Liponche—Ha Lia Rarahana Empa Lia Hlolla
KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA
NA U ka rata ho hlapa ka ’mele oa phoofolo e itseng? Taba eo e ka ’na ea utloahala e sa ipiletse hakaalo. Empa ha e le hantle seponche sa tlhaho seo ho hlapuoang ka sona ke ’mele oa phoofolo e bitsoang seponche.
National Geographic News, e re: “Liponche ke liphoofolo tsa khale ka ho fetisisa tse bileng li leng tlaase-tlaase lethathamong la liphoofolo.” Sena se entse hore ba bang ba be le maikutlo a hore batho le liphoofolo ba tsoa seponcheng sa boholo-holo se ileng sa ’na sa iphetola. Lenaneo le leng le ileng la bontšoa thelevisheneng le ile la re seponche “se tšoana le Eva oa phoofolo”—e leng hore ke “moholo-holo oa rōna bohle.”
Saense e ithutile’ng ka liponche? Na e mpa e le liphoofolo feela tjee tse sa rarahanang, kapa li fana ka bopaki ba boqapi bo hlollang?
Ha li na Pelo, ha li na Boko, ha li na Bothata
Liponche li ka ’na tsa shebahala joaloka limela, empa Aristotle le Pliny e Moholo ba ile ba hlalosa ka nepo hore liponche ke liphoofolo. Litsebi li hakanya hore likarolong tsohle tsa lefatše ho na le bonyane mefuta e 15 000 ea tsona e phelang matšeng le maoatleng ebile e le ka libōpeho le ka mebala e sa tšoaneng. Liponche tse ling li ka ’na tsa tšoana le menoana e melelele e mesesaane, tse ling ea ka ke meqomo e meholo e sephara, tse ling tsa ikala joaloka lik’hapete, tse ling tsa tšoana le lifene tse majabajaba, tse ling tsona tsa tšoana le lipitsa tsa khalase tse tšelang lipalesa—ha re bolela mefuta e seng mekae feela. Tse ling li nyenyane hoo li sa lekaneng le thollo ea raese, ha tse ling tsona li hōla li ba li feta motho ka bolelele. Bo-rasaense ba lumela hore e ka ’na eaba liponche tse ling li se li qetile lilemo tse makholo.
Encyclopædia Britannica, e re: “Tsela eo liponche li bōpehileng ka eona, li sebetsang ka eona li bileng li hōlang ka eona e fapane le ea liphoofolo tse ling.” Joang? Ho fapana le liphoofolo tse ling, liponche ha li na litho tsa ka hare ’meleng. Liponche li phela joang li se na pelo, boko, kapa tsamaiso ea methapo? Lisele tse nyenyane tsa seponche li etsa mesebetsi e mengata e ntšetsang bophelo pele. Lisele tse ling ka ho khetheha li tšoasa lijo, li ise limatlafatsi ’meleng, kapa li lahle litšila tse ’meleng. Tse ling li haha ’mele kapa letlalo. Lisele tse ling li bile li khona ho iphetola mofuta o mong oa lisele ha ho hlokahala.
Liponche li ikhetha ka litsela tse itseng. Ha motho a ka khotlella seponche se phelang sefeng, lisele tsa sona li ipōpa hape hore e be phoofolo eona eane. Ha motho a ka kopanya liponche tse peli a li sila, lisele tsa tsona li tla ikarola butle-butle li boele li ipōpe ho ba liponche tse peli. National Geographic News, e re: “Ha ho semela kapa phoofolo e ’ngoe e ka ipōpang bocha ka tsela ena.”
Liponche li boetse li khona ho ikatisa ka tsela e tsotehang. Liponche tse ling li “tsoibila” lisele tse ling ho ea phela libakeng tse ling. Nakong eo li leng leetong, li ba joalokaha eka li ile le mailiili ho fihlela li fihla moo li eang, moo li hlasimolohang ebe li qala ho hlahisa liponche tse ling hape. Liponche tse ling li ikatisa ka ho kopana ha se setona le se setšehali, ’me seponche ka seng e ka ba se setona kapa se setšehali ho itšetlehile ka boemo nakong eo. Liponche tse ling li behela mahe. Mongoli Paul Morris o tsota ka ho re: “Ha re shebisisa liphoofolo tsena tse sa rarahanang, ke moo re bonang hore li rarahane le ho feta.”
Lia Hloekisa Maoatleng
Setsebi sa bophelo ba liphoofolo, Allen Collins, o re liponche “li iphepa ka tsela e ikhethang har’a liphoofolo.” Masobana a letlalong a ea liphasejeng le liphaposing tse kang khekhe ea linotši ’meleng ’ohle oa seponche. Liphasejeng le liphaposing tseo ho kolokile lisele tse nyenyane tse limilione, kapa lona lebota la lisele. Sele ka ’ngoe e na le se kang sephali se ntseng se ea koana le koana. Mongoli Ben Harder, o re: “Joaloka batho ba sokang sekepe sa lebotho la Roma la ntoa, [lisele tsena] li isa metsi liseleng tse ling tsa seponche, tse reretsoeng ho qhautsa lijo tse metsing ao le ho li sebelisa ’meleng.” Seponche se pompang metsi a ka lekanang le sona ka makhetlo a leshome ka hora, se sefa limatlafatsi, lik’hemik’hale tse kotsi le hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea libaktheria tsohle tse teng metsing. Seponche se ka ba sa lekanyetsa kapa sa fetola tsela eo se pompang metsi ka eona ha tsela eo metsi a phallang ka eona e fetoha kapa e le hore se itlhoekise ka hare. Dr. John Hooper o re: “Liponche li . . . hloekisa leoatle ka tsela e atlehang ka ho fetisisa.”
Kaha seponche se lula se pompa lijo le metsi, seo se etsa hore e be lehae la li-shrimp, makhala le liphoofotsoana tse ling. Seponche se seng se ne se e-na le liphoofotsoana tseo tse 17 128. Libaktheria, bolele le li-fungus tse ngata li phelisana le liponche. Ha seponche se le metsi, e ka ’na eaba karolo ea 50 lekholong ea boima ba sona ke libaktheria.
Bo-rasaense ba fumane hore liponche le liphoofotsoana tse ling tseo li phelisanang le tsona li fana ka tšepo ea hore e ka ’na ea e-ba mohloli o mocha le o ikhethang oa meriana e phekolang. Ba bang ba lumela hore meriana eo e ka ’na ea thusa ho loantša AIDS, kankere, malaria le maloetse a mang. Ha mofuputsi Shirley Pomponi a bua ka seponche se seng se joalo, o re: “Lintho tsa tlhaho li hlahisa limolek’hule tse thahasellisang ho feta tseo lik’homphieutha tsa rōna li ka li hlahisang.”
Boqapi bo Tsoileng Matsoho
Ho fapana le liponche tsa maiketsetso tse bonolo tseo ho hlapuoang ka tsona, boholo ba liponche tsa tlhaho li khorofo kapa li thata. Liponche tsena li na le lithollo tse limilione tsa kristale tse bitsoang li-spicule. Ha li-spicule tseo li hlahlojoa ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane, botle ba tsona le ho se tšoane ha tsona ke ho hlollang. Li-spicule tse lohellaneng ka litsela tse sa tšoaneng, li ka bōpa ’mele o rarahaneng, tsa etsa sehlomo se sireletsang, esita le lik’hebole tse bolelele ba limithara tse tharo le botenya ba senthimithara e le ’ngoe. Seponche se seng se jang liphoofotsoana tse ling se sebelisa linete tsa ho tšoasa tse nang le likhoketsane ho tšoasa phofu ea eona.
Seponche se seng se bonaletsang se phelang metsing a tebileng a leoatle se sebelisa li-spicule ho loha fense e rarahaneng ea khalase e ntle ka tsela e tsotehang. Likhoele tse hloekileng tsa silica li batlile li tšoana le lik’hebole tsa khalase kapa tsa polasetiki tse hlahisoang ke likhoebo. Setsebi se seng sa saense se re: “Likhoele tsena tse phelang tse bonaletsang li thata haholo. U ka li tlama ua li etsa mafito a thata, empa ho fapana le likhoele tsa khoebo, ha li na li ho khaoha.” Bo-rasaense ba ntse ba sa utloisise hore na ho tla joang hore likhoele tsena tse rarahaneng li hōle ka metsing a leoatle le hona moo ho batang. Cherry Murray oa Bell Laboratories, o re: “Boemong bona, phoofolo e sa rarahanang e na le tharollo ea bothata bo rarahaneng ba theknoloji ea lik’hebole tsa motlakase le ba ho etsoa ha thepa ea mohaho.”
Li Iketsahaletse Kapa li Entsoe?
Ka mor’a ho hlahloba litšobotsi tse hlollang tsa liponche, Hooper o re: “Ha e le hantle ‘seponche seo ho thoeng ha sea rarahana’ ke [phoofolo] e rarahaneng haholo, eo le kajeno ho ntseng ho sa utloisisoe sohle ka eona.” Ke ho utloahalang ho botsa: Liphoofolo tsee tse rarahaneng li bile teng joang hona hobane’ng? Na ho iketsahaletse feela hore li be teng? Kapa na liponche li paka hore ho na le Moqapi ea bohlale?
Le hoja batho ba bang ba ka ’na ba hana hore ’Mōpi o teng, ba bangata ba tla lumellana le seo mopesaleme oa boholo-holo a ileng a se hlokomela: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao . . . , libōpuoa tse phelang, tse nyenyane hammoho le tse khōlō.”—Pesaleme ea 104:24, 25.
[Setšoantšo se Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Kaheho ea seponche se tloaelehileng. Setšoantšo se hōlisitsoeng sa lisele tse pompang metsi
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Li-“spicule” tsa seponche
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Seponche se bonaletsang se phelang metsing a leoatle a batang
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]
Sea horse: Rudie H Kuiter; 3 right-hand inset photos: Dr. John Hooper, Queensland Museum
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]
Top: Eye of Science/Photo Researchers, Inc.; bottom: Kim Taylor / Warren Photographic