Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/11 maq. 20-21
  • Ke Hobane’ng ha Balateli ba ’Nete ba Jesu ba Hloiloe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Balateli ba ’Nete ba Jesu ba Hloiloe?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlomong Bahanyetsi ba Etsoa ke ho Hloka Tsebo
  • Bahanyetsi ba Bang ba Mohono
  • Ba Hloiloe Hobane ‘Hase Karolo ea Lefatše’
  • Na Batho ba Etsang Lintho Tse Mpe ba ka Fetoha?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Jesu o Khetha Saule
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ke Hobane’ng ha Saule a ne a Hlorisa Bakreste?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • ‘U Lule U Ithibile Bobeng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 5/11 maq. 20-21

Pono ea Bibele

Ke Hobane’ng ha Balateli ba ’Nete ba Jesu ba Hloiloe?

“Batho ba tla nehelana ka lōna matšoenyehong ’me ba tla le bolaea, ’me le tla hlouoa ke lichaba tsohle ka lebaka la lebitso la ka.”—MATHEU 24:9.

JESU o buile mantsoe ao matsatsi a seng makae pele a bolaoa ka sehlōhō. Bosiung ba pele a e-shoa, o ile a re ho baapostola ba hae ba tšepahalang: “Haeba ba ntlhorisitse, le lōna ba tla le hlorisa.” (Johanne 15:20, 21) Ebe ke hobane’ng ha batho ba mamelang Jesu le ba lekang ho mo etsisa ba ne ba tla hlouoa? O ile a itella batho ba bang, a tšelisa mafutsana a ba a etsa hore ba hateletsoeng ba be le tšepo.

Bibele e totobatsa hore na ba ne ba tla hlouoa ka mabaka afe. Ha re hlahloba mabaka ao, rea bona hore na ke hobane’ng ha kajeno balateli ba Kreste ba thulana le khanyetso e batlang e tšoana le eo a ileng a thulana le eona.

Mohlomong Bahanyetsi ba Etsoa ke ho Hloka Tsebo

Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Hora ea tla ea ha e mong le e mong ea le bolaeang a tla nahana hore o etselitse Molimo tšebeletso e halalelang. Empa ba tla etsa lintho tsena hobane ha ba tsebe Ntate kapa ’na.” (Johanne 16:2, 3) Ke ’nete hore bahlorisi ba bangata ba ne ba bolela hore ba sebeletsa Molimo eo Jesu a neng a mo sebeletsa, empa ba ne ba susumetsoa ke litumelo tsa bolumeli ba bohata le lineano. Bonneteng, ba ne “ba chesehela Molimo; empa eseng ho ea ka tsebo e nepahetseng.” (Baroma 10:2) E mong oa bahanyetsi ba joalo e ne e le Saule oa Tarsase, eo hamorao e ileng ea e-ba moapostola oa Mokreste ea bitsoang Pauluse.

Saule e ne e le setho sa sehlopha sa Bafarisi, e leng lequloana la Bajuda le matla lipolotiking le le nang le tšusumetso sechabeng le neng le hanyetsa Bokreste. Hamorao Saule o ile a re: “Ke ne ke le monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” O ile a boela a re: “Ke ne ke hloka tsebo ’me ke etsa ka ho hloka tumelo.” (1 Timothea 1:12, 13) Leha ho le joalo, eitse ha a ithuta ’nete mabapi le Molimo le Mora oa Hae, a fetola litsela tsa hae hang-hang.

Kajeno ho etsahetse se tšoanang ka batho ba bangata bao e neng e le bahlorisi. ’Me ba bang ba bona ba hlorisoa joalokaha Saule a ile a hlorisoa. Leha ho le joalo, ha baa busetsa bobe ka bobe ho e-na le hoo ba latetse keletso ea Jesu e reng: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44) Lipaki Tsa Jehova li leka ka matla ho latela keletso eo li e-na le tšepo ea hore ho na le bahanyetsi ba tla fetola maikutlo joaloka Saule.

Bahanyetsi ba Bang ba Mohono

Batho ba bangata ba neng ba hanyetsa Jesu ba ne ba etsoa ke mohono. Esita le ’musisi oa Moroma, Ponse Pilato “o ne a hlokomela hore baprista ba ka sehloohong ba nehelane ka [Jesu hore a fanyehoe] ka lebaka la mohono.” (Mareka 15:9, 10) Ke hobane’ng ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba honohela Kreste? Lebaka le leng ke hore o ne a ratoa ke batho ba maemo a tlaase, ba neng ba khesoa ke baeta-pele ba bolumeli. Bafarisi ba ne ba ipelaetsa ka hore “lefatše le mo setse morao.” (Johanne 12:19) Ka tsela e tšoanang, hamorao ha batho ba amohela molaetsa oa balateli ba Kreste, bahanyetsi ba bolumeli ba ile ba boela “ba tlala poulelo” eaba ba halefela Bakreste ba bolelang evangeli.—Liketso 13:45, 50.

Lira tse ling li ne li khopisoa ke boitšoaro bo botle ba bahlanka ba Molimo. Moapostola Petrose o ile a bua le Bakreste-’moho le eena a re: “Kahobane ha le tsoele pele ho matha le bona [e leng ba khopo] tseleng ena ho ea sekoting sa litšila se tlaase se tšoanang sa ho inehella litakatso tsa nama, baa makala ’me ba tsoela pele ho le nyefola.” (1 Petrose 4:4) Le kajeno batho ba ntse ba bonahatsa maikutlo a joalo a fosahetseng. Taba ea hore Bakreste ba ’nete ba qoba boitšoaro bo bobe, ha e bolele hore ba na le moea oa ho itokafatsa kapa oa ho iphahamisa. Etsoe mekhoa e joalo hase ea Bokreste, hobane batho bohle ke baetsalibe ’me ba hloka mohau oa Molimo.—Baroma 3:23.

Ba Hloiloe Hobane ‘Hase Karolo ea Lefatše’

Bibele e re: “Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng.” (1 Johanne 2:15) Moapostola Johanne o ne a bua ka lefatše lefe? O ne a bua ka batho ba suthetseng hōle le Molimo ’me ba laoloa ke Satane, e leng eena “molimo oa lefatše lena.”—2 Bakorinthe 4:4, Bibele ea Sesotho; 1 Johanne 5:19.

Ka masoabi, ba bang ba ratang lefatše le litsela tse mpe tsa lona, ba hanyetsa ba lekang ho phela ka lithuto tsa Bibele. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a re ho baapostola ba hae: “Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona. Joale kahobane ha le karolo ea lefatše, empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.”—Johanne 15:19.

Ho soabisa hakaakang hore ebe batho ba hloile bahlanka ba Jehova ba sa rateng lefatše lena le tletseng bobolu, leeme le pefo le bileng le busoang ke Satane! Batho ba bangata ba nang le sepheo se setle ba batla ho ntlafatsa lefatše, empa ha ba na matla a ho felisa ’musi oa lona ea sa bonahaleng. Ke Jehova Molimo feela ea ka felisang Satane—’me o tla mo felisa ka ho feletseng joalokaha eka ke ka mollo!—Tšenolo 20:10, 14.

Tšepiso eo e babatsehang ke karolo ea bohlokoa ea ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ tse monate tse boleloang ke Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle. (Matheu 24:14) Ka sebele Lipaki li kholisehile hore ’Muso oa Molimo, kapa puso ea hae e eteletsoeng pele ke Kreste, ke oona feela o tla tlisa khotso ea ka ho sa feleng le thabo lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) Ka lebaka leo, li tla tsoela pele ho phatlalatsa ’Muso oo, kaha li nka hore ho amoheloa ke Molimo ke ntho ea bohlokoa ho feta ho amoheloa ke batho.

NA U KILE UA IPOTSA LIPOTSO TSEE?

● Ke hobane’ng ha Saule oa Tarsase a ne a hanyetsa balateli ba Kreste?—1 Timothea 1:12, 13.

● Lira tse ling tsa Jesu li ne li susumetsoa ke maikutlo afe a fosahetseng?—Mareka 15:9, 10.

● Bakreste ba ’nete ba talima lefatše joang?—1 Johanne 2:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ka 1945, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlaseloa ka mabifi ke mahoohoo a Quebec, Canada, hobane li ne li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy Canada Wide

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela