Pontšo e Tšoarellang ea Lerato la Molimo
LIMAKATSO tse supileng tsa lefatše la boholo-holo, li ile tsa bitsoa joalo hobane li ne li etsa hore batho ba hlolloe. Leha ho le joalo, ke liphiramide feela tse ntseng li le teng har’a mehaho eo. Ka lehlakoreng le leng, le hoja Bibele e ngotsoe ke banna ba maemo a tlaase, le hona e ngotsoe linthong tse senyehang, e ntse e le teng le kajeno ’me e fetiselitsoe ho rōna e ntse e nepahetse. Re ka tšepa ka ho feletseng buka ena e ikhethang.—Esaia 40:8; 2 Timothea 3:16, 17.
Ha Jehova Molimo a etsa hore menahano ea hae e ngoloe, o ile a tiisa hore e fetisetsoa ho ba bang e ntse e le joalo. Ho phaella moo, puo e bonolo e sebelisitsoeng ke bangoli ba neng ba sebelisoa ke Molimo e etsa hore le batho ba bangata ba sa rutehang ho le hokaalo ba utloisise Bibele ha ba e bala. (Liketso 4:13) Na seo hase sona seo u neng u ka se lebella ka ’Mōpi le ka bangoli bao a ba bululetseng? Ho feta moo, ho ajoa ha Bibele ka bongata ho fana ka bopaki ba lerato le leholo leo Molimo a ratang batho bao a ba bōpileng ka lona, ho sa tsotellehe hore na ba lulang hokae kapa ba bua puo efe. (1 Johanne 4:19) Bonneteng, ho fumaneha ha Bibele ka bongata ha ho etse hore e be boemong bo tlaase, ha e le hantle hoa e phahamisa!
Se fuperoeng ke Bibele se fana ka bopaki bo eketsehileng ba lerato la Molimo. Joalokaha re bone lihloohong tse fetileng, Lentsoe la Molimo le hlalosa hore na re tsoa hokae, ke hobane’ng ha bophelo bo le bokhutšoanyane bo bile bo tletse likhathatso, le hore na Molimo o tla lokisa boemo bona joang ka ’Muso oa hae. Re boetse re tšohlile tse ling tsa likeletso tse babatsehang tsa Bibele le hore na re ka phela re thabile re bile re khotsofetse joang le hona joale. (Pesaleme ea 19:7-11; Esaia 48:17, 18) Ka holim’a tsohle, re ithutile kamoo ’Mōpi oa rōna a tla tlosa thohako eohle eo mashano a Satane a e phaeletseng lebitsong la hae.—Matheu 6:9.
Ke buka efe e ’ngoe e fanang ka boitsebiso ba bohlokoa, bo sebetsang le bo molemo joalo, e fang ba tšoenyehileng tšepo? Ruri ho fapana le limakatso tse supileng tsa lefatše la boholo-holo, tseo boholo ba tsona li neng li hahetsoe ho rorisa melimo ea bohata kapa batho ba matla, Bibele ka sebele ke pontšo e tšoarellang ea lerato la Jehova le se nang boithati bathong bao a ba bōpileng.
Haeba ha u e-s’o hlahlobisise Mangolo, qalella. Hona joale Lipaki Tsa Jehova li ithuta Bibele le batho ba fetang limilione tse tšeletseng lefatšeng ka bophara, li sa ba lefise. Li nka e le tokelo ho thusa batho ba tšepahalang hore ba iponele ka bobona hore ka sebele Bibele ea tšepahala, ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.—1 Bathesalonika 2:13.