Banna ba Abidjan ba Sebetsang ka Thata ho Hlatsoa Liaparo
KA MONGOLI OA TSOHA! CÔTE D’IVOIRE
RE NE re tsamaea re lebile bophirimela re tsoa Abidjan, Côte d’Ivoire, re thabetse ho bona motse ona o phetheselang oa Afrika Bophirimela hammoho le melumo ea ’ona ha ka tšohanyetso mahlo a rōna a se a haptjoa ke ho hong ho thahasellisang. Re bona liaparo tse mebala-bala tse ngata tse aliloeng joanng. Li aletsoe’ng? Metsoalle ea rōna ea sebakeng seo e thabela ho re hlaha leseling. Oo e ne e le mosebetsi oa ma-fanico.
Ma-fanico ke sehlopha sa banna ba sebetsang ka thata ba hlatsoetsang batho liaparo. Ho tloha ka meso ho fihlela ka shoalane, banna bana ba makholo le basali ba ’maloa ba matla ba iphelisa ka ho hlatsoetsa batho liaparo ka matsoho Nōkeng ea Banco. Lebitso la bona le kopantse mantsoe a mabeli a Sedyula, kapa Sejula, e leng lentsoe fani, le bolelang “lesela” kapa “liaparo,” le lentsoe ko, le bolelang “ho hlatsoa.” Ka hona, lentsoe la Sedyula le reng fanico le bolela “motho ea hlatsoang liaparo.”
Mosebetsi oa Motho ea Hlatsoang Liaparo
Hoseng ho hong ka malungoalungoana re ile ra etela moo ma-fanico a sebeletsang teng ho ea ithuta ho eketsehileng ka mosebetsi ona oa ’ona o thahasellisang. Ke lephehlophehlo le lekaakang! Ho se ho ntse ho sebetsoa. Nōka ea Banco eo metsi a eona a batlang a sa hlaka e tletse ka lithaere tse khōlō tseo ho behiloeng lipitla tsa majoe ho tsona. Thaereng ka ’ngoe, motho ea hlatsoang o eme ka har’a metsi a mo fihlang liropeng ho ea thekeng, ’me o phathahane ho etsa lekoeba ka metsing, ho otlanya liaparo fatše le ho li suoa.
Mo-fanico o lata liaparo malapeng e sa le ka meso. Ba bang ba batho bao a ba hlatsoetsang ba lula hōle le moo a hlatsoetsang teng ka lik’hilomithara tse tharo. O tsamaisa liaparo tsena ka kariki e entsoeng ka mapolanka eo a e hulang ka letsoho, kapa o roala seshobahali sa tsona hloohong. Joale mo-fanico o leba Nōkeng ea Banco. Ha a fihla nōkeng, o amoheloa ke sehlopha se mo lumelisang ka lipuo tse sa tšoaneng, kaha batho ba sebetsang mona ba tsoa libakeng tse ngata tse sa tšoaneng tsa Afrika. Ba bang ba bile mona ka lilemo tse ngata, joaloka Monghali Brama, sehlatsoi se koenneng se lilemong tsa bo-60. Mosebetsi o tsoela pele o sa khaotse selemo ho pota haese ka matsatsi a mararo feela.
Mosebetsi oa ho hlatsoa ka booona o mongata. Re shebella ha monna e mong a beha seshobahali sa liaparo tseo a tlil’o li hlatsoa fatše, liaparo tse ngata hoo li neng li ka emisa ’mè oa lelapa hlooho. O fasolla seshoba seo ’me o qala ho inela liaparo metsing. Ka mor’a moo, o etsa lekoeba ka metsing ka sesepa se entsoeng ka oli ea palema, a ntan’o otlanya seaparo ka seng letlapeng. Ka linako tse ling o sebelisa borashe ho hohla matheba a hanang ho tsoa. Ho hlatsoetsoa liaparo ho bitsa chelete e kae? Hempe ke lisente tse 50 ’me lakane e ka ba ranta. Ke lona lebaka le etsang hore mo-fanico a tlamehe ho hlatsoa liaparo tse ngata hore a tsebe ho iphelisa.
Haeba u ne u ka bona moqeqeko oa liaparo tseo ba li hlatsoang, u ne u ka ’na ua ipotsa, ‘Ebe ke’ng e ba hopotsang hore na seaparo se itseng ke sa mang?’ Re ile ra ipotsa hore na ebe mohlomong ba sebelisa mokhoa o tšoanang le o sebelisoang ke sehlopha sa banna ba hlatsoang liaparo ba India na, bao bona ba tšoaeang seaparo kae-kae. Mokhoa o sebelisoang ke ma-fanico o fapane le oa bo-mphato ba bona ba India haholo, leha ho le joalo, o sebetsa hantle joaloka oona.
Motho ea nang le tsebo ea re tsamaisang sebakeng sena o leka ho re hlalosetsa hore na ma-fanico a sebelisa mokhoa ofe. Pele ho tsohle, nakong eo sehlatsoi se latang liaparo, se sheba hore na beng ba liaparo ba ’mele e mekae lapeng ka leng e le hore se tle se hopole hore na seaparo se itseng ke sa mang. Ha ho moo se li tšoaeang teng. Joale se fasa lefito seaparong se seng le se seng nģa e le ’ngoe bakeng sa lelapa ka leng—ka mohlala, se ka le etsa letsohong le letšehali, le letona, k’hollorong, kapa thekeng. Ha se li hlatsoa, se lula se le hlokolosi hore tsa lelapa le le leng li ba hammoho. Rōna re bona e le ntho e thata ho e tšoara ka hlooho. Ka hona, re botsa e mong hore na ebe o se a kile a lahla kapa a kopa-kopanya liaparo tsa batho na. Ho makala ha hae ho hlakisa seo a se nahanang, ‘Che. Ha ho mohla mo-fanico a lahlang liaparo tsa batho!’
Na leha e le mang feela a ka tla Nōkeng ea Banco eaba o se a qala ho hlatsoa liaparo? Le letho! Ho na le molao o lateloang ka thata-thata. Motho ea batlang ho ba mo-fanico o qeta likhoeli tse tharo a koetlisoa ke sehlatsoi sa khale. Ke nakong ena moo a ithutang mokhoa o khethehileng oa ho hopola hore na liaparo tse itseng ke tsa mang. Haeba a hlōleha, o tla tlameha ho ea batla mosebetsi sebakeng se seng. Leha ho le joalo, haeba motho enoa e mocha a sebetsa hantle, joale o lefa cheletana e itseng ebe o fuoa thaere le lejoe, tse tla sebelisoa ke eena feela.
Sesepa se Entsoeng ka Oli ea Palema
Sesepa ke sa bohlokoa haholo mosebetsing o etsoang ke banna bana ba hlatsoang. Ka hona, ea sa tsoa qalisa mosebetsing ona o boetse o koetlisetsoa ho sebelisa sesepa se entsoeng ka oli ea palema hantle. Ho sebelisoa mefuta e meraro ea sesepa, eo o mong le o mong o nang le ’maloa oa oona. Sesepa se sesoeu le se sesehla se sebelisoa bakeng sa liaparo tse seng litšila haholo, ’me se setšo se sebelisoa bakeng sa tse tšoehlang. ’Mala oa sona o motšo ka lebaka la oli ea palema, eo e leng oona motsoako o ka sehloohong. Kaha ma-fanico ka bomong a sebelisa bonyane lisepa tse leshome letsatsi le leng le le leng, baetsi ba sesepa ba libakeng tse haufi ba lula ba e-na le se sengata.
Re etela moo ho etsoang sesepa teng leralleng le shebaneng le moo ho hlatsoetsang teng. Mosebetsi o moholo oa ho etsa sesepa o qala ka hora ea botšelela hoseng. Basebetsi ba se ba rekile lintho tse hlokahalang ’marakeng—oli ea palema e hahlileng, potassium, letsoai, lero la sefate sa soursop, oli ea kokonate le cacao butter, tseo kaofela li senyehang habonolo. Ba belisa lintho tsena hammoho ka moqomong o moholo mollong oa patsi. Ka mor’a ho pheha motsoako ona oa sesepa lihora tse ka bang tse tšeletseng, o tšeloa ka lipaneng le ka likotlolong ebe ho emeloa hore o hoame. Lihora tse ’maloa hamorao, baa se seha ho se etsa litene tse khōlō.
Joale moetsi oa sesepa, a roetse emere e tletseng sesepa, o theoha leralleng ho ea ho ma-fanico. O isa sesepa sena joang ho banna ba ntseng ba tšoarehile ba hlatsoa ka nōkeng? O kena ka metsing a mo fihlang thekeng ka emere ea polasetiki e tšetseng sesepa e phaphametseng metsing, ebe o tsamaea a ba fa sesepa seo ba se hlokang.
Ha Mosebetsi oa Letsatsi o Phethoa
Ha mo-fanico a qetile ho hlatsoa, o ea leralleng le haufi ’me a anehe liaparo a li kolokisitse mohloeng kapa terateng. Joale ho shatamana liaparo tse mebala-bala tse ileng tsa hapa mahlo a rōna qalong. Ena ke nako eo motho ea hlatsoang ea sebetsang ka thata a ka phomolang ka eona ho se hokae. Thapama ha liaparo li omme, o phutha liaparo, a li mene ka hloko, mohlomong a aene tse ling ka aene ea mashala. Qetellong o phuthela liaparo tseo tse hloekileng le tse aennoeng, ebe o li isa ho beng ba tsona.
Qalong ha re ne re bona mekoloko ea liaparo tse anehiloeng, ha rea ka ra nahana ka mosebetsi o boima o amehang. Empa joale re thabetse hore ebe re etetse sebaka sena sa ma-fanico a Abidjan, kaha re se re utloisisa le ho ananela mosebetsi ’ohle oo banna le basali ba hlatsoang liaparo lefatšeng ho pota ba o etsang.
[’Mapa o leqepheng la 10]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
CÔTE D’IVOIRE
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Moetsi oa sesepa o rekisa sesepa
[[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
PhotriMicroStock™/C. Cecil