Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/07 maq. 23-25
  • Na U ka Tšepa Keletso ea Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Tšepa Keletso ea Bibele?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Mabapi le Lefu le Bophelo ka Mor’a Lefu
  • Ke Tsela Efe ea Borapeli e Nepahetseng?
  • Keletso e Fetolang Bophelo ba Batho
  • ‘O Ile a re Ruta ho Hlompha Bolumeli ba Hae’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Aids—Seoa se Ntse se Tsoela Pele
    Tsoha!—1998
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 11/07 maq. 23-25

Na U ka Tšepa Keletso ea Bibele?

‘Na ke lokela ho lumela seo motho eo a mpolellang sona?’ U ka ’na ua ipotsa potso eo ha morekisi a leka ho u rekisetsa koloi ea khale kapa ha ralipolotiki a tšepisa lintho tse itseng ha a ntse a iketela ho khethoa. U ke ke ua rata ho senya chelete kapa nako thepeng le boitsebisong bo se nang molemo.

U KA ’na ua ipotsa ka tsela e tšoanang: ‘Na ho na le letho le molemo leo nka ithutang lona Bibeleng? Haeba ke ithuta buka eo, na nka tiiseha hore nako ea ka le boiteko boo ke bo etsang li tla putsoa?’ Karabo ea potso eo e fumanoa temaneng e ’ngoe ea Bibele, reng: “Bohlale bo netefatsoa ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19, Bibele—Phetolelo e Ncha) Litholoana tseo batho ba li khōlang ka ho sebelisa keletso e itseng, kapa “bohlale,” ke tsona tse bontšang hore na keletso eo ke ea bohlokoa kapa che. Mantsoe a latelang ke a batho ba ileng a ipha nako ea ho ithuta Bibele. Mantsoe a bona a tla u thusa hore u etse qeto ea hore na u bale le ho ithuta buka eo e ikhethang kapa che.

Lipotso Mabapi le Lefu le Bophelo ka Mor’a Lefu

’Mè oa Karen o ile a hlokahala lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ho tloha ha e sa le ngoana, Karen ea lulang United States o ne a lumela hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong ha ba e-shoa. Tumelo ena e ne e sa mo tšelise hakaalo. O ne a ee a ipotse: ‘Ebe ’mè oa ka o shebahala joang hona joale ha a se a le leholimong? Ke tla mo fumana joang ha ke fihla teng, haeba ’na ke tla ea leholimong? Ha ke e-shoa, na nka iphumana ke ile sebakeng se seng?’

Karen o ile a qala ho ithuta Bibele ka hloko le Lipaki Tsa Jehova. O ile a ithuta hore bafu ha ba leholimong empa ba tšoana le batho ba robetseng boroko bo tebileng. Moeklesia 9:5 e re: “Ho hang ha ba tsebe letho.” Empa joale ho thoe’ng ka ho bona ’mè oa hae hape?

Mantsoe a hlakileng a Bibele a latelang a ile a mo tšelisa le ho mo fa tšepo: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Kreste] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Karen o ile a ithuta hore Molimo ea bululetseng Bibele o tla sebelisa Mora oa hae ho tsosetsa bafu bophelong hona lefatšeng mona. O ile a re: “Seo Bibele e se rutang ka lefu le ka tsoho ea bafu se hlakile.”

Ke Tsela Efe ea Borapeli e Nepahetseng?

Ha Angela, moroetsana oa Moromania, a ne a le lilemo li 14, moruti oa kereke ea Pentekonta o ile a mo rapella hore a fumane moea o halalelang, ’me o ile a qala ho bua ka maleme. Empa batsoali ba hae ba ne ba sa nahane hore lithuto tse rutoang Pentekonta li lumellana le se ka Bibeleng. Lelapa labo le ile la khaotsa ho ea litšebeletsong tsa kereke ’me tsa qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.

Le hoja qalong Angela a ne a utloile bohloko, ka potlako o ile a bona phapang pakeng tsa se neng se etsoa bolumeling ba habo le se neng se rutoa ke Bibele. Ka mohlala, o ile a bala Johanne 17:3, e reng: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” Angela o ile a lemoha hore bao Molimo a ba amohelang ba lokela ho qala ka ho ithuta eena. O ile a botsa: “Ho tlile joang hore ebe ke ne ke fumane moea oa Molimo ka tsela e ikhethang joalo empa ke ne ke sa tsebe letho ka eena? Ke leboha Jehova hore ebe o nthusitse hore ke fumane tsela ea borapeli ba ’nete ka Lentsoe la hae le bululetsoeng.”

Keletso e Fetolang Bophelo ba Batho

Gabriel, monna e mong oa India, o re: “Ke ne ke le sefela-peloana. Ha ke ne ke halefisitsoe, ke ne ke kharuma, ke otlanya lintho le ho loantša batho. Ho ithuta Bibele ho nthusitse hore ke laole bohale. Esita le maemong a thata, hona joale ke khona ho itšoara.”

Gabriel o balile mangolo a kang la Liproverbia 16:32, le reng: “Ea liehang ho halefa o molemo ho feta monna ea matla, ’me ea laolang moea oa hae o molemo ho feta ea hapang motse.” Dhiraj, monna e mong eo le eena a khonneng ho laola bohale, o re: “Temana eo e ile ea nthusa hore ke bone hore ho nkoa ke pelo ke pontšo ea hore kea fokola, athe ho ithiba ke bopaki ba hore ke matla.”

Philip e ne e le setho sa sehlopha sa likebekoa Afrika Boroa. O ne a loana, a nkela batho thepa ka likhoka a bile a bua puo e litšila. O ile a qeta nako e itseng a le teronkong ka lebaka la liketso tsa hae. Empa ho sa tsotellehe tsela eo a neng a phela ka eona, Philip o ne a lakatsa ho tseba Molimo. Ka mor’a hore a ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o ile a hlaolela takatso ea ho sebeletsa Molimo ’me a etsa qeto ea ho hloekisa bophelo ba hae. O ile a khaotsa mekhoa e mebe ’me a khaola maqhama le metsoalle ea hae ea likebekoa. Ke ’nete efe ea Bibele e ileng ea etsa hore a etse liphetoho tseo?

Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo bontša mantsoe a Jesu a fumanoang ho Johanne 6:44. A baleha tjena: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” Philip o re: “Jehova o ile a bona ho itseng ho hotle ho ’na ’me a nkhulela ho batho ba hae, mokhatlong ona o babatsehang oa bana ba motho.” Philip o ile a boela a nka ka botebo litlaleho tse bontšang mosa oo Jehova a o bontšang baetsalibe ba bakileng. Philip o re: “Litlaleho tsena li ile tsa nthusa hore ke bone ho nahanela ha Jehova ha a sebetsana le batho ba sa phethahalang ba bontšang pako.”—2 Samuele 12:1-14; Pesaleme ea 51.

Mohlankana e mong oa Australia ea bitsoang Wade o ne a e-noa haholo ’me a sebelisa lithethefatsi, a becha a bile a e-na le basali ba bangata bao a kopanelang boitšoarong bo bobe le bona. Leha ho le joalo, o ne a sa thaba. Ka letsatsi le leng o ile a bua le Lipaki Tsa Jehova ’me a amohela thuto e sa lefelloeng ea Bibele ha hae. Wade o ile a ithuta’ng?

Wade o re: “Ke ile ka khahloa haholo ke tsela eo Jesu a neng a tšoara ba bang ka eona. O ne a le mosa, a e-na le qenehelo a bile a rata bohle, ho kopanyelletsa le bana. Ha ke ntse ke ithuta ka eena ka ho eketsehileng, ke ne ke batla ho tšoana le eena haholoanyane. Bibele e ile ea nthuta ho ba monna oa makhonthe le hore na nka fetola botho ba ka joang hore e be bo molemo.” Empa ho thoe’ng ka lintho tsohle tse mpe tseo a neng a li entse? Wade o tsoela pele: “Bibele e nthutile hore haeba ke bakela libe tsa ka ’me ke fetola tsela eo ke itšoereng ka eona, Molimo o tla ntšoarela. Ha e le hantle, nka phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Qetellong, ke na le bokamoso!” (Matheu 5:5) Wade o ile a hloekisa bophelo ba hae ’me hona joale o rapela Jehova ka letsoalo le hloekileng.

Mantsoe ana ao u qetang ho a bala a builoe ke batho ba neng ba batla ho ntlafatsa bophelo ba bona. Ba ile ba hlahloba Bibele ho bona hore na lithuto tsa eona li ka ba thusa mathateng a bona le hore na e ka araba lipotso tsa bona na. Litholoana tse ntle tseo ba li khōtseng li ba kholisitse hore ba ka tšepa tataiso e molemo ea Bibele. Le uena u ka etsa joalo.

Polelo e bululetsoeng ea khale e baleha tjena: “Ho thaba motho ea fumaneng bohlale, le motho ea fumanang temoho, etsoe ho ba le bona e le leruo ho molemo ho feta ho ba le silevera e le leruo ’me ho ba le bona e le lihlahisoa ho molemo ho feta khauta. Ke ba bohlokoa haholo ho feta likorale, ’me lintho tse ling tsohle tseo u li thabelang li ke ke tsa lekanngoa le bona. Bolelele ba matsatsi bo letsohong la bona le letona; letsohong la bona le letšehali ho na le maruo le khanya. Litsela tsa bona ke litsela tsa thabo, ’me litsela tsohle tsa bona ke khotso. Ke sefate sa bophelo ho ba bo tšoarang, ’me ba lulang ba bo tšoere ka tieo ba tla bitsoa ba thabileng.”—Liproverbia 3:13-18.

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 25]

KAMOO BIBELE E ILENG EA THUSA MOTŠOARUOA

Monna e mong ea bitsoang Bill e ne e le monna ea thabileng oa lelapa. Empa pele ba qeta selemo ba nyalane, o ile a hlahleloa teronkong ka lebaka la tlōlo ea molao eo a neng a e entse lilemong tse fetileng.

Ka mor’a hore a amohele boemo bo sithabetsang boo a leng ho bona ba ho hloka tokoloho, Bill o ile a etsa qeto ea ho sebelisa nako e telele eo a neng a tlil’o e hoehla teronkong ka tsela e tla mo ruisa molemo. O re: “Ke ne ke lula betheng ea ka ’me ke ithute Bibele.” O ne a boetse a sebelisa seo a ithutang sona. “Ke ne ke le botsoalle ho batšoaruoa bao ke neng ke koalletsoe le bona, ’me ba ile ba bona hore ha ke batle ho etsa lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa. Ba ne ba ee ba re ka ’na: ‘Bill o batla ho etsa lintho ka tsela ea hae, o batla ho tseba Molimo le Bibele. A ke ke a bakela leha e le mang khathatso.’

“Ka lebaka la botumo ba ka, batšoaruoa ba bang ba ne ba sa nkenyelletse lintoeng tsa bona le maemong a mang a sa thabiseng. Balebeli ba ile ba bona hore nke ke ka ba tšoarisa bothata. Ba ile ba qetella ba mpueletse hore ke etse mesebetsi e neng e etsa hore ke se ke ka ba ka har’a batšoaruoa ba bang boholo ba nako. Ho sebelisa seo Bibele e se rutang bophelong ba ka ho ile ha ntšireletsa haholo.”

Bill o ile a ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova tse neng li tšoareloa teronkong ’me a bolella batšoaruoa ba bang ka cheseho lintho tseo a neng a ithuta tsona. O ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ha a ntse a le teronkong. Ha a hopola nako e fetileng, o re: “Ke sentse lilemo tse ka bang 50 ’me ke batla ho ntlafatsa. Ke kholisehile hore ntho feela e molemo eo motšoaruoa a ka e etsang ke ho sebelisa se rutoang ke Bibele. ’Me tsela ea ho ithuta Bibele ka tsela e nepahetseng ke ka ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Ke bolumeli ba bona feela bo rutang ’nete ka Bibele. Ho bonolo feela joalo.”

Hona joale Bill o tsoile teronkong ’me o kopanela ka mafolofolo phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova e United States. Eena le mosali oa hae ba tsoela pele ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho phela tumellanong le seo le se rutang. Ba ananela mantsoe a fumanoang ho Esaia 48:17, 18, a reng: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”

 [Setšoantšo se leqepheng la 23]

Karen, U.S.A.

 [Setšoantšo se leqepheng la 23]

Angela, Romania

 [Setšoantšo se leqepheng la 24]

Gabriel, India

 [Setšoantšo se leqepheng la 24]

Dhiraj, India

 [Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Philip le lelapa la hae, Afrika Boroa

 [Setšoantšo se leqepheng la 24]

Wade, Australia

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela