Molaetsa o Lokela ho Fetisoa
PELE ho qaptjoa lithelekramo, molaetsa o ne o lieha ho fihla libakeng tse hōle ’me o fihla ka thata, ho itšetlehile ka mokhoa oo o fetisoang ka oona le sebaka seo o eang ho sona. Nahana ka mathata a neng a tobane le Mainca, a neng a e-na le ’muso o moholo Amerika Boroa.
Ha ’Muso oa Mainca o le sehlohlolong sa puso ea ’ona ho ea bofelong ba lekholo la bo15 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo C.E., o ne o akarelletsa libaka tseo kajeno e leng Argentina, Bolivia, Chile, Colombia, Ecuador le Peru, moo motse-moholo oa boholo-holo, e leng Cuzco, o neng o le hona teng. Ho nka maeto ho ne ho sitisoa ke mekoloko ea lithaba tse telele, likhoa tse teteaneng le libaka tse qaqolohaneng haholo. Ho feta moo, Mainca a ne a se na lipelesa, haese li-llama feela, ’me a ne a se na likoloi kapa puo e ngoloang. Ka hona, a ne a buisana joang ’musong oo o moholo o nang le libaka tse qaqolohaneng?
Mainca a ile a etsa puo ea ’ona, e leng Sequechua, puo e buuoang pusong ea ’ona. A ile a etsa le litsela tse ngata. Tsela ea ’ona ea borena, kapa ’mila o moholo, e ne e le bolelele ba lik’hilomithara tse fetang 5 000 ho haola le lihlaba tsa Andes, ha tsela e lehlakoreng le shebaneng le eona, eona e ne e le bolelele ba lik’hilomithara tse 4 000 ho iphaphatha le Lebōpo la Pacific. Litsela tse hlahang ka mahlakoreng li ne li kopanya litsela tsena tse peli. Mainca a ile a boela a haha litsela tse katiloeng, tse nang le litepisi makhalong a phahameng, a haha marokho a phaphamalang metsing libakeng tse mokhoabo, le marokho a lohiloeng ka liropo a leketlileng holim’a likhohlo a hlokang hore motho a be sebete. Borokho bo bong bo leketlileng bo ne bo le bolelele ba limithara tse 45, bo e-na le lik’hebole tse lekanang le ’mele oa motho ka botenya, ’me bo ile ba sebelisoa ka lilemo tse 500 ho fihlela ka 1880!
Mokhoa oa puisano oa Mainca e bile oa ho hlophisa lititimi tse neng li bitsoa chasquis, tse neng li behiloe libakeng tse fapa-fapaneng litseleng tse khōlō. Lititimi tseo li ne li matha lebelo la lesokoana la lik’hilomithara tse tharo kapa tse ’nè ’me ka letsatsi, ho tlalehoa hore li ne li matha sebaka sa lik’hilomithara tse fetang 160 lihoreng tsa motšehare. Li ne li fetisa melaetsa e mengata ka molomo empa li ne li e-na le boitsebiso ba lipalo mabapi le litaba tsa ’muso ’me bo kentsoe nthong e thahasellisang e bitsoang quipu. Quipu e ne e le ntho ea bohlokoa e rarahaneng e neng e thusa motho ho hopola, e neng e entsoe ka ropo le likhoele tse mebala e sa tšoaneng. Mafito a likhoeleng a ne a emela lipalo, lihlopha tse baloang ka mashome le makholo. Ha Masepanishe a hapa Mainca, quipu e ile ea tsoa fesheneng ’me ha lebaloa mokhoa oo ho baloang molaetsa ka oona.
‘Maoto a Khahlehang Lithabeng’
Kajeno, molaetsa oa bohlokoa le ho feta o fetisetsoa bathong ba limilione ba buang Sequechua—litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, e leng ’muso oa lefatše o tla tlisa khotso ho bohle ba ikokobeletsang puso ea oona. (Daniele 2:44; Matheu 24:14) Ho nka maeto sebakeng sena se kileng sa busoa ke Mainca ho ntse ho le boima, ’me Sequechua e ntse e le puo eo boholo e sa ngoloeng. Empa Lipaki Tsa Jehova—tseo boholo ba tsona li ithutileng ho bua Sequechua—li aba ka thabo lingoliloeng le lik’hasete ka maleme a ’maloa a buuoang kajeno sebakeng sena.
Mosebetsi oa baevangeli bana o re hopotsa mantsoe a bululetsoeng: “A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso, ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.”—Esaia 52:7.