Tsa Mona le Mane
◼ “Hona joale lelapa le tloaelehileng la Amerika le na le lithelevishene tse ngata ho feta batho”—e leng lithelevishene tse 2,73 bakeng sa batho ba 2,55. “Halofo ea malapa a Amerika e na le lithelevishene tse tharo kapa ho feta.”—ASSOCIATED PRESS, U.S.A.
◼ Letsatsi le letsatsi, makhotleng a Afrika Boroa bana ba 82 ba qosetsoa “peto kapa ho hlasela bana ba bang ka mabifi.” Bongata ba bana bana ba qosoang bo bolela hore “bo ne bo susumelitsoe ke lintho tseo bo li boneng thelevisheneng” hore bo hlekefetse ba bang.—THE STAR, AFRIKA BOROA.
Ho Itima Boroko ho Fokotsa Tlhahiso Mosebetsing
Mekhoa ea ho robala ea batho ba bang ba Spain e ba sitisa hore ba be mafolofolo mosebetsing. Dr. Eduard Estivill, eo e leng mookameli tleleniking ea boroko Barcelona, o bolela hore ha batho ba Spain ba bapisoa le batho ba bang ba Europe, ba tsoha hoseng haholo, ba sebetsa lihora tse ngata, ba ja lijo tsa mantsiboea bosiu haholo ’me ba fokotsa nako ea bona ea boroko ka metsotso e 40. Leha ho le joalo, ho se robale nako e lekaneng ho ka baka mathata a kang ho khopeha le feela, ho lebala, ho tšoenyeha le khatello ea maikutlo. Kahoo, Dr. Estivill o eletsa ka ho re: “Setsebi leha e le sefe se etsang mosebetsi o hlokang matla a kelello kapa tšebetso e ’ngoe e hlokang hore se tsepamise maikutlo, se lokela ho robala lihora tse supileng ho isa ho tse robeli letsatsi ka leng.”
Ho Fehla Matla a ho Futhumatsa ka Koro?
Na ho loketse ho chesa koro ka morero oa ho fehla matla a ho futhumatsa? Koranta ea Jeremane e bitsoang Frankfurter Allgemeine Sonntagszeitung, e hlalosa hore ka lebaka la theko e ntseng e theoha ea lijo-thollo le ka lebaka la theko e ntseng e phahama ea mafura, sehoai se ipolokela chelete ha se chesa koro bakeng sa ho fehla matla a ho futhumatsa ho e-na le hore se rekise koro ebe se reka mafura. Hore sehoai se hlahise koro ea boima ba lik’hilograma tse 2,5 se hloka R1,40, athe ha se e chesa, koro eo e tla hlahisa mocheso o lekanang le o hlahisoang ke lithara e le ’ngoe ea mafura, e rekoang ka R4,20. Ke ka lebaka leo koranta e boletsoeng ka holimo e ileng ea hlahisa qaka ena: Na u ka “chesa lijo-thollo, empa batho ba bang bona ba bolaoa ke tlala”?
Ho Etsa Khoebo ka Ketelo ea Mopapa
Ha mopapa a ne a etela Jeremane ka 2006, bo-ralifeme, bahoebi le indasteri ea bohahlauli ba ile ba itokisa ka matla esale pele hore ba etse chelete ka leeto leo la hae. Kereke le eona e ile ea khetha bahoebi ba neng ba tla sebelisana le eona hore ba e rekisetse ka ho khetheha lintho tse amanang le ketelo eo ea mopapa. Lintho tsa ho ikhopotsa ketelo eo li ne li akarelletsa lirosari, likerese, libotlolo tsa metsi a halalelang, likopi tsa ho noela, likepisi, likipa, lintho tse hakang linotlolo le lifolakha tsa Vatican. Makasine ea Der Spiegel, e ile ea re: “Kereke e K’hatholike e ikakhetse ka setotsoana ho etseng chelete, joalokaha eka ha ho mohla Jesu Kreste . . . a kileng a leleka bahoebi ka tempeleng.”
Lipapali Tsa Video li Bolaile Batho Matsoalo
Phuputso e entsoeng ke litsebi tsa kelello tsa Iowa State University, U.S.A., e re: “Ho bapala lipapali tse mabifi tsa video ho ka bolaea matsoalo a batho hore ba se ke ba hlola ba nyarosoa ke pefo ea sebele.” Liphuputso tsa nako e fetileng li ile tsa bontša hore ho bapala lipapali tse joalo “ho etsa hore motho a nahane lintho tse mabifi, a tlale bohale, a be le mathata a pelo, a heme ka thata ’me a be mabifi.” Phuputso ena e ile ea hlahloba batho ba shebelletseng filimi e nang le pefo ho bona hore na lipelo tsa bona li otla joang le hore na ba ameha joang maikutlong hang ka mor’a hore ba bapale lipapali tsa video tse nang le pefo kapa tse se nang eona. Liphello tsa phuputso eo li ile tsa bontša hore batho ba “bapalang lipapali tse mabifi tsa video ba lemalla mefuta eohle ea pefo kapa ‘baa e tloaela’ ’me qetellong ha e sa ba ama.”