“Khantši e Ntšo” Likanaleng Tsa Venice
KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY
SE LELEMELA feela likanaleng pakeng tsa mabota a mongobo, se feta tlas’a marokho a entsoeng ka majoe, se feta haufi le lifensetere tse khabisitsoeng ka boqhetseke le mehahong e nang le mathule a nang le lipalesa. Se setšo, se setle ’me se khutsitse. Ha se le hōle, se shebahala joaloka khantši e ntšo. Le hoja ’mele oa sona o entsoe ka lepolanka ’me molala oa sona e le oa tšepe ho e-na le ho ba o bonolo o nang le masiba, se sesa ka bokhabane joaloka nonyana eo e ntle likanaleng tsa Venice, Italy. Ke seketsoana se bitsoang gondola, seo ba bang ba reng ke seketsoana se tummeng haholo lefatšeng. Se simoloha hokae? Ke hobane’ng ha se tumme hakaale? Se fapane joang le liketsoana tse ling?
Tšimoloho ea Sona
Ho thata ho fumana hore na hantle-ntle gondola ea pele e bile teng neng, le hoja ba bang ba lumela hore e bile lekholong la bo11 la lilemo C.E. E hlahile ka lekhetlo la pele litšoantšong tse takiloeng ho elella bofelong ba lekholo la bo15 la lilemo. Leha ho le joalo, e bile lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo moo e ileng ea nka sebōpeho se entseng hore e tume e be e fapane le liketsoana tse ling. Gondola e ne e se e ntse e bataletse ka fatše, empa nakong eo, seketsoana sena se ile sa nka sebōpeho sa sona se ikhethang sa ho ba motopo le ho ba le sefuba sa tšepe.
Ho thata ho fumana hore na hantle-ntle lebitso lena gondola le tsoa hokae. Ba bang ba re “gondola” e tsoa lentsoeng la Selatine le reng cymbula, leo e neng e le lebitso la seketsoana, kapa ba re le tsoa lentsoeng le reng conchula, e leng ho reneketsa lentsoe concha, le bolelang “khetla.”
Kamoo Venice e Leng Kateng
Ntho eo re ka tiisehang ka eona ke hore ho na le kamano e matla pakeng tsa seketsoana sena le Venice. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe gondola ke letšoao la bohlokoa haholo le emelang motse ona. Nahana ka litšoantšo tsohle tsa Venice tseo ho tsona ho hlahang gondola.
Ho na le ntho e ’ngoe hape e amahanyang seketsoana sena le motse ona. Roberto, eo e leng mokhanni oa gondola ea tsamaisang bahahlauli likanaleng tsa motse oo o re ho tsamaea ka seketsoana sena “ke tsela e ’ngoe e ikhethang ea ho tseba Venice. Ha u bone feela lintho tse tloaelehileng, empa u boetse u bona seo Venice e hlileng e leng sona.” Sengoli se tsebahalang sa Mojeremane, Johann Wolfgang von Goethe, se ile sa bolela hore ha se palame seketsoana sena, se ikutloa eka ke “Nkokonono ea Leoatle la Adriatic, ho tšoana feela le tsela eo baahi ba Venice ba ikutloang ka eona hang ha ba palama gondola.” Roberto o re: “Ho iketla ha gondola ha e tsamaea ho lumellana le moea o renang Venice. Ha u lutse holim’a mesangoana e sofosofo ka har’a eona, u ka ikutloa eka u na le nako eohle e teng lefatšeng ea ho roba monakeli.”
Litšobotsi Tse Ikhethang Tsa Gondola
Ha u sheba gondola, u ka ’na ua makatsoa ke hore e tsamaea e otlolohile empa e le hore e na le lesokoana le le leng le faselelitsoeng ka lehlakoreng le letona la seketsoana. Motho o ne a ka ’na a nahana hore haeba ho se motho ea se thibang nako le nako, seketsoana sena se ne se tla thinyetsa ka lehlakoreng le le leng ’me se ’ne se likalike nģa e le ’ngoe—empa ha ho joalo. Hobane’ng? Gilberto Penzo, eo e leng setsebi sa likepe tsa khale, oa ngola: “Haeba re bapisa ’mele oa seketsoana sena le ’mele oa motho, eba re re mokokotlo oa sona o emela lesapo la mokokotlo ’me foreime ea sona e emela likhopo, joale re ka re gondola e na le bothata bo tebileng ba lesapo le sa otlolohang la mokokotlo.” Ka mantsoe a mang, e tšoekame—karolo e ka ho le letona e tšesaane ho feta e ka ho le letšehali ka lisenthimithara tse 24. Ka lebaka la sena, karolo e ka ho le letona ea gondola e ba ka metsing ho feta e ka lehlakoreng le letšehali. Ho ba lekeke hona ha eona ho thusa hore e sokoe ka lesokoana le le leng, ’me le boima ba mokhanni oa eona ha a emeletse bohareng ha a ntse a soka le bona bo thusa hore gondola e lule e otlolohile.
Ntho e ikhethang ka “khantši” ena ke molala oa eona, kapa sefuba. Ntle le karolo e ka morao ea seketsoana, ke karolo ena feela e entsoeng ka tšepe. Sengoli Gianfranco Munerotto se re sefuba sa sona “se setle ka tsela e ikhethang le e hlaheletseng hoo botle ba sona bo sa tsoeng kelellong ea motho ea qalang ho se bona.” Qalong, sefuba sa tšepe se ne se thusa hore seketsoana sena se tsitse ha mokhanni a ntse a soka a le karolong e ka morao, empa hona joale e se e le mokhabiso feela. Batho ba sebaka seo ba na le tumelo ea hore likarolo tsa sefuba li emela libaka tse tšeletseng tseo motse oa Venice o arotsoeng ka tsona, ha karoloana e hlaheletseng ka mor’a molala eona ho thoe e emela sehlekehleke sa Venice se bitsoang Giudecca. Molala oa eona o manyoka-nyoka o hlalosoa o tšoantšetsa Kanale e Khōlō ea Venice.
Ntho e ’ngoe e ikhethang ke ’mala o motšo oa gondola. Ho ’nile ha fanoa ka litlhaloso tse ngata tsa hore na ke hobane’ng ha liketsoana tsena li le ntšo. Ho latela tlhaloso e ’ngoe, lekholong la bo16 le la bo17 la lilemo, li-gondola li ne li khabisitsoe, li le ka mebala-bala li bile li le mabothobotho ka tsela e feteletseng hoo Ntlo ea Senate ea Venice e ileng la tlameha ho lefisa beng ba li-gondola tse neng li le mahalihali haholo ka sepheo sa ho ba khothalletsa hore ba fokotse tsela eo ba etsang lintho ka eona. Empa ba bangata ba ne ba khetha ho lefa ho e-na le ho khaohana le mekhabiso ea bona. Ka lebaka leo, ’mastrata o ile a ntša taelo ea hore liketsoana tsena kaofela li pentoe ka botšo. Tlhaloso e ’ngoe ke e reng botšo ke pontšo ea ho siamela ba likete ba bolauoeng ke Lefu la Seoa la Lekholong la bo14 la Lilemo. Leha ho le joalo, ba bang bona ba re ’mala o motšo oa li-gondola o totobatsa hantle lebala le lesoeu-soeu la basali ba hlaheletseng sechabeng sa Venice. ’Nete eona ha ea pateha. Bonyane qalong ’mala o motšo e ne e le oa boka bo neng bo sebelisoa ho etsa hore liketsoana tsena li se kenele metsi.
Ka mor’a hore u tsamaee hamonate metsing a khutsitseng u palame khantši ena e ntšo, u khutlela koung eo leeto la hao le qalileng ho eona. Ha mahlo a hao a setse gondola morao ha e ntse e kenella hare, u ka ’na ua nahana ka nakoana hore mohlomong khantši ena e ka ’na ea reteletsa molala oa eona o molelele ’me ea manamisa masiba a hlantholohileng.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Foreimi ea “gondola” e tšoekame
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Sefuba se ikhethang
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Roberto, mokhanni oa “gondola” likanaleng tsa Venice
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
© Medioimages