Ke Ile ka Lopolloa Mahlomoleng ’Ohle a Ka
Joalokaha ho Boletse Jean-Claude François
Ka lebaka la letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka bibele, ke ile ka koalloa lilemo tse supileng lichankaneng tse fetang 12. Ho sa tsotellehe mahlomola ao ke fetileng ho ’ona, ke inka ke le lehlohonolo. E-re ke hlalose.
KE HLAHILE ka la 9 January, 1937, motseng oa Algiers, Algeria. Ka nako eo, Fora e ne e busa Algeria, ’me Ntate e ne e le ofisiri lebothong la Mafora. Mosebetsi oa hae o ne o mo isa Egepeta, Iraq, Lebanone le Syria likhoeli tse ’maloa tse latelanang, ’me seo se ne se etsa hore a be le nako e fokolang bakeng sa bana ba hae ba bahlano.
Ke ne ke rata sekolo ’me ke pasa hantle. Empa ke ne ke khathatsoa ke lipotso tse kang, Ke hobane’ng ha re e-shoa, hona haeba Molimo o matla ’ohle ebile o mosa, ke hobane’ng ha bokhopo bo le teng? Ke ne ke sa fumane likarabo tse nkhotsofatsang. Hape ke ne ke lakatsa ho tseba hore na bophelo bo bile teng joang. Ke ne ke utloa eka thuto ea Darwin ea ho iphetola ha lintho ke eona tlhaloso feela e utloahalang, ka hona ka qeta nako e itseng ke sa lumele hore Molimo o teng.
Likarabo Qetellong!
Ka 1954, motsoalle oa ka ea bitsoang Georges, eo e neng e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a mpha bukana e reng Evolution Versus the New World.a Ke ile ka e bala ka cheseho. Ntle le hore e ne e pepesa liphoso tsa thuto ea ho iphetola ha lintho, bukana eo e ne e senola hore tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e lumellana le tlaleho ea Genese, e reng Molimo o ile a bōpa lintho tsohle tse phelang “ho ea ka mofuta oa tsona.” (Genese 1:12, 25) Empa ntho e neng e ntse e nkhathatsa kelellong e bile ea bokhopo bo teng.
Georges e ne e le pula-maliboho, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng, ’me o ne a qeta nako e ngata a ruta batho ka Bibele, buka eo ke neng ke e-s’o ka ke e bala le ka mohla. Na ebe o ne a ka araba lipotso tsa ka? Ke ile ka ea foleteng ea hae e nyenyane, moo a neng a lula le bo-pula-maliboho ba bang, ’me ka fumana likarabo tsa Mangolo lipotsong tsa ka tse ngata. Ka mor’a moo, ke ile ka qala ho ithuta Bibele kamehla ’me ke ne ke ho thabela haholo. Ho tloha ka nako eo, ha ho mohla nkileng ka khathala ho fatisisa Lentsoeng la Molimo ho batla matlotlo a eona a matlafatsang tumelo.—Liproverbia 2:1-5.
Ke ile ka boela ka qala ho ea libokeng tsa Bokreste, tse neng li tšoareloa mokatong o ka tlaase-tlaase reschorenteng e ’ngoe e neng e le setsing se bohareng sa Algiers. Lipaki li ile tsa nkamohela ka mofuthu, ’me ka mor’a nako ke ile ka qala ho kopanela kamehla. Ka le leng ha ho etsoa tsebiso ea hore ho tla kopanoa seterateng se itseng, ke ile ka etsa qeto ea ho ea. Ha ke fihla, ke ile ka fumana hore Lipaki li ne li bokane moo li ea mosebetsing oa ho bolela ka ntlo le ntlo. (Liketso 20:20) Leha ho le joalo, ha kea ka khutla, ’me ke eona tsela eo ke keneng temeng ea ho bolela phatlalatsa ka eona.
Ka lekhetlo la boraro ke le boboleling, ke ile ka qala ho bua le beng ba matlo ke le mong. Ntlong e ’ngoe, ke ile ka sitoa ho fumana lengolo la Bibele leo ke neng ke le qotsitse. Mong’a ntlo o ile a re: “Mohlankana, e tle e re mohla u seng u tseba litaba tsa hao, e be e le hona u eang u re u il’o ruta batho.” Eaba o koala lemati. Ke tlaletsoe, ke ile ka lula fatše bencheng ’me ka batla lengolo leo. Ha ke le fumana ka mor’a metsotso e seng mekae, ke ile ka khutlela ho eena ho ea mo bontša lona.
Ke ile ka bonahatsa hore ke inehetse ho Molimo ka ho kolobetsoa ka la 4 March, 1956. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, ke ile ka tobana le qeto e boima. Ke sebeletse ke le pula-maliboho, kapa ke amohele mosebetsi oa ho ba tichere sekolong se seng sa mahaeng a Algeria, e leng ho bolelang hore ke tla ba le nako e fokolang bakeng sa boboleli? Ke ile ka khetha ho ba pula-maliboho.
Ntate o ile a tuka ke bohale ke qeto eo ke e entseng ’me a beha thipa molaleng oa ka, a ntaela hore ke khutlele hae letsatsi le leng le le leng mantsiboea. O ile a boela a re ke se ke be ka lebella hore ke tla fuoa lijo moo lapeng, le hoja ke ne ke ikemiselitse ho lefella litšenyehelo tsohle tsa ka. Ka hona, ke ne ke tloha lapeng hoseng ke lapile, ebe motšehare ke ja le bo-pula-maliboho, mantsiboea ke je bohobe bo kentsoeng ho itseng ka hare pele ke khutlela hae.
Ho Qoba Libomo le Likulo
Nakong eo, Algeria e ne e loanela boipuso, e se e sa batle ho busoa ke Fora, ’me Algiers e hlaseloa ka libomo le liketso tse mabifi tsa boiphetetso. Ka khoeli e ’ngoe, ho ile ha qhomisoa tse fetang lekholo. Libomo li ne li chehoa libeseng, libareng le mabaleng a lipapali. Ho ne ho lula ho e-ba le thibelo ea ho tsamaea ka linako tse itseng, ho netefatsa boitsebahatso ba batho le ho phenya-phenngoa.
Ka Sontaha sa la 30 September, 1956, ha ’na le bo-pula-maliboho ba bang re ne re ntse re hleka sebakeng seo ho kopaneloang ho sona, ho ile ha qhoma bomo ka holimo reschorenteng, ea bolaea le ho ntša batho ba bangata likotsi. Ka lehlohonolo, ha ho le ea mong ho rōna ka tlaase ka moo ea ileng a lemala. Ka December, ’na le morali’eso e mong re ne re bolela seterateng se phetheselang ha koloi e ’ngoe e feta ka lebelo, ba ka har’a eona ba fafatsa letšoele ka likulo le lifensetereng tse butsoeng. Re ile ra itšohlometsa mohahong o haufi, moo ke ileng ka sutumelletsa morali eo oabo rōna fatše ’me le ’na ka itihela fatše ka potlako. Likulo li ile tsa feralla ka holim’a rōna. Ka mor’a moo, kaofela ha rōna re ne re se re e-ba hlokolosi haholoanyane ha re bolela.
Ke Ile ka Hana ho Nka Lihlomo
Ka la 1 March, 1957, ke ile ka bitsetsoa sesoleng. Kaha letsoalo la ka la Bokreste le ne le sa ntumelle ho nka libetsa, ke ile ka rapella matla a hore ke tsebe ho sebetsana le ba boholong. Ke ile ka boela ka kōpa hore ke se ke ka mpa ka tobana le Ntate. Ka lehlohonolo, ke ile ka bolelloa hore ke e’o itlaleha motseng oa Lille, Fora, hōle le hae.
Matsatsi a tšeletseng hamorao ke ile ka fihla Qhobosheaneng ea Lille, e hahiloeng khale lekholong la bo17 la lilemo ha ho ne ho sa busa Morena Louis XIV. Ke sebelisa Bibele, ke ile ka hlalosetsa liofisiri tsa sesole boemo ba ka ba ho se nke lehlakore, eaba li nkoalla chankaneng. Hoseng ho hong, balebeli ba ile ba nkhulela ka ntle ho sele ea ka, ba hlahloba hore na ke na le eng eaba ba fumana Bibele e nyenyane. Joale ba ile ba mpaqamisa ka mpa fatše lehloeng, ba lahlela Bibele fatše haufi le ’na ’me ba nkhotla ka sekotlong ka sethunya, ’me ba mpaqamisa moo ka metsotso e ka bang mashome a mararo. Ka mor’a moo, ke ile ka thaba ha balebeli ba sa nkamohe Bibele, ’me le ka le holimo lena ke ntse ke e-na le eona shelefong ea ka ea libuka. Leha ho le joalo, ke ile ka ba le bothata ba ka maleng ka lilemo tse ngata ka lebaka la tsela eo e mpe eo ke ileng ka tšoaroa ka eona letsatsing leo.
Matsatsi a ’maloa hamorao, molaoli oa sesole o ile a mpalla lengolo le neng le tsoa ho Ntate. Le ne le re: “Le lokela ho etsa hore a be a inehele. Le mo lule molaleng haeba ho hlokahala.” Kaha ha kea ka ka inehela, ofisiri eo e ile ea nkoalla seleng e lefifi, moo ke neng ke robala k’hatebotong ’me ke ikoahela ka letairi. Kaha ho ne ho se ntloana, ke ne ke ithusetsa k’honeng ea sele. Ke ne ke sa hlape, ke sa tsukunye meno kapa hona ho hlatsoa sekotlolo seo ke jellang ho sona. Libeke tse peli hamorao, ke ile ka isoa chankaneng ea Fresnes, Paris.
Lilemo tse tšeletseng tse latelang, ke ile ka ahloleloa ho ea chankaneng ka makhetlo a mane, ’me ka hoehla lichankaneng tse 14. Mariheng a selemo se seng, ke ne ke le Fontevrault, ntlo ea baitlami ea lekholong la bo12 la lilemo e Loire Valley, e neng e se e fetotsoe chankana. Ha ke fihla teng, ke ile ka amohuoa lintho tseo ke neng ke e-na le tsona. Kaha ke ile ka phehella ho kōpa hore ba mphe Bibele ea ka, balebeli ba ile ba nkoalla ka seleng ke le mong khoeli kaofela. Ha ke le moo, sera sa ka se seng, e leng serame, se ile sa khutla se le makoebeta, ’me ke ile ka qala ho khohlela mali.
Joale ke ile ka isoa chankaneng e maemo a betere—Château de Turquant, haufi le Saumur, moo batšoaruoa ba neng ba sebetsa malapeng a liofisiri tse seng li tlohetse mosebetsi. Motšoaruoa e mong e ne e le Ahmed Ben Bella, eo hamorao e ileng ea e-ba mopresidente oa rephabliki ea Algeria. Ke ile ka mo pakela ka likhoeli tse ’maloa. Ka le leng o kile a re ho ’na: “U letsoalloa la Algiers, ’me u tšoeroe hobane u hana ho nka lihlomo ho loantša Maalgeria.” O ne a ntlhompha haholo ka lebaka la boemo ba ka.
Ke Matlafalletsoa ho Mamella Liteko Tse Eketsehileng
Bophelo ba ka bo ile ba mpefala ’me ha fumanoa hore ke na le lefuba, ’me ke ile ka isoa setsing sa kokelo se ka boroa Fora, moo ke ileng ka ba betheng likhoeli tse ngata. Ngaka e ile ea khothalletsa hore ke buuoe e le hore ho tlosoe letšoafo le amehileng, ’me ke ile ka lumela hore nka buuoa ha feela ke ‘ila mali.’ (Liketso 15:29) E halefile, ngaka eo e ile ea hana ho ntšebetsa. E ne e le selemo sa ka sa botšelela ke le litlamong.
Ke ile ka tlameha ho tloha setsing seo sa kokelo bohareng ba mariha, ke apere tse ’meleng feela. Empa joalokaha Jehova a ile a romela Onesiforase hore a e’o thusa moapostola Pauluse, O ile a nthomella mothusi—Mor’eso Adolphe Garatoni, ea ileng a mpha bolulo le ho ba “thuso e matlafatsang” ho ’na. (Bakolose 4:11; 2 Timothea 1:16-18) Ka thuso ea hae le ea ngaka e ’ngoe e ka boroa Fora, butle-butle bophelo ba ka bo ile ba ntlafala.
Nakong ena, ke ne ke e-na le litšenyehelo tse hlokang chelete e ngata ’me ke se na chelete ea ho li lefella. Ke ne ke sa tsebe hore na ke tla sebetsana le boemo bona joang. Joale ka letsatsi le leng ka fumana moeti eo ke sa mo tsebeng. O ile a re: “Ke leqoetha. Mopresidente oa Algeria, Monghali Ben Bella, o nthomile hore ke u fe mona.” O ile a mpha enfelopo e nang le chelete e lekaneng ho lefella litšenyehelo tsa ka ea ba ea sala. Ke ile ka leboha Jehova ka pelo eohle ea ka, eena “Ea Utloang thapelo.”—Pesaleme ea 65:2.
Litokelo Tse Ikhethang le Molekane ea Babatsehang
Kaha joale ke ne ke se ke lokolotsoe chankaneng, ke ile ka boela ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Phuthehong ea Melun, haufi le Paris, ke ile ka kopana le mohlolohali ea lilemo li 35, Andrée Morel. Monna oa hae eo le eena e neng e le Paki, o ne a bolailoe ke kotsi ea koloi. Re ile ra nyalana ka la 26 September, 1964. Ka la 1 August, 1965, re ile ra fumana kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Le hoja Andrée a ne a sa phele hantle, o ile a thabela tšebeletso ea nako e tletseng ka lilemo tse 28!
Ka 1967, ke ile ka khethoa ho ba molebeli oa potoloho, mosebeletsi ea tsamaeang a etela liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova ho li khothatsa. Re ne re sebeletsa ka boroa Fora, ho tloha Bordeaux ho ea Monaco, ’me ka selemo se seng re ile ra ba Paris. Ka lebaka la boemo ba rōna ba bophelo, mosebetsi oa ho tsamaea o ne o se bonolo, empa ka thuso ea Jehova, re ile ra sebeletsa barab’abo rōna ka lilemo tse 20, ho fihlela ka 1986 ha re boela re e-ba bo-pula-maliboho ba khethehileng.
Bophelo ba ka Kajeno
Hona joale ke habile lilemo tse 70 ’me ke ithutile ka makhetlo hore kamehla Jehova o fa bahlanka ba hae matla a ho mamella liteko. Ke ’nete hore a mang a matla ao a fumaneha ka ho bala Lentsoe la hae le bululetsoeng, leo ke lekang ho le bala ho tloha qalong ho fihlela qetellong selemo se seng le se seng.—Esaia 40:28-31; Baroma 15:4; 2 Timothea 3:16.
’Na le Andrée rea khothala ha re bona batho ba arabela molaetseng oa litaba tse molemo ’me ba nehela bophelo ba bona ho Jehova. Ka sebele, ha lilemo li ntse li feta re bone ha liithuti tsa rōna tsa Bibele tse 70 li etsa seo, li re tlisetsa thabo e khaphatsehang le e tšoarellang. Ha ke nahana ka bophelo ba rōna, ke utloa eka mopesaleme o ne a bua ka rōna ha a re: “Enoa ea hlorileng o ile a hooa, ’me Jehova a utloa. A mo pholosa mahlomoleng ’ohle a hae.”—Pesaleme ea 34:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ha ke le chankaneng Château de Turquant, haufi le Saumur
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
’Na le mosali oa ka ka 1967, le kajeno