Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/07 leq. 28
  • Maikutlo a Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Babali
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baromani—Lilemo Tse Sekete Tsa Thabo le Masoabi
    Tsoha!—2006
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Na Lenyalo le ka Ema le Tiile Sefefong se Matla?
    Tsoha!—2006
  • Thuto ea 4—Bibele le Mangolo a Eona a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 12/07 leq. 28

Maikutlo a Babali

Na Lenyalo le ka Ema le Tiile Sefefong se Matla? (July 2006) Ke bala makasine ea Tsoha! kamehla. Ke Mok’hatholike, empa ke hlokometse hore makasine ea lōna e thahasellisa haholo e bile ea ruta. Leha ho le joalo, ha ke lumellane le polelo ea lōna e reng: ‘Ka 1983, kereke e ile ea nyehlisa melao e amanang le tlamo ea lenyalo ’me ea nolofalletsa Mak’hatholike ho hlala.’

G.V.M., Zambia

Karabo ea “Tsoha!”: Re ne re bua ka liphetoho tsa tsamaiso tse bileng teng Molaong oa Lekhotla la Kereke ka 1983. Liphetoho tseo li bile le tšusumetso e matla, haholo-holo United States. Ho ea ka Mobishopo oa Roma e K’hatholike ea bitsoang Mark A. Pivarunas, ka 1968 ho ile ha fanoa ka tumello ea ho khaola manyalo a 338 feela United States. Leha ho le joalo, ka 1990 palo eo e ile ea nyolohela ho 62 824. Ke hobane’ng ha ho bile le keketseho e kaalo?

’Muelli oa molao oa kereke, e leng Edward Peters, o ile a re: “Lilemong tse 30 tse fetileng, ho entsoe liphetoho tse khōlō haholo tsamaisong ea kereke, e leng liphetoho tse neng li lumella hore ho kenngoe likōpo tsa ho khaola manyalo le tse neng li etsa hore likōpo tseo li hlahlojoe.” Ka mor’a hore a bolele liphetoho tse ngata tseo kereke e li entseng, Peters o ile a phaella ka ho re: “Ha ho pelaelo hore liphetoho tsena tse entsoeng ke [Kereke ea] Roma mokhoeng oo molao oa kereke o tsamaisoang ka oona li tlatselitse haholo tabeng ea hore batho ba qhale manyalo ka molao.” Ho sa tsotellehe hore na sepheo sa ho fetola melao eo ea kereke e ne e le sefe, bonyane naheng ea United States, phello e bile joalokaha “Tsoha!” e boletse: ‘Kereke e ile ea nolofalletsa Mak’hatholike ho hlala.’

Na ’Mōpi o Teng? (September 2006) Khatiso ena e khethehileng ea Tsoha! e ne e ngotsoe ka tsela e babatsehang. Mabaka a fanoeng ho eona a ne a le bonolo, a susumetsa, a utloahala a bile a na le kelello. Ke ratile haholo tsela eo boitsebiso bo neng bo hlophisitsoe ka eona, hore ebe makasine eohle e ne e bua ka sehlooho se le seng empa e se tšohla ka litsela tse sa tšoaneng.

A. B., Spain

Kea le leboha ka makasine ena e ngotsoeng ka bokhabane le ka tsela e hlollang. Mabaka a sa tšoaneng le lipapiso tse fanoeng li tlotlisa Jehova. O lokela ho rorisoa ka tsela eo.

R. B., Switzerland

Ke ile ka khahloa ke mabaka a kholisang le a bonolo a tšehetsang pōpo. Ho ile ha totobatsoa ka tsela e se nang lonya hore khopolo ea ho iphetola ha lintho ke thetso, empa ha fanoa ka mabaka a matla le a nepahetseng a loketseng a saense.

L. G., Fora

Baromani—Lilemo Tse Sekete Tsa Thabo le Masoabi (October 2006) Haesale ke rata Baromani haholo. Ka bomalimabe batho ba ntse ba tsoela pele ho ba khetholla. Ke lumela ka tieo hore sehlooho seo se tla susumetsa batho ba bangata hore ba nahane ka bona. Ka sebele hoa khothatsa ho tseba hore Jehova ha a leeme le hore Baromani le bona ke barapeli ba hae!

B. B., Fora

Re Baromani. Ntate ha e e-s’o be e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me hase motho ea ratang ho bala. Leha ho le joalo, o ile a batla ho fumana makasine ena, ’me hona joale o e behile tafoleng ea hae!

A. G., Finland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela