Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/07 leq. 15
  • Lentsoe la “Motse oa ka ho sa Feleng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lentsoe la “Motse oa ka ho sa Feleng”
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Batho ba ka Phela Halelele Hakae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Tsoha!—2007
g 8/07 leq. 15

Lentsoe la “Motse oa ka ho sa Feleng”

KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY

Ha moqapi e mong oa Motaliana ea bitsoang Ottorino Respighi a bona a bile a utloa ho hoasa ha liliba tse ngata tsa Roma, o ile a susumelletseha hore a qape pina e nang le sehlooho se reng, “Liliba Tsa Roma.” A re ke re eteleng se seng sa liliba tsena tse hlollang—e leng Seliba sa Trevi.

Ha re ntse re theosa le tsela e patisaneng e thinyetsang selibeng seo, mahlo a rōna a haptjoa ke botle bo hlollang. Ke mohaho o moholohali oa Seliba sa Trevi, o bophara ba limithara tse 20 le bolelele ba limithara tse 26 o lepatlelong le lenyenyane. Mohaho oo o motle o hahiloe sebakeng seo se moqotetsane!

Mopapa Clement XII ke eena ea ileng a laela hore ho hahoe Seliba sa Trevi ’me sa qaptjoa ke setsebi sa meralo sa Motaliana se bitsoang Niccolò Salvi. Seliba seo se qaliloe ho hahoa ka 1732 ’me sa phethoa ka 1762. Se fepeloa ke kotopo ea Aqua Virgo ea lekholong la pele la lilemo B.C.E., eo mohloli oa eona o qalang lik’hilomithara tse ka bang 13 ho tloha motseng oo.

Seliba seo se hahiloeng ka pel’a ntlo ea boreneng, se hopotsa motho leoatle. Oceanus oa tšōmong (kapa Neptune, kamoo ba bang ba mo bitsang kateng) o eme ka ho ikonka ka koloing ea hae e kang khetla, ’me o laola metsi a mangata a phoroselang ka tlas’a hae. Ha metsi a ntse a phorosela holim’a liemahale tse ling ’me a otla tlaase majoeng, a etsa molumo o kang oa ho khahlellana ha maqhubu lebōpong la leoatle. Karolo e khōlō ea lepatlelo leo e na le metsi, e leng ho fanang ka maikutlo a hore lepatlelo leo kaofela ke karolo ea seliba seo.

Letsatsi le letsatsi baeti ba makholo-kholo ba ea lepatlelong leo le lenyenyane ’me ba lahlela chelete ea tšepe ka selibeng seo, e leng se seng sa libaka tseo batho ba ratang ho li etela Roma. Seliba seo se ntšoa metsi hang ka beke. Chelete eo bahahlauli ba e lahlelang ka moo, eo ka karolelano e ka bang R78 000 ka beke, ea bokelloa ebe e fuoa mokhatlo oa bolumeli o fanang ka liphallelo.

Haeba joalokaha Respighi a ne a lumela, liliba tseo li bina ka lentsoe la motse, joale Seliba sa Trevi se hlahella se bina mosollane—ka tsela e ikhethang har’a liliba tse ngata tse khahlang baeti ba etelang Roma, eo ho thoeng ke Motse oa ka ho sa Feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela