Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 leq. 26
  • “Literene Tse Nyenyane” Tse Khantšang Lefifing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Literene Tse Nyenyane” Tse Khantšang Lefifing
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
  • “Lifate Tsa Jehova li Khotsofetse”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Tsoha!—2006
g 11/06 leq. 26

“Literene Tse Nyenyane” Tse Khantšang Lefifing

◼ Ka phirimana ha ho khutsitse sebakeng sa mahaeng Brazil, ho hlaha “terene” e nyenyane ka tlas’a matlakala morung. “Mabone” a mabeli a mafubelu a phatleng a bonesa tsela, athe a 11 a lehlakoreng ka leng, a bosehla bo botala, a bonesa mahlakoreng. Ena hase terene e tloaelehileng. Ho e-na le hoo, ke senakangoeli se bolelele ba limilimithara tse 70, se fumanoang Amerika Leboea le Boroa. Kaha linakangoeli tse tšehali, tse lulang e le libōkō, li tšoana le literene tse bonesitseng ka hare, hangata li bitsoa libōkō tsa literene. Batho ba Brazil ba li bitsa literene tse nyenyane.

Motšehare ha ho bonolo ho bona senakangoeli sena se ’mala o mosootho. Empa bosiu se toalatsa mabone a sona a hlollang. Mabone ana a fumana matla a ho khantša lik’hemik’haleng tse fumanoang liseleng, tseo ha li kopana le oksijene li hlahisang khanya e sa cheseng. Har’a mebala e meng, khanya eo e na le ’mala o mofubelu, o kang oa lamunu, o mosehla le o motala.

Mabone a mafubelu a phatleng a lula a bonesitse—empa eseng a bosehla bo botala a ka mahlakoreng. Lipatlisiso li bontša hore ao a phatleng a thusa senakangoeli hore se fumane mafokololi, ao e leng sejo seo a se ratang haholo, athe mabone a mahlakoreng ’ona ho bonahala a sebetsa ho nyahamisa liphoofolo tse ka se jang, tse kang maroana, linqaqana le likho. Ha e le hantle, ho khanya hona ho fetisa molaetsa o reng: “Ha ke hlabose. Itsamaeleng!” Ka hona, mabone a ka mahlakoreng a bonesa ha senakangoeli se nkhella kotsi. A boetse a bonesa ha se hlasela mafokololi le ha se setšehali se fuame mahe. Maemong a tloaelehileng, mabone a ka mahlakoreng a nka metsotsoana e seng mekae feela ho toalatsa a ntan’o fifala—a lula a etsa joalo nako le nako ha ho hlokahala.

E, esita le matlakaleng a moru, motho a ka fumana botle bo tsotehang, bo re hopotsang mantsoe a mopesaleme ha a ne a rorisa ’Mōpi a re: “Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.”—Pesaleme ea 104:24.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Robert F. Sisson/National Geographic Image Collection

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela