Ke Ikutloa ke Thabile ka Mor’a ho Felloa ke Tšepo
JOALOKAHA HO BOLETSE VICENTE GONZÁLEZ
Ha baahelani ba utloa hore ke ithuntse makhetlo a mane empa ha kea shoa, ba ile ba qala ho mpitsa Superman (monna ea matla a phahametseng a tlhaho). Empa ruri ke ne ke se Superman. E-re ke hlalose hore na ke hobane’ng ha ke ne ke batla ho ipolaea.
KE HLAHILE ka 1951 Guayaquil, Ecuador. Batsoali ba ka ba ile ba etsetsa bana ba bona ba robong lehae sebakeng se haufi le leoatle se bitsoang Sa Baipehi. Malapa a mafutsana a ne a “ipehile” sebakeng seo kantle ho tumello ea molao, ba haha matlo ka leqala ’me ba rulela ka masenke. Kaha matlo a ne a hahiloe mokhoabong moo ho nang le lihlahla, a ne a hahoa holima litšiea tsa mapolanka. Re ne re se na motlakase, re pheha ka setofo sa mashala ’me re kha metsi sebakeng se bohōle ba k’hilomithara ho ea feela.
Baholoane ba ka ba ile ba qala ho sebetsa ba sa le banyenyane ho thusa lelapa ka litšenyehelo. Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka fumana mosebetsi oa ho ba moromuoa femeng e ’ngoe kaha ke ne ke tlohetse sekolo. ’Na le metsoalle ea ka re ile ra qala ho noa le ho itšoara hampe. Ha letsoalo le qala ho nkhoebetha, ke ne ke ea maipolelong. “Mora, u ipoletse hantle haholo,” ke seo moruti a neng a se bua pele a ntokolla a sa mpha thuso ea letho moeeng. Ka hona, ke ne ke khutlela mekhoeng e tšoanang. Qetellong, ke ile ka bona ho se na thuso ho lula ke etsa sebe, ebe ke ea maipolelong, ’me ke ile ka khaotsa ho ea kerekeng. Hona nakong eo, ke ile ka hlokomela hore ho ne ho e-na le ho hloka toka ho hongata bophelong. Batho ba bangata ba futsanehileng ba ne ba hula ka thata bophelong, athe barui, ba neng ba fokola ka palo, ba ne ba phela mabothobothong. Bophelo bo ne bo se na morero. Ke ile ka bona bokamoso ba ka bo le lerootho ke bile ke se na morero bophelong.
Joale ka letsatsi le leng ke ile ka fumana hore likhaitseli tsa ka tse ’nè li ne li bala lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Le ’na ke ile ka qala ho li bala. Ho na le buka e ileng ea nkhahla ka ho khetheha, e reng ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. E ne e fana ka leseli ka tsela e utloahalang litabeng tse ngata tsa Bibele. Ke hopola ke re ka pelong, ‘Ena ke ’nete!’ Empa lilemong tse 15 tse latelang, ke ile ka fumana hore ho phelela ’nete hase papali.
Ha ke le lilemo li 22, ke ile ka qala ho sebetsa bankeng. Ka letsatsi le leng mosebetsi-’moho le ’na o ile a mpontša hore na nka “ikalima” chelete bankeng joang ka sekhukhu le ho lefa “kalimo” eo hamorao. Ke ile ka qala ho “ikalima” chelete, ho fihlela ke nkile e ngata hoo ke neng nke ke ka hlola ke pata molato oa ka. Ke ile ka nyahama haholo kaha ke ne ke tseba hore nke ke ka khona ho e lefa le ka mohla. Ka hona, ke ile ka etsa qeto ea ho ipolela molato ebe ka mor’a moo, e le ho bontša hore ke soabile e le kannete, ke ipolaee.
Ka mor’a ho ngolla banka lengolo, ke ile ka reka sethunya se senyenyane ’me ka ea sebakeng se thōkoana lebōpong la leoatle, ’me ka ithunya hloohong habeli le sefubeng habeli. Le hoja ke ile ka lemala hampe, ha kea ka ka shoa. Monna e mong oa baesekele o ile a mphumana ’me a lokisetsa hore ke potlakisetsoe sepetlele. Ka mor’a hore ke hlaphoheloe, ke ile ka qosetsoa bosholu ’me ka hlahleloa chankaneng. Ha ke lokolloa, ke ne ke soabile haholo ’me ke sithabetse maikutlo, kaha joale ke ne ke se ke e-na le rekoto ea bonokoane. Kaha ha kea ka ka bolaoa ke maqeba a likulo tse ’nè, baahelani ba ile ba qala ho mpitsa Superman.
Monyetla oa Hore ke Fetohe
Nakong eo, ke ile ka eteloa ke Paul Sánchez, moromuoa oa Lipaki Tsa Jehova. Ntho ea pele eo ke ileng ka e lemoha e ne e le pososelo ea hae. Paul e ne e le motho ea thabileng, ea nang le tšepo bophelong hoo ke ileng ka lumela hore a nthute Bibele. Ke ile ka re ka pelong, ‘Mohlomong a ka nthusa hore ke fumane thabo le morero bophelong.’
Ka thuso ea Paul, ke ile ka ithuta hore Molimo o na le morero ka batho le hore ba Mo ratang le ba Mo mamelang ka letsatsi le leng ba tla phela lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:29) Ke ile ka boela ka ithuta hore hase Molimo ea tlisang ho hloka toka le bofutsana, empa hore tseo ke liphello tsa bofetoheli ba motho ho Molimo. (Deuteronoma 32:4, 5) Linnete tsena li ne li tšoana le leseli bophelong ba ka. Leha ho le joalo, ho fetola botho ba ka ho ne ho le thata ho feta ho ithuta Bibele.
Ke ile ka fumana mosebetsi oa ofisi o neng o hloka hore ke tšoare lichelete tsa k’hamphani. Ke ile ka boela ka oela lerabeng ’me ka qala ho utsoa. Ha ke se ke sitoa ho pata bosholu ba ka, ke ile ka balehela motseng o mong Ecuador nako e ka etsang selemo. Ke ile ka leka ho tsoa ka har’a naha empa ka sitoa, kahoo ka khutlela hae.
Paul o ile a mphumana hape, ’me ra boela ra ithuta. Lekhetlong lena ke ile ka ipolella hore ke batla ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba ka le ho sebeletsa Jehova. Ka lebaka leo, ke ile ka bolella Paul ho se tšepahale ha ka ha nakong e fetileng, ’me eena o ile a mpha keletso a sa hlathe koana le koana. O ile a mphetlela litemana tsa Bibele tse kang Baefese 4:28, e reng: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata.” Ke ile ka hlokomela hore ke tlameha ho ea ipolela hore ke molato oa bosholu le ho amohela liphello tsa hona.
Ha ke ntse ke nahana ka boemo boo, ke ile ka iqalla mosebetsi oa ho taka litšoantšo. Ka letsatsi le leng ho ile ha fihla monna e mong moo ke sebeletsang teng a re o thahasella ho taka litšoantšo. Leha ho le joalo, e ne e le lefokisi ’me o ile a mpontša tokomane e ntšang taelo ea hore ke tšoaroe. Ka hona, ke ile ka boela ka ea khotla ’me ka kenngoa chankaneng. Paul o ile a nketela, ’me ke ile ka mo tšepisa, “U ke ke ua ikoahlaela boiteko boo u bo entseng ho nthusa hore ke utloisise Bibele.” Re ile ra tsoela pele re bala ha ke le chankaneng.
Ke Bontša Hore ke ne ke Tiile
Ha ke lokolloa, ke ile ka etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle ea ka, ’me ka lilemo tse peli tse latelang, ke ile ka bontša hore ke ne ke tiile. Ka 1988, ke ile ka kolobetsoa ke le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ke chesehela ho lefella nako eo ke e sentseng, ke ile ka nka bopula-maliboho ba nako e tletseng, ka etsa boiteko bo khethehileng ho finyella bacha ba leng lihlopheng tsa litlokotsebe.
Sehlopha se seng sa litlokotsebe se ne se rata ho ngola maboteng a Holo ea rōna ea ’Muso. Kaha ke ne ke tseba ba sehlopheng seo le hore na ba lula hokae, ke ile ka ba etela, ka ba hlalosetsa morero oa Holo ea ’Muso, ’me ka mosa ka ba kōpa hore ba hlomphe sebaka seo sa rōna. Ha rea ka ra hlola re e-ba le bothata ba mabota a ngoloang ka mor’a moo.
Hamorao ha re ne re nchafatsa holo ’me re qaqapolotsa pente ea khale, mocha e mong oa Paki ea bitsoang Fernando o ile a qaqapolotsa moo ho ngotsoeng “Letlametlu” (La Rana, ka Sepanishe). O ile a re: “Leo e ne e le lebitso la ka!” Ha e ne e sa le setho sa sehlopha sa litlokotsebe, Fernando o ne a ile a ngola lebitso leo ba neng ba mo reneketsa ka lona leboteng leo. Joale ke eena ea neng a le tlosa!
Ha ke ne ke qala ho kopana le Fernando, o ne a tahiloe ke lithethefatsi. ’Mè oa hae o ne a ile a mo isa litsing tse peli tsa toantšo ea bokhoba ba lithethefatsi, empa ha aa ka a thuseha. Ka hona, ’mè oa hae o ile a tela ’me a tsamaea, a mo tlohela a le mong lapeng. Fernando o ile a rekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa—esita le mamati, lifensetere le marulelo a ntlo—e le hore a lefelle lithethefatsi. Ka letsatsi le leng ke ile ka buisana le eena seterateng, ka mo fa seno-mapholi ’me ka mo khothalletsa hore re ithute Bibele. O ile a lumela, ’me se nthabisitseng ke hore o ile a amohela ’nete. O ile a ikhula sehlopheng sa litlokotsebe, a khaotsa ho sebelisa lithethefatsi, a qala ho ea libokeng tsa Bokreste, ’me ka mor’a nakoana a kolobetsoa.
Ha ke le boboleling ba ntlo le ntlo le Fernando, hangata batho ba ne ba re lemoha ’me ba re “Letlametlu!” kapa “Superman!” ebe ba re botsa hore na re etsa’ng. Ba ne ba hlolloa ha ba bona motho eo e kileng ea e-ba setho sa sehlopha sa litlokotsebe le eo e kileng ea e-ba lesholu a ba etela, a tšoere Libibele.
Ka lekhetlo le leng ke ne ke pakela monna e mong ha Fernando eena a ntse a bua le moahelani oa monna eo. Monna eo o ile a supa Fernando ’me a re ho ’na: “Ua ’mona mohlankana eo? O kile a ntšupa ka sethunya hloohong.” Ke ile ka mo tiisetsa hore Fernando o tlohetse mekhoa ea hae ea pele ’me hona joale o ne a phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Ha e le hantle, ha Fernando a qeta ho bua le moahelani eo, ke ile ka mo bitsa ’me ka mo tsebisa monna eo ke neng ke ntse ke bua le eena. Monna eo o ile a re: “Mohlankana, ke u rolela khaebana ka liphetoho tseo u li entseng bophelong.”
Ha ke sa hopola hore na batho ba ile ba bua mantsoe ao ka makhetlo a makae ho ’na le Fernando. Sena se butse monyetla o motle oa ho paka, ’me sena se entse hore ho be le lithuto tse ngata tsa Bibele. Ka sebele ’na le Fernando re ho nka e le tokelo ho tsejoa re le Lipaki Tsa Jehova.
Ketsahalo ea Bohlokoa Bophelong ba Ka
Ka 2001 ha ke ne ke e-ba lilemo li 50, ke ile ka makala ka ba ka hlolloa ha ke memeloa hore ke be teng tlelaseng ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi se neng se tla tšoareloa Peru. Sekolo sena se koetlisa Lipaki tse tšoanelehang ka libeke tse robeli, se li fa thuto e tebileng ea moea ho li thusa tšebeletsong ea tsona.
Ke ne ke natefeloa ke likarolo tsohle tsa sekolo, ntle le ho bua phatlalatsa, hona ho ne ho ntšosa. Bacha ba bangata ba liithuti ba ne ba fana ka lipuo tse monate ’me ba bonahala ba le sebete. Empa ha ke ema hore ke fane ka puo ea ka ea pele, maikutlo a ho ikhella fatše ao ke ’nileng ka khathatsoa ke ’ona ho tloha bongoaneng a ile a khutla. Mangole a ka a ile a tšerema, matsoho a ka a fufuleloa le ho thothomela, ’me le lentsoe la ka la thothomela. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ntšehetsa ka moea oa hae o halalelang le ka barab’eso ba lerato. Morupeli e mong oa rōna o ile a ba a nthahasella ka ho khetheha ’me ka mor’a tlelase o ile a nthusa hore ke lokisetse lipuo tsa ka. Ka holim’a tsohle, o ile a nthuta hore ke tšepe Jehova. Ha sekolo se fela, ke ne ke qala bophelong ba ka ho natefeloa ke ho bua ka pel’a batho.
Teko e khōlō ea hore na kea itšepa e bile kopanong e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Guayaquil. Ka pel’a letšoele la batho ba 25 000, ke ile ka pheta hore na ke bile Paki joang. Ha ke ntse ke bua, ke ile ka ameha maikutlong ke tokelo eo ea ho khothatsa batho ba bangata hakaalo, ’me lentsoe la ka le ile la qala ho thothomela. Hamorao, e mong oa ba neng ba le teng kopanong eo o ile a tla ho ’na ’me a re, “Mor’eso González, ha u ntse u pheta phihlelo ea hao, bohle ba neng ba mametse ba ne ba tletse likhapha ka mahlong.” Sepheo sa ka e ne e le hore pale eo ea ka e be khothatso ho bao e ka ’nang eaba ba loana ka thata ho hlōla mekhoa ea bona ea khale.
Hona joale ke moholo hape ke pula-maliboho oa kamehla, ’me ke bile le thabo ea ho thusa batho ba 16 hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele. Ke boetse ke thabetse hore batsoali ba ka le likhaitseli tsa ka tse ’nè le bona ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova. ’Mè o hlokahetse ka 2001 a ntse a tšepahala ho Molimo. Ke leboha Jehova haholo ka ho ntumella hore ke mo tsebe, ’me ha ho tsela e ’ngoe e molemo eo ke e tsebang ea ho mo leboha, ntle feela le ho memela ba bang hore le bona ba atamele ho eena.—Jakobo 4:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Fernando, Letlametlu, eo ke mo thusitseng ’me e ne e le setho sa sehlopha sa litlokotsebe
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Paul Sánchez, moromuoa ea ileng a nthuta Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Vicente González kajeno