latele lithuto tsa Mangolo tseo u li lumelang le litekanyetso tsa Mangolo tseo u li latelang. Ho kena jokong e sa lekaneng le ngoana eo u balang le eena ho ka ’na ha u hulela mekhoeng e fosahetseng kapa ha silafatsa mekhoa ea hao e metle.
Maria o ile a ithuta sena ka tsela e bohloko. Kaha ka tlhaho ke motho ea ratang batho, sena se mo nolofalletsa ho etsa metsoalle empa o thatafalloa ho tseba moo a lokelang ho seha moeli teng. O re: “Ke ne ke thabela ho ratoa ke banana le bashemane. Ka lebaka leo, ke ile ka iphumana ke ntse ke tetebela linthong tsa lefatše lena.”
Ho tšoana le Maria, u ka ’na ua thatafalloa ho hlokomela ha botsoalle ba hao le motho ea sa lumeleng seo u se lumelang bo se bo tlōtse meeli. Leha ho le joalo, u ka itšireletsa masisa-pelong ka hore u ipehele meeli e hlakileng ea hore na u tla tloaelana le mang le hore na u tla khetha ho ba motsoalle ea haufi-ufi oa mang. U ka etsa seo joang?
Kamoo U ka Khethang Metsoalle e Molemo Kateng
Joalokaha ho boletsoe pejana, Jesu o ne a e-na le metsoalle e haufi ha a ne a le lefatšeng. Jesu o ile a etsa seo ka ho phela ka tsela e tšepahalang le ka ho bua ka lintho tsa moea. Ha batho ba ne ba amohela lithuto tsa hae le tsela eo a phelang ka eona, ba ne ba atamela haufi le eena. (Johanne 15:14) Ka mohlala, banna ba bang ba bane ba ile ba susumelletseha ho “tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela” ha ba utloa seo Jesu a se buang. Banna bao—e leng Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne—e ile ea e-ba metsoalle ea Jesu e haufi.—Luka 5:1-11; Matheu 4:18-22.
Seo Jesu a neng a se bua a bile a se etsa se ile sa bontša ka ho hlaka hore o lumela ka tieo seo a se lumelang le hore a ke ke a se fetohela. Batho ba neng ba sa batle ho mo amohela a le joalo ba ile ba ikhula, ’me Jesu a ba lesa.—Johanne 6:60-66.
Ka mohlala, Jesu o ile a angoa ka ho teba ke ho ikemisetsa ha mohlankana e mong. Bibele e re: “Jesu a mo sheba ’me a ikutloa a mo rata.” Empa mohlankana eo eitse ha a utloa seo Jesu a se lebeletseng ho metsoalle ea hae, “a tloha.” Ha e le hantle, mohlankana eo o ne a bonahala eka ke motho ea molemo—’me Jesu “a ikutloa a mo rata.” Empa Jesu o ne a hloka ho eketsehileng ho metsoalle ea hae. (Mareka 10:17-22; Matheu 19:16-22) Ho thoe’ng ka uena?
U ka ’na ua utloana le ngoana ea itseng eo u kenang sekolo le eena. Empa ipotse: ‘Na motho eo o ikemiselitse ho etsa seo Jesu a se laelang? Na o batla ho ithuta ka Jehova, eo Jesu a re laetseng hore re mo rapele?’ (Matheu 4:10) Ha u ntse u buisana le bao u balang le bona ebile u phela ka litekanyetso tsa Bibele, likarabo tsa lipotso tsena li tla hlaka.
Ho loketse hore u tšoare bao u balang le bona ka tsela e mosa, feela joalokaha Jesu a ne a le botsoalle ho batho ba mefuta eohle. Empa Jesu o ile a netefatsa hore metsoalle ea hae e haufi e rata Ntate oa hae oa leholimo, Jehova. Le uena u ka etsa se tšoanang. ‘Boloka boitšoaro ba hao bo le botle’ sekolong, ’me ka masene u bolelle ba bang seo u se lumelang. Ka holim’a tsohle, tiisa hore u khetha metsoalle e hlileng e leng molemo.—1 Petrose 2:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Ho ka ba le likotsi life ha u qeta lihora ka mor’a nako ea sekolo le ngoana ea sa lumelang eo u balang le eena? Na eo ke tsela e bohlale?
◼ Ka mor’a ho bala sehlooho see, na u bona eka botsoalle ba hao le eo u balang le eena bo se bo tlōtse meeli? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng ka seo?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
NKA IPHUMANELA METSOALLE EA SEBELE JOANG?
Video ena e hlahisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e hlahisa bacha bao ho buisanoeng le bona United States, Italy, Fora le Spain. E fumaneha ka lipuo tse 36.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bana ba bang bao u balang le bona ba ka ’na ba batla ho tseba seo u se lumelang