Seo ba Bang ba se Nahanang ka Rōna—Na ke sa Bohlokoa?
E BATLA e le motho e mong le e mong ea ratang ho babatsoa. Ho babatsoa hoa re thabisa, ho etsa hore re ikutloe hore ho na le seo re se finyeletseng. Ho tseba hore rea ratoa ho ka ba ha etsa hore re batle ho ntlafatsa tsela eo re etsang lintho ka eona. Ho seng joalo re ne re tla tepella haeba re ne re ka tseba hore ho na le batho ba bang ba sa re rateng. Ho se natsoe le ho hlajoa ka mantsoe ho ka re qeta matla. Seo batho ba bang ba se nahanang ka rōna se ka ama tsela eo re italimang ka eona haholo.
E ka ba phoso hore re hlokomolohe tsela eo batho ba bang ba re talimang ka eona. Bonneteng re ka rua molemo ha batho ba bang ba batlisisa hore na re itšoere joang. Maikutlo a batho ba bang a thehiloeng melao-motheong e phahameng ea boitšoaro a ka re tsoela molemo, a ba a re susumelletsa ho etsa se lokileng. (1 Bakorinthe 10:31-33) Leha ho le joalo, hangata maikutlo a batho ba bangata ha aa loka. Nahana kamoo baprista ba phahameng le ba bang ba neng ba e-na le maikutlo a sothehileng kateng ka Jesu Kreste ha ba ne “ba qala ho hooa, ba re: ‘Mo khokhothele thupeng! Mo khokhothele thupeng!’” (Luka 23:13, 21-25) Ho ka ’na ha hlokahala hore re qhele maikutlo a thehiloeng mashanong kapa a susumetsoang ke mōna kapa leeme. Kahoo, re lokela ho bontša hore re na le kahlolo e molemo le temoho ha ba bang ba ntša maikutlo a bona ka rōna.
Ke Maikutlo a Mang ao e Leng a Bohlokoa?
Re batla ho ratoa ke batho bao re leng haufi le bona borapeling ba ’nete. Batho bana ba akarelletsa litho tsa lelapa tseo e leng balumeli-’moho le rōna le bara le barali babo rōna ba Bakreste. (Baroma 15:2; Bakolose 3:18-21) Lerato le tlhompho tse bontšoang ke balumeli-’moho le rōna le “ho khothatsana” ho leng teng har’a bona ke tsa bohlokoa haholo ho rōna. (Baroma 1:11, 12) ‘Ka ho ikokobetsa kelellong re nka hore ba bang ba re phahametse.’ (Bafilipi 2:2-4) Ho feta moo, re batla hore “ba etellang pele” har’a rōna—e leng baholo ka phuthehong—ba re amohele ebile re ananela seo.—Baheberu 13:17.
Hape re lakatsa ho ba le “bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle.” (1 Timothea 3:7) Ka sebele hoa khothatsa ha beng ka rōna ba sa lumelang, basebetsi-’moho le baahelani ba re hlompha! Na ka sebele ha re leke ho etsa hore batho bao re ba pakelang ba be le boikutlo bo botle ka rōna e le hore ba ka amohela molaetsa oa ’Muso? Haeba motseng re tsejoa re le batho ba itšoereng hantle, ba lokileng le ba tšepahalang seo se tlotlisa Molimo. (1 Petrose 2:12) Leha ho le joalo, re ke ke ra tlohela melao-motheo ea Bibele e le hore feela batho ba re rate; ebile re ke ke ra iketsa baikaketsi e le hore re ba khahlise. Re lokela ho ela hloko hore ho ke ke ha khoneha hore re thabise batho bohle. Jesu o itse: “Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.” (Johanne 15:19) Na ho na le ntho eo re ka e etsang hore bahanyetsi ba rōna ba re hlomphe?
Ho Etsa Hore Bahanyetsi ba re Hlomphe
Jesu o ile a fana ka temoso e latelang: “Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka; empa ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 10:22) Ka linako tse ling lehloeo lena le etsa hore re qosoe ka lonya. Batho ba leeme ba boholong ’musong ba ka ’na ba re nka re le batho ba “hlohlelletsang bofetoheli” kapa “mahlaba-phio.” Bahanyetsi ba sebete ba ka ’na ba bolela hore re lequloana le khathatsang le lokelang ho koaloa melomo. (Liketso 28:22) Ka linako tse ling re ka khona ho thibela liqoso tsena tsa bohata. Joang? Ka ho latela keletso ea moapostola Petrose e reng: “Le [lokele] ho ikarabella ka pel’a e mong le e mong ea le batlang lebaka bakeng sa tšepo e ho lōna, empa le etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) Ho feta moo, re lokela ho sebelisa “puo e phelisang e ke keng ea nyatsuoa; e le hore motho ea ka lehlakoreng le hanyetsang a ka soaba, a se na letho le lebe leo a ka le buang ka rōna.”—Tite 2:8.
Ha re ntse re leka ho itlhatsoa lebitso, ha rea lokela ho nyahama kapa ho sithabela ha re buuoa hampe. Jesu, Mora ea phethahetseng oa Molimo, o ile a qosoa ka hore oa nyefola, o hlohlelletsa bofetoheli le hore o sebelisana le meea. (Matheu 9:3; Mareka 3:22; Johanne 19:12) Moapostola Pauluse le eena o ile a senngoa lebitso. (1 Bakorinthe 4:13) Jesu le Pauluse ba ile ba hlokomoloha liqoso tseo eaba ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona. (Matheu 15:14) Ba ne ba tseba hore ba ke ke ba thabisa lira tsa bona, etsoe “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:19) Kajeno, re talimane le bothata bo tšoanang. Ha rea lokela ho tšoha ha bahanyetsi ba lonya ba ntse ba re jala-jala.—Matheu 5:11.
Maikutlo ao Ehlileng e Leng a Bohlokoa
Seo batho ba bang ba se nahanang ka rōna se fapana haholo ho itšetlehile ka hore na sepheo sa bona ke sefe le hore na ke eng seo ba se utloileng ka rōna. Ba bang baa re babatsa ebile baa re hlompha, ha ba bang bona ba re nyefola ba bile ba re hloile. Leha ho le joalo, hafeela re tataisoa ke melao-metheo ea Bibele, re na le motheo o tiileng oa ho thaba le ho ba le khotso.
Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Haeba ka thabo re lumela ho tsamaisoa ke Lentsoe la Molimo linthong tsohle, Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba tla re amohela. Etsoe bonneteng, maikutlo ao ehlileng e leng a bohlokoa ka ho fetisisa ke a Jehova le a Mora oa hae. Seo ba se nahanang ka rōna ke sona se bontšang hore na re hlile re ba bohlokoa hakae. Ha e le hantle, bophelo ba rōna bo itšetlehile ka hore ba re amohele.—Johanne 5:27; Jakobo 1:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
“Lekunutung ke batla thoriso, ha e hlaha ea ntšoabisa.”—RABINDRANATH TAGORE, SEROKI SA MOINDIA
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Maikutlo a balumeli-’moho le rōna ke a bohlokoa
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Culver Pictures