Tsa Mona le Mane
◼ Maria Cino, ea tšoereng mokobobo e le Letona la Tsa Lipalangoang, o re: “Ho khanna motho a tahiloe ke e ’ngoe ea litlōlo tsa molao tse kotsi ka ho fetisisa Amerika.” Bathong bohle ba shoeleng likotsing tsa ’mileng United States ka 2005, ba etsang karolo ea 39 lekholong e bile ka lebaka la tahi.—U.S. DEPARTMENT OF TRANSPORTATION.
◼ “Bohlasoa ba lipolasetiki tse fetang 46 000 bo phaphametse sekoere-maeleng se seng le se seng leoatleng kajeno.”—UNITED NATIONS ENVIRONMENT PROGRAMME.
◼ “Basebetsi ba United States ba qeta lihora tse limilione tse 500 ka selemo ba bapala [ka k’homphieutha] mosebetsing, ho bolelang hore ba lahla lidolara tse limilione tse likete tse 10 [liranta tse limilione tse likete tse 71] tsa tlhahiso ea mosebetsi.” Nako ena ha e akarelletse eo “ba e qetang ba ichebela lintho tsa bona Inthaneteng ka nako ea mosebetsi.”—MANAGEMENT-ISSUES WEB SITE.
Pefo e Etsoang Baneng
Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re: “Bana ba bangata ba nka hore pefo ke ntho e tloaelehileng, ke karolo ea bophelo.” Ho latela tlaleho e sa tsoa fanoa ke mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, “ho bolailoe bana ba ka bang 53 000 lefatšeng ka bophara ka 2002.” Ho phaella moo, bana ba limilione ba qobelloa ho sebetsa, ho ba matekatse, kapa ho hlahisa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Na masisa-pelo aa a ka qojoa? Tlaleho ea mongoli-kakaretso e re: “Lintho tse ka ’nang tsa tlisa tšireletseho ka lapeng le libakeng tse ling e ka ’na ea e-ba hore har’a tse ling batsoali ba hōlise bana hantle, ba be le maqhama a matla le bana le hore bana ba khalemeloe ka tsela e hahang eseng e mabifi.”
Ho ba le Metsoalle e Molemo ho ka Lelefatsa Bophelo!
Makasine ea Journal of Epidemiology and Community Health e tlaleha hore ho ba le metsoalle e molemo ho ka ’na ha lelefatsa bophelo ba motho. Ho entsoe phuputso ho Maaustralia a ka bang 1 500 a lilemo li 70 kapa ho feta, nakong ea lilemo tse leshome, ho fuputsa kamoo ho sebelisana le batho ba bang ho lelefatsang bophelo kateng. Sekhahla seo a nang le metsoalle e mengata a shoang ka sona, se tlaase ka liphesente tse 22 ha se bapisoa le sa a nang le metsoalle e seng mekae feela. Tlaleho eo e bontša hore metsoalle e etsetsanang lintho e boetse e thusa ba seng ba hōlile tabeng ea “khatello ea maikutlo, ho etsa hore ba ikutloe ba itšepa, ba se ke ba ikhella fatše, ba khone ho jara mathata le hore ba be le boikemisetso, kapa ba ikutloe hore ba khona ho laola lintho bophelong ba bona.”
Baahi ba Brithani ba Sekolotong
Koranta ea London, The Daily Telegraph, e re: “Batho ba baholo ba fetang karolo ea ’ngoe borarong ba butseng liak’haonte bankeng ba itšetlehile ka hore banka e lule e ba alima chelete.” Batho ha ba sa nka mokitlane bankeng hobane ba hloka chelete boemong bo itseng ba tšohanyetso, ho e-na le hoo e se e le “tlamo” hore baahi ba Brithani ba limilione tse 3,5 ba lule ba nka mekitlane. Keith Tondeur, motsamaisi e moholo oa mokhatlo o fanang ka thupelo ho ba hlokang thuso o bitsoang Credit Action, o re bothata ke hore “batho ba tloaetse hore ba fumane lintho tseo ba li batlang hang-hang.” Tondeur oa lemosa: “Ba limilione ba rōna re lula re sebelisa chelete e ngata ho feta eo re nang le eona ’me taba ea hore ha re tsebe letho ka tsela eo lichelete li sebetsang ka eona e bolela hore ba bangata ba rōna ha re tsebe hore na seo se re kenya litšenyehelong hakae.”
Lifofane Tse Tsamaeang Bosiu le ho Futhumala ha Lefatše
Makasine ea Scientific American e re mosi oa lifofane tsa jete o etsang mophula sepakapakeng o ama mocheso oa sepakapaka. Motšehare mophula ona o nka khanya ea letsatsi, e leng ho etsang hore sepakapaka se phole. Empa bosiu o tšoara mocheso. Makasine eo e tlaleha hore bafuputsi ba Manyesemane ba fumane hore “lifofane tse tsamaeang pakeng tsa 6 P.M. le 6 A.M. li entse hore mocheso o eketsehe ka karolo ea 60 ho isa ho ea 80 lekholong, le hoja lifofane tsena li etsa karolo ea 25 feela lekholong ea lifofane tse tsamaeang moeeng.”