Bacha ba Sebelisang Inthanete!
Ak’u nahane feela ngoana oa hao a ntse a solla a le mong seterateng bosiu.
Nahana feela mora kapa morali oa hao e mocha a hlophisa ho tla tšoarela phathi ha hao empa a sa u tsebisa letho.
Ak’u nahane feela mora kapa morali oa hao a il’o seha linotlolo tsa ntlo ea hao ebe o li fa batho bao u sa ba tsebeng ho hang.
LE HOJA lintho tsena tse boletsoeng ka holimo li bonahala eka ke lintho tse ke keng tsa etsahala, ka sebele li ka etsahala haeba ngoana oa hao o sebelisa Inthanete. Makasine ea Science News e re: “Inthanete e fana ka menyetla ea mefuta-futa e thibang letsatsi ea hore batho ba kopane, e akarelletsang liboto tsa boitsebiso le ho romela melaetsa ka ho panya ha leihlo mecheng ea Inthanete ea ho arolelana maikutlo le ba bang.”
Kapele-pele bacha ba ile ba tloaela ho sebelisa Inthanete. Ha e le hantle, ka 2004 hoo e batlang e le batho ba 9 ho ba 10 ba United States ba pakeng tsa lilemo tse 12 le 17 ba ne ba sebelisa Inthanete, e seng e fumaneha hoo e batlang e le kae kapa kae lefatšeng.
Ke batho ba seng bakae feela ba ka reng Inthanete ha e na molemo. Leha ho le joalo, batho bohle ba lokela ho hlokomela likotsi tsa eona. Mohlala, Inthaneteng bacha ba bangata ba ikela hohle moo ba batlang ho ea teng ba le bang, ba bang ba arolelana maikutlo le batho bao uena—esita le eena ngoana oa hao—u neng u ke ke ua ba memela lelapeng la hao le ka mohla.
Ka ho hloka tsebo bacha ba bang ba bile ba phatlalatsa boitsebiso bo ba amang ka ho toba boo ba sa lokelang ho bo phatlalatsa, ba phatlalatsa maikutlo a bona esita le litšoantšo tsa bona Inthaneteng. Ho ea ka Moprofesa Zheng Yan oa State University of New York, “hangata [bacha] ha ba hlokomele hore na ke batho ba bangata hakae ba balang boitsebiso bona, esita le batho ba sebelisang Inthanete ho hoka-hoka bacha hore ba etse liketso tsa thobalano le bona.”
A re ke re hlahlobeng hore na ha e le hantle ke eng seo batho ba bacha ba se etsang Inthaneteng. Sena se tla re thusa ho bona hore na ke lintho life tse ka bakang mathata, hore na ha e le hantle bana ba rōna ba batla eng, le hore na re ka ba thusa joang hore ba fumane lintho tse utloahalang tseo ba li hlokang. Se tla thusa le bacha ba Bakreste hore ba hlōle phephetso ea ho lula ba tšepahala ho Molimo linakong tsena tse thata.—2 Timothea 3:1-5.