Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/07 maq. 26-27
  • Morena ea Entseng Likhōlō

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morena ea Entseng Likhōlō
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ile ha Khoneha Hore ho be le Tlaleho e Ngotsoeng
  • Ho Tsebahatsoa ha Lebitso la Molimo ka Seswahili
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na U Bua “Puo e Hloekileng” Bolacha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Buka e “Buang” Lipuo Tse Phelang
    Buka ea Batho Bohle
  • Mosebetsi oa Phetolelo
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 12/07 maq. 26-27

Morena ea Entseng Likhōlō

KA MONGOLI OA TSOHA! CAMEROON

IBRAHIM NJOYA e ne e le morena oa bo17 oa Babamume, e leng morabe o moholo oo batho ba oona ba ntseng ba lula libakeng tse nang le makhulo tse ka bophirimela ho Cameroon. O ile a busa ho tloha ka 1889 ho fihlela a e-shoa ka 1933, joalokaha ho bontšitsoe lethathamong le sehloohong sena la marena a busitseng ho tloha lekholong la bo14 la lilemo. Nakong ea puso ea Njoya, Mafora le Majeremane a ne a leka ho etsa sebaka seo kolone ea ’ona.

Ho tloha ha Njoya a sa le mocha o ile a bonahala hore ke motho ea bohlale haholo le ea nahanang ka potlako ’me o ne a ipokeletse ka batho ba bohlale joaloka eena le ba neng ba e-na le likhopolo tse ncha ba bile ba e-na le pono e tšoanang le ea hae. Ntlo e hlollang ka botle ea borena eo a ileng a e haha, e bonoang setšoantšong se ka tlaase, e tiisa hore o ne a e-na le bokhoni litabeng tsa kaho. O bile o tlotloa ka hore o qapile leloala le silang koro, le bontšitsoeng mona. Empa ntho e ikhethang haholo ke tsela eo ka eona a ileng a qapa mokhoa oa ho ngola puo ea Sebamume.

Ho Ile ha Khoneha Hore ho be le Tlaleho e Ngotsoeng

Lilemong tse qetellang tsa lekholo la bo19 la lilemo, nalane ea sechaba sa Babamume e ne e neheletsanoa ka molomo ho tloha molokong o mong ho ea ho o latelang. Njoya o ile a lemoha kotsi ea ho siea litaba tse ling kapa ho li feteletsa. O ile a tseba Searabia ka mor’a hore a fumane libuka tse ngotsoeng ka sona tseo a neng a li fumane ho bahoebi le barekisi ba tsamaeang ba neng ba feta le naheng ea hae. Mohlomong o ne a bile a tseba ka mongolo oa Sevai oa pejana ho moo, o neng o sebelisoa ho pholletsa le tikoloho eo e nang le makhulo. Kahoo o ile a qapa mokhoa oa ho ngola puo ea habo.

Njoya o ile a qala ho etsa matšoao le litšoantšo tse makholo a ’maloa, boholo ba tsona bo emela mantsoe le likhopolo tse itseng. Ho latela mokhoa oo oa ho ngola, bafo ba hae ba ne ba lokela ho tšoara ka hlooho hore na letšoao ka leng le bolela eng. Ha lilemo li ntse li feta, o ile a nolofatsa mokhoa oo oa ho ngola a thusoa ke batšepuoa ba neng ba sebetsa lekhotleng la hae. Ba ile ba fokotsa palo ea matšoao a neng a hlokahala ka hore ba ngole ka litlhaku. O ile a etsa mantsoe a itseng ka hore a kopanye matšoao a ’maloa kapa litlhaku tsa mongolo oa hae o mocha. ’Mali o ne a lokela ho tšoara ka hlooho litlhaku tse seng kae feela le melumo e tsamaisanang le tsona. Ha Njoya a qeta mosebetsi oo, mongolo oa hae o mocha o neng o bitsoa A-ka-u-ku, o ne o e-na le liletere tse 70.

Njoya o ile a khothalletsa hore ho sebelisoe mongolo oa Sebamume ka ho laela hore o rutoe likolong ’me bohle ba o sebelise litabeng tsa puso. O ile a laela hore ho ngoloe histori e tsotehang ea leloko la hae la borena le ea naha ea hae ka mongolo oo oa hae o mocha. Kahoo, ka lekhetlo la pele, sechaba sa Babamume se ne se ka khona ho bala setso sa sona, melao ea sona le meetlo ea sona. Njoya o ne a bile a e-na le metsoako ea meriana eo a neng a e ngotse ka mongolo oo o mocha oa Sebamume. Litokomane tsa pele tse fetang 8 000 li ntse li bolokiloe sebakeng sa polokelo ea litlaleho ntlong ea borena.

Molemo oa mokhoa ona o mocha oa ho ngola o ile oa totobala nakoana ka mor’a hore bo-ralikolone ba Majeremane ba fihle moo ka 1902. Le hoja Njoya a ile a una molemo ka lebaka la ho ntlafala ha moruo, ka linako tse ling o ne a sa lumellane le babusi ba Majeremane. Kahoo o ile a sebelisa mongolo oo a neng a sa tsoa o qapa, oo Majeremane a neng a e-s’o o utloisise. Mongolo oo oa Sebamume o ile oa tšoarella ho fihlela neng?

Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše (1914-18), Jeremane ha ea ka ea hlola e laola puso ea Njoya. Qetellong, Selekane sa Lichaba se neng se sa tsoa thehoa se ile sa laela hore naha ea Babamume e busoe ke Mafora. Le hoja Njoya a ne a amohela maikutlo a macha, o ne a le motlotlo ka lefa la hae ’me o ne a labalabela ho sireletsa setso sa batho ba habo le ho se ntšetsa pele. Ha ho pelaelo hore sena se ile sa etsa hore a hanyetse puso ea bokolone ea Mafora naheng ea hae. Joaloka marena a neng a sa tšepahalle bo-ralikolone, ka 1931 Mafora a ile a mo tlosa pusong. Lilemo tse peli ka mor’a moo, Njoya o ile a shoa a le palehong.

Kaha Mafora a ile a hana ha mongolo oa Sebamume o sebelisoa likolong ’me le Njoya a se a le sieo hore a o buelle, batho ba ile ba khaotsa ho o sebelisa ’me ba bangata sechabeng sa Babamume ba o lebala. Ha baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba fihla sebakeng seo, ba ile ba ithuta puo e buuoang ke sechaba sa Babamume eaba ba etsa sebōpeho-puo se neng se tla sebelisoa likolong. Ho fapana le Njoya, ba ile ba nka liletere tse ngata alfabeteng ea Seroma e neng e se e ntse e le teng le mokhoa oo mantsoe a bitsoang ka oona.

Haufinyane tjena ho entsoe boiteko ba ho tsosolosa thahasello ea batho mongolong oa Sebamume. Morena oa kajeno, e leng Ibrahim Mbombo Njoya, o butse sekolo ntlong ea borena e hahiloeng ke ntat’ae moholo. Sebakeng sena bana ba sekolo ba boetse ba ithuta mongolo ona e le hore o se ke oa fella ruri.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Tlaleho e bontšang leloko la babusi ba Babamume ho tloha lekholong la bo14 la lilemo ho tla fihlela kajeno, e ngotsoeng ka alfabeta ea Seroma ka ho le letšehali le ka Sebamume ka ho le letona

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 26]

All photos: Courtesy and permission of Sultan Ibrahim Mbombo Njoya, Foumban, Cameroon

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela