Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/06 maq. 26-28
  • “Mohlalefi ea Lebetsoeng” oa Brithani

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mohlalefi ea Lebetsoeng” oa Brithani
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefa le Siuoeng ke Hooke
  • Ho Tsosolosa London
  • Ke Hobane’ng ha a Ile a Lebaloa?
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Bolumeli ba Bohata bo Iketsa Seotsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Babylona—Setsi sa Borapeli ba Bohata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Babylona e Moholo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 7/06 maq. 26-28

“Mohlalefi ea Lebetsoeng” oa Brithani

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

ROBERT HOOKE, eo batho ba mehleng ea hae ba neng ba mo hlalosa hore ke “moqapi ea hloahloa ka ho fetisisa ea kileng a phela,” hona joale o nkeloa holimo joaloka Leonardo da Vinci, Engelane.a Hooke ea hlahileng ka 1635, o ile a khethoa hore a okamele ba etsang liteko Royal Society ea London ka 1662 ’me a etsoa mongoli ka 1677. O ile a hlokahala ka 1703. ’Me le hoja a tumme litabeng tsa saense, setopo sa hae se patiloe lebitleng le sa tsejoeng kae-kae karolong e ka leboea ea London.

Lilemong tsa morao tjena, bo-rasaense le bo-rahistori ba lekile ka matla ho tsosolosa botumo ba ‘mohlalefi enoa ea lebetsoeng,’ e leng kamoo Stephen Inwood ea ngolang lipale tsa bophelo a bitsang Hooke kateng. Ka 2003, Royal Observatory Greenwich ea London e ile ea tšoaea selemo sa bo300 sa lefu la Hooke ka ho bontša tse ling tsa lintho tse ikhethang tseo a li qapileng le tseo a li sibolotseng. Robert Hooke e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha a ile a lebaleha ka nako e telele hakaale?

Lefa le Siuoeng ke Hooke

Hooke e ne e le motho ea rutehileng ebile e le moqapi ea hloahloa. Har’a lintho tse ngata tseo a ileng a li qapa e bile tšepe e nang le lenonyeletso le tenyetsehang ka hohle, e sebelisoang likoloing kajeno; leihlo la k’hamera, le ka bulehang haholo kapa hanyenyane; le seporing se tsamaisang lebili la oache. O ile a etsa molao oa Hooke, e leng mokhoa oa lipalo o ntseng o sebelisoa le kajeno ho hlalosa ho saroloha le ho honyela ha liporing. O ile a boela a etsetsa setsebi sa Lebrithani sa fisiks le k’hemiste, se bitsoang Robert Boyle, pompo ea moea.

Ntho e ’ngoe e khōlō eo Hooke a ileng a e finyella e bile ho etsa mochine o hōlisang ponahalo ea lintho o nang le lilense tse peli, oo hamorao o ileng oa hahoa ke moetsi e mong ea tummeng oa lisebelisoa London, e leng Christopher Cock. Ka mor’a moo, Hooke o ile a qapa lentsoe “sele” ho hlalosa mekotjana e poropong, eo a neng a ka e hlahloba ka sesebelisoa sa hae. Hamorao lentsoe “sele” le ile la sebelisoa linthong tse phelang.

Buka ea Hooke e bitsoang Micrographia (Litšoantšo Tse Nyenyane), e hatisitsoeng ka 1665, e ile ea etsa hore a tume a kapele. E ne e e-na le litšoantšo tse toroiloeng hantle le tse nepahetseng tse toroiloeng ke Hooke, li bontša tsela eo kokoanyana e phelang ka eona ho ea kamoo a neng a e bona kateng mochineng oa hae o hōlisang ponahalo ea lintho. Setšoantšo sa hae se tsebahalang haholo ke sa letsetse. Setšoantšo seo se betliloeng lejoeng se bophara ba lisenthimithara tse 30 le bolelele ba lisenthimithara tse 45, se bontša linala tsa letsetse, masapo a lona a mokokotlo le letlalo la lona. Babali ba ruileng ba mehleng eo ba ile ba makatsoa ke hore likokoanyana tseo li atisa ho phela bathong. Ho thoe mafumahali ’ona a ile a akheha ha a bona setšoantšo seo!

Ka mor’a hore Hooke a bapise motsu oa nale e hōlisitsoeng le lintho tsa tlhaho, o ile a re ha a ngola: “Mochine o hōlisang ponahalo ea lintho o ka re bontša Mehlala e se nang palo ea Lintho Tse Nchocho ka makhetlo a likete” ho feta motsu oa nale. O ile a bua ka moriri, boea bo liqala le linala tsa likokoanyana hammoho le meutloa, likhoketsane le boea ba makhasi. O ne a nka hore ‘lintho tsena tsa Tlhaho,’ li senola hore Moetsi oa tsona o matla ’ohle. Encyclopædia Britannica e re, mochine o hōlisang ponahalo ea lintho o ile oa senola “ka lekhetlo la pele hore lintho tse phelang li rarahane ka ho tsotehang.”

Hooke e bile motho oa pele oa ho hlahloba mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho, e leng se ileng sa mo lebisa qetong ea hore ho na le mesaletsa ea lintho tse phetseng khale. Micrographia e ne e hlalosa lintho tse ling tse ngata tse thahasellisang tsa saense. Ha e le hantle, Samuel Pepys ea neng a boloka tlaleho ea lintho tse etsahalang mehleng ea Hooke, o ile a re Micrographia “ke buka e ipabolang ka ho fetisisa thutong ea mahlale eo nkileng ka e bala.” Allan Chapman, e leng rahistori oa saense Univesithing ea Oxford, o hlalosa buka eo e le “e ’ngoe ea libuka tse nang le tšusumetso lefatšeng la kajeno.”

Ho Tsosolosa London

Hooke o ile a khethoa hore ebe mapotiele ka mor’a hore ho qhome Khanare ea Mollo London ka 1666. O ile a tšoarisana le motsoalle e mong oa hae ea bitsoang Christopher Wren, eo le eena e neng e le rasaense ebile e le mapotiele oa morena, ba tsosolosa motse oo. Har’a lintho tse ngata tseo Hooke a ileng a li etsa London e bile ho emisa Sefika se bolelele ba limithara tse 62, e le sehopotso sa mollo oo. Hooke o ne a rerile ho sebelisa Sefika seo, sa mohaho oa majoe o molelele ka ho fetisisa lefatšeng ho hlahloba likhopolo tseo a nang le tsona ka matla a khoheli.

Le hoja Royal Observatory Greenwich e amahanngoa le Wren, Hooke o phethile karolo e khōlō ho thehoeng ha eona. Montague House, e leng Musiamo oa pele oa Brithani, ke o mong oa mehaho e mengata e entsoeng ke Hooke.

Hooke e ne e le setsebi se ipabolang sa linaleli ’me ke e mong oa batho ba pele ba ileng ba etsa telescope, eo a ileng a e rehella ka setsebi sa lipalo sa Scotland ebile e le setsebi sa linaleli James Gregory. Hooke o ile a hlokomela hore Jupiter e potoloha tselaneng ea eona, ’me tsela eo a ileng a tšoantša Mars ka eona e ile ea sebelisoa lilemo tse makholo a mabeli hamorao ho sibolla tsela eo polanete eo e potolohang ka eona.

Ke Hobane’ng ha a Ile a Lebaloa?

Isaac Newton o ile a hatisa Mathematical Principles of Natural Philosophy ka 1687. Buka ea Newton e neng e hlalosa molao oa ho tsamaea ha lintho, ho akarelletsa molao oa matla a khoheli, e ile ea lokolloa ka mor’a lilemo tse 22 ho lokolotsoe ea Hooke e reng Micrographia. Empa joalokaha Allan Chapman a bolela, Hooke “o sibolotse lintlha tse ngata ka matla a khoheli pele ho Newton.” Ho batlisisa ha Newton sebōpeho sa leseli le hona ho ne ho susumelitsoe ke mosebetsi o entsoeng ke Hooke.

Ka masoabi, ho ngangisana ha bona ka sebōpeho sa leseli le matla a khoheli ho ile ha senya likamano pakeng tsa banna bao ba babeli. Newton o ile a ba a hlakola seo a neng a se ngotse ka Hooke bukeng ea Mathematical Principles. Ho ea ka mohloli o mong oa boitsebiso, Newton o ile a ba a leka ho tlosa litlaleho tsa seo Hooke a se entseng ho tlatsetsa saenseng. Ho phaella moo, lisebelisoa tse ngata tseo Hooke a neng a iketselitse tsona, litlaleho tse ngata tseo a neng a li ngotse le setšoantšo se le seng feela sa monna eo se nkoang e le sa ’nete li ile tsa nyamela hang ka mor’a hore Newton e be mopresidente oa Royal Society. Ka lebaka la seo sohle, Hooke o ile a qeta lilemo tse fetang makholo a mabeli a lebetsoe.

Ho makatsang ke hore Newton o ile a ngola mantsoe a hae a tummeng lengolong leo a neng a le ngoletse Hooke, la la 5 February, 1675, a re: “Ke tena ke bona hōle tjena ka lebaka la ho ema mahetleng a Bahale.” Robert Hooke eo e neng e le setsebi sa meralo ea ho haha, setsebi sa linaleli, rasaense ea etsang liteko, moqapi oa lintho le mapotiele e ne e le mohale mehleng ea hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Da Vinci e ne e le motaki oa litšoantšo oa Motaliana, ’metli oa litšoantšo, moenjiniere le moqapi oa lintho, ea phetseng lilemong tsa bo-1500.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Litšoantšo tse toroiloeng ke Hooke tse bontšang tsela eo lipepa tsa lehloa le tsa qhoqhoane li shebahalang ka eona

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mochine o hōlisang ponahalo ea lintho o qapiloeng ke Hooke

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Hooke o ile a qapa lentsoe “sele” ho hlalosa mekotjana e poropong

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Bukeng ea Hooke e reng “Micrographia” ho ne ho e-na le litšoantšo tsa lintho tseo a li boneng ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

E ka ’na eaba letsetse le lekana ka boholo

Ho thoe mafumahali a ile a akheha ha a bona setšoantšo sa letsetse se toroiloeng ke Hooke

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Montague House ke o mong oa mehaho e mengata e entsoeng ke Hooke

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Setšoantšo se toroiloeng ke Hooke se bontšang molao oa hae oa lintho tse sarolohang le tse honyelang

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Tora ea London ea Sehopotso ke mohaho oa majoe o molelele ka ho fetisisa lefatšeng

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Royal Observatory

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 26]

Spring, microscope, and snowflakes: Images courtesy of the Posner Memorial Collection, Carnegie Mellon University Libraries

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 27]

Images courtesy of the Posner Memorial Collection, Carnegie Mellon University Libraries

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 28]

Spring diagram: Image courtesy of the Posner Memorial Collection, Carnegie Mellon University Libraries; London’s Memorial Tower: Matt Bridger/DHD Multimedia Gallery; Royal Observatory: © National Maritime Museum, London

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela