Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na ho bapala lipapali tse mabifi tsa k’homphieutha ho ka ama kamano ea motho le Jehova?
Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a ngola a re: “Jehova o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ka sebele moea oa Hae o hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5) Lentsoe la Seheberu bakeng sa “hloile” le ka bolela “sera.” Kahoo, mang kapa mang ea ratang pefo o iketsa sera sa Molimo. Joale, potso eo re lokelang ho nahana ka eona ke e reng: Na ho bapala lipapali tse itseng tsa k’homphieutha ho ka khothaletsa motho ho rata pefo?
Lipapali tse mabifi tsa k’homphieutha li buella libetsa. Hangata li ruta motho ea li bapalang maqiti a ntoa. Makasine e bitsoang The Economist e itse: “Sesole sa Amerika se tšepa lipapali tsa k’homphieutha haholo bakeng sa ho koetlisa masole. Lipapali tse ling tse sebelisoang ke sesole ke tse rekisoang mabenkeleng a sechaba.”
Ke ’nete hore ba bapalang lipapali tse mabifi tsa k’homphieutha ha ba lematse batho ba sebele. Empa ho khetha boikhathollo ba mofuta ona ho bontša eng ka seo e ka ’nang eaba sea etsahala lipelong tsa bona? (Matheu 5:21, 22; Luka 6:45) U ne u tla nahana’ng ka motho ea thabelang ho hlaba batho ba maiketsetso, ho ba thunya, ho ba lematsa le ho ba bolaea? Ho thoe’ng haeba motho enoa a qeta lihora tse ngata ka beke a shebeletse lintho tsee tse inahaneloang tsa pefo, ’me a se a batla a lemaletse lipapali tsee? Le haeba u sa feteletse seo u se nahanang ka eena, u ka phetha ka hore o hōlisa lerato la hae la pefo, feela joalokaha motho ea shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le eena a totisa takatso ea hae ea boitšoaro bo bobe.—Matheu 5:27-29.
Jehova o hloile motho ea ratang pefo hakae? Davida o itse ‘ka sebele Jehova o mo hloile’ haholo. Matsatsing a Noe, Jehova o ile a bontša hore na o hloile batho ba ratang pefo haholo hakae. Jehova o ile a re ho Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile ka pel’a ka, hobane lefatše le tletse pefo ka lebaka la bona; ’me bona! ke tla ba felisa hammoho le lefatše.” (Genese 6:13) Molimo oa ’nete o ile a timetsa lefatše lohle hobane batho ba ne ba le mabifi. Leha ho le joalo, o ile a boloka Noe le lelapa la hae—e leng batho ba robeli feela ba neng ba sa rate pefo.—2 Petrose 2:5.
Batho ba batlang ho ba metsoalle ea Jehova ba “tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.” Ho e-na le ho ithuta ho rata pefo, ha ba sa “ithuta ntoa.” (Esaia 2:4) E le hore re ka lula re le metsoalle ea Molimo, re lokela ho ‘furalla se sebe ’me re etse se molemo.’ Re lokela ho ‘batla khotso ’me re e phehelle.’—1 Petrose 3:11.
Re ka etsa’ng haeba re se re ntse re bapala lipapali tse mabifi tsa video? Ho hlokahala hore re ikemisetse ka tieo hore re khahlise Jehova ka ho khaotsa ho etsa lintho tseo a li hloileng. Ka sebele re lokela ho rapella thuso ea moea o halalelang oa Molimo hore re khaotse mokhoa ona o ka senyang kamano ea rōna le Jehova. Re ka khaotsa mokhoa ona ka ho lumella litšobotsi tse kang khotso, molemo le boitšoaro hore li susumetse bophelo ba rōna.—Luka 11:13; Bagalata 5:22, 23.