Baromani—Lilemo Tse Sekete Tsa Thabo le Masoabi
KETSAHALO ena ekare mokete o moholo oa lechato la setso. Lijo le lino ke matletsetletse, ’me ho lla ’mino ka tlung. Beng ka monyali le monyaluoa ba fohla ho ea fihla ho monyali ea lihlong le monyaluoa oa hae ea khanyang thabo. Empa lena hase lechato—ke mokete oa tebeletsano o bang teng bosiung ba pele ho lechato, ’me ho tlile batho ba fetang 600 ho tla ba lakaletsa mahlohonolo. Ba habo monyali ba fana ka bohali ho ba habo moroetsana. Ka le hlahlamang, monyali le ba habo ba tla tsamaea le monyaluoa ho ea bohali, moo joale ho tla ba le mokete oa lechato.
Beng ka monyali le monyaluoa kaofela ba bua Seromani—puo eo e seng ea sebaka seo ho sa tsotellehe hore na ba hokae. Puo ena e buuoang ka litsela tse sa tšoaneng, hammoho le mekhoa e mengata ea boholo-holo le meetlo ea lenyalo, ke lefa la batho ba hasaneng hohle lefatšeng empa ba se na sebaka seo ba ka reng ke naha ea habo bona ’me ba se na ’muso oo ba ka reng ke oa bona. Ke Baromani.a
Baromani ke Bo-mang?
Ha ho batlisisoa ka puo ea Baromani, mekhoa ea bona le histori ea baholo-holo ba bona ho re khutlisetsa morao lilemong tse 1 000, karolong e ka leboea ea India. Puo ea bona, ha ho qheloa mantsoe a alimiloeng lipuong tse ling morao tjena, ho hlakile hore e simoloha India. Ha ho tsejoe hantle hore na ba ne ba tlohela’ng India. Litsebi tse ling li lumela hore e ka ’na eaba baholo-holo ba bona e ne e le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le ba thabisang ba bang ba neng ba tsamaea le libente tsa masole a ileng a tloha ha habo ’ona ka mor’a lintoa tsa sesole. Baromani ba ile ba fihla Europe ba tla ka tsela e fetang Persia le Turkey pele ho selemo sa 1300 C.E.
Europe, maikutlo a tloaelehileng ka Baromani ke a mabeli a fapaneng haholo. Ka lehlakoreng le leng, ba ’nile ba phafuoa ka ho feteletseng libukeng tsa lipale le lifiliming e le batho ba amohelang baeti ka mofuthu, ba sa tsotelleng, ba itsamaelang hohle bao ha ba bina le ha ba tantša ba ntšang thabo eohle ea bona le masoabi a bona bophelong. Ka lehlakoreng le leng, ba ’nile ba buuoa hampe ka hore ha ba tšepahale, ha ba utloisisehe ebile ha ba tšepe batho ba bang—e lula e le matsoa-ntle a qheleloang thōko le ho khetholloa ke baahelani ba bona. E le ho re thusa hore re utloisise hore na maikutlo ao a feteletseng a hlahile kae, a re ke re khutleleng morao historing ea Baromani.
Nako ea Khethollo
Mehleng e Bohareng, batho ba bangata ba Europe ba ne ba itsebela se etsahalang motseng kapa toropong ea bona feela. Nahana hore na ho ile ha tla eng likelellong tsa bona ha ba bona ka lekhetlo la pele malapa a Baromani a fihla. E tlameha ebe ba ile ba ba makatsa ka lintho tse ngata. Ntle le lebala la bona le letšoana, mahlo a maphatšoana le moriri o motšo, liaparo tsa batho bana ba fihlang, mokhoa oa bona le puo ea bona e ne e le tse fapaneng ka ho feletseng ho seo ba se tsebang, ’me hangata Baromani ba ne ba atisa ho itšeka—mokhoa oo mohlomong o qalileng khale koana sechabeng sa habo bona sa India se neng se arohane ka lihlopha tsa maemo. Ha lilemo tse mashome li ntse li feta, bohelehele boo ba qalong ba Maeurope bo ile ba nkeloa sebaka ke ho se ba tšepe.
Baromani ba ne ba qheleloa thōko ho batho ba bang—ba ne ba qobelloa ho hloma likampo tsa bona ka thōko ho metse ’me ba ne ba thibetsoe ho kena motseng esita le ho ea reka kapa ho ea kha metsi feela. Ho ne ho e-na le taba ea bo-ba-re ea hore “ba utsoa bana ebe baa ba ja!” Ka linako tse ling molao o ne o tlama Baromani hore ba phehele ’mananeng e le hore leha e le mang ea batlang a ka tla hlahloba hore na ba phehile eng. Hangata sena se ne se etsoa ka ho qhala seo ebang se ne se apehiloe letsatsing leo. Ha ho makatse ke hona hore ebe Baromani ba bang ba ne ba phela ka ho utsoa lijo.
Baromani ba ile ba sebetsana le khethollo ena ka hore ba momahane. Ka lilemo tse makholo ba fumane tšehetso le thabo bophelong ba malapa a bona. Ka tloaelo, batsoali ba Baromani ba rata bana ba bona haholo, ’me bana ba rata batsoali ba bona haholo ’me baa ba hlokomela ha ba se ba tsofetse. Baromani ba bangata ba khomaretse ka thata boitšoarong ba setso le mekhoeng e nkoang e amoheleha.
Bophelo ba Hloma-u-hlomole
Kaha hangata ba ne ba sa amohelehe, Baromani ba ile ba lula ba tsamaea. Bophelo bona ba hloma-u-hlomole bo ile ba etsa hore ba be le litsebo tse itseng, tse kang tsebo ea ho tea tšepe, ho rekisa le ho thabisa batho ba bang. Ka ho fana ka litšebeletso tsena, bonyane ba ne ba ka khona ho fepa malapa a bona. Basali ba bang ba Baromani ba ile ba nka monyetla ka botumo ba hore ba na le matla a phahametseng a tlhaho, hangata ba etsa eka ba na le ’ona bakeng sa ho iketsetsa chelete. Bophelo ba hloma-u-hlomole bo ne bo boetse bo fokotsa menyetla ea hore mekhoa ea bona kapa boitšoaro ba bona bo silafatsoe ke ho ba haufi haholo le gadje—lentsoe la Baromani bakeng sa “bao e seng Baromani.”b
Khabareng, khethollo e ile ea tsoala tlhoriso. Baromani ba ile ba lelekoa likarolong tse ling tsa Europe. Libakeng tse ling, Baromani ba ’nile ba etsoa makhoba ka lilemo tse makholo. Ho fela ha bokhoba boo lilemong tsa bo-1860 ho ile ha susumetsa ho falla ha Baromani le ho feta, ba bangata ba bona ba ea Europe Bophirimela le Linaheng Tsa Amerika. Hohle moo ba neng ba e-ea teng ba ne ba tsamaea le puo ea bona, mekhoa ea bona le litalenta tsa bona.
Esita le ha ba ne ba hateletsoe, Baromani ka linako tse ling ba ne ba fumana khotsofalo e itseng ka ho etsa lipapali tsa bonono. Spain, ho tsoakana ha mekhoa ea Baromani le mekhoa ea lichaba tse ling ho ile ha hlahisa ’mino le motantšo oa flamenco, ha Europe Bochabela teng libini tsa Baromani li ile tsa amohela ’mino oa setso sa moo, tsa kenyelletsa mekhoa e itseng ea bona e ikhethang. Morethetho oa Baromani o hapang maikutlo ha ba bina, o ile oa ba oa susumetsa esita le baqapi ba ’mino oa classic, ho akarelletsa Beethoven, Brahms, Dvořák, Haydn, Liszt, Mozart, Rachmaninoff, Ravel, Rossini, Saint-Saëns, le Sarasate.
Baromani Mehleng ea Kajeno
Kajeno, Baromani ba limilione tse peli ho ea ho tse hlano—ba bang ba re ba feta moo—ba fumaneha hoo e batlang e le hohle lefatšeng. Boholo bo phela Europe. Boholo ba bona ha bo sa lula bo tsamaea, ’me ba bang ba eme hantle licheleteng. Empa libakeng tse ngata Baromani ba ntse ba tlameha ho balelloa har’a mafutsana le ba sotlehileng, ’me hangata ba lula litakaneng.
Nakong ea puso ea Bokomonisi Europe Bochabela, leano la lipolotiki moo e ne e le hore baahi bohle ba phele ka ho lekana. Mebuso e ile ea leka ka litsela tse sa tšoaneng ho laola mokhoa oa bophelo oa Baromani oa ho lula ba tsamaea ka ho ba fa mesebetsi le ho ba fa matlo a ’muso. Ka linako tse ling sena se ntlafalitse bophelo ba bona ba ’mele le maemo ao ba phelang ho ’ona. Empa ha sea hlakola maikutlo a fosahetseng a bileng teng ka lilemo tse makholo pakeng tsa Baromani le bao e seng Baromani.
Liphetoho lipolotiking Europe Bochabela ka bo-1990 li ile tsa fana ka tšepo ea hore ho ka ’na ha e-ba le menyetla e mecha. Empa liphetoho tseo li ile tsa boela tsa khutlisa mehopolo e bohloko ha ho fokotsoa mananeo a thuso ea sechaba ’me ho nyehlisoa tsela eo melao e hanelang khethollo e sebetsang ka eona, e leng se ileng sa etsa hore Baromani ba bangata ba boele ba hule ka thata sechabeng le licheleteng.
Ho Fumana Tšepo le Bophelo bo Molemo
Boemo e ne e le bo joalo ha Andrea ea moriri o motšoana a ne a kena sekolo Europe Bochabela. E ne e le eena feela morutoana oa Moromani ka tlelaseng ea hae. Le hoja e le motho ea sa ameheng le feela maikutlong, o ile a leka ka matla empa a sitoa ho thiba likeleli ha a hopola ho songoa le ho khesoa hoo a ileng a feta ho tsona. Andrea oa hopola: “Ha ho ne ho khethoa lihlopha tsa ho bapala, kamehla ke ne ke khethoa qetellong. Ke ne ke batla ho balehela India moo ke neng ke tla amoheleha. Ha e le hantle, ka le leng e mong o kile a hoeletsa motsoalle oa ka a re, ‘Khutlela India!’ Motsoalle oa ka o ile a arabela: ‘Nka be ke ile hoja ke ne ke na le chelete.’ Ho ne ho se moo re ikutloang re phutholohile. Re ne re sa amohelehe hohle.” Kaha Andrea o ne a e-na le neo ea ho tantša, o ne a lakatsa ho tuma e le hore a ka amoheleha. Empa o ile a fumana ho itseng ho molemo a sa le lilemong tsa bocha.
Andrea oa pheta: “Ka letsatsi le leng moroetsana e mong ea bitsoang Piroska, eo e leng Paki ea Jehova, o ile a etela lapeng. O ile a mpontša ka Bibeleng hore Molimo o re rata re le batho ka bomong, eseng feela re le sehlopha sa batho. O ile a hlalosa hore nka ba le kamano e ntle le Molimo haeba ke batla. Sena se ile sa etsa hore ke ikutloe ke le oa bohlokoa ho motho e mong. Ho tseba hore ho Molimo batho bohle baa tšoana ho ile ha etsa hore ke itšepe haholoanyane.
“Piroska o ile a nkisa libokeng tsa Lipaki, moo ke ileng ka kopana le Baromani le merabe e meng ’me ka khona ho bona hore baa utloana. Ke ile ka ba le metsoalle ea sebele le Lipaki tsa limelo tse sa tšoaneng. Ka mor’a ho ithuta Bibele le Piroska nako e ka etsang selemo le halofo, ke ile ka ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.” Kajeno Andrea le monna oa hae ke baboleli ba nako e tletseng, ba ruta ba bang ka lerato le mofuthu leo Molimo a nang le lona ho lichaba tsohle.
Ho “Amoheloa Joaloka Mang le Mang”
Ha a hopola bocheng ba hae, Moromani e mong ea bitsoang Hajro o re: “Ho tloaelana le bashanyana ba mekhoa e mebe ba neng ba sa hlomphe molao ho ne ho lula ho nkenya khathatsong. Ka lekhetlo le leng, mapolesa a ile a ntšoarela bosholu ha ke ne ke utsoitse ke e-na le bashanyana bao. Ha mapolesa a ikisa hae, ke ne ke tšohile ’Mè ho feta kamoo ke neng ke tšohile mapolesa ao kateng kaha ke ne ke rutiloe hore ho utsoa ho fosahetse, e leng se neng se rutoa malapeng a mangata a Baromani.”
Ha Hajro a hōla, eena le lelapa labo ba ile ba kopana le Lipaki Tsa Jehova. Tšepiso ea Bibele ea hore ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata ’ohle a batho, ho kopanyelletsa le leeme le khethollo, e ile ea kena ka ho teba pelong ea Hajro. O re: “Baromani ha ba e-s’o ka ba e-ba le ’muso oa bona o ba hlokomelang. Ke lona lebaka le etsang hore ke nke hore Baromani ba boemong bo botle ba ho ananela kamoo ’Muso oa Molimo o tla tsoela batho bohle molemo kateng. Le hona joale ke bona melemo eo. Ho tloha mohla ke qalang ho kena ka Holong ea ’Muso, ke ile ka ikutloa ka tsela e tšoanang le ea moapostola Petrose ha a ne a re: ‘Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.’ (Liketso 10:34, 35) Ke ile ka amoheloa joaloka mang le mang. Ke ne be ke sa lumele seo ke se utloang ha e mong eo e seng Moromani a mpitsa phrala—‘mor’eso,’ ka Seromani!
“Qalong, ba bang lapeng ba ne ba nkhanyetsa ka matla. Ba ne ba sa utloisise liphetoho tseo ke li etsang e le hore ke phele tumellanong le melao-motheo ea Bibele. Empa hona joale beng ka rōna le Baromani ba bang ba hlokometse hore ho emela ha ka litekanyetso tsa Molimo ke tiile ho nkentse motho ea thabileng ’me ho hlahisitse melemo e mengata. Ba bangata ba bona ba lakatsa ho ntlafatsa bophelo ba bona.” Hona joale Hajro ke moholo oa Mokreste le ’moleli oa nako e tletseng. Mosali oa hae eo e seng Moromani, Meghan, le eena o ruta Baromani le ba bang hore na Bibele e ka ba thusa joang hore ba be le bophelo bo thabileng—hona joale le ka moso. O re: “Ke amohetsoe ka liatla tse peli ke ba bohali ba ka le ke sechaba sa bona. Ba rata taba ea hore motho eo e seng Moromani a ka ba thahasella hakana.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libakeng tse ling, Baromani ba ’nile ba bitsoa Magypsy, Magitano, Mazigeuner, Matsigani le Macigány. Mabitso ana a nkoa e le a somang. Lentsoe moromani (ka bongateng baromani), le bolelang “monna” ka puo ea habo bona, ke lona leo Baromani ba bangata ba ipitsang ka lona. Lihlopha tse ling tsa batho ba buang Seromani li tsejoa ka mabitso a mang, joaloka ka Masinti.
b Le hoja Baromani ba bang ba khomaretse ka matla meetlong ea bona e mengata, hangata ba ’nile ba amohela bolumeli boo bongata ba batho sebakeng seo ba leng ho sona ba bo kenang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Kajeno Baromani ba fumaneha hoo e batlang e le hohle lefatšeng
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Nakong ea puso ea Manazi Europe, Hitler o ile a bolaea Baromani ba ka bang 400 000 kapa ba fetang moo likampong tsa hae tsa lefu, hammoho le Bajuda, Lipaki Tsa Jehova le ba bang. Ka 1940, le pele letšolo la ho bolaea la Hitler le tsebahala, Charlie Chaplin, eo e neng e le motšoantši oa libaesekopo—’me e le Moromani—o ile a etsa baesekopo e bitsoang The Great Dictator, baesekopo e neng e hlahatsa Hitler le mokha oa hae ka tsela e phoqang. Baromani ba bang ba hlahelletseng ba akarelletsa motšoantšisi Yul Brynner le Rita Hayworth (ea ka tlaase), motaki oa litšoantšo Pablo Picasso (ea ka tlaase), sebini sa ’mino oa jazz, Django Reinhardt le sebini sa Macedonia, Esma Redžepova. Hape Baromani ba bang ke baenjiniere, lingaka, liprofesa le litho tsa paramente.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
AFP/Getty Images
Photo by Tony Vaccaro/Getty Images
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Lipaki Tsa Baromani
Baromani ba bangata ke Lipaki Tsa Jehova. Ba bang ba sebeletsa e le baholo ka phuthehong ha ba bang e le bo-pula-maliboho ba nako e tletseng. Liofisiri tsa ’muso le ba bang bao e seng Baromani ba ba nka e le mehlala e metle. Paki e ’ngoe ea Moromani Slovakia e re: “Ka letsatsi le leng moahelani oa rōna eo e seng Moromani o ile a kokota foleteng ea rōna. O ile a itlhalosa: ‘Lenyalo la ka le mathateng, empa kea tseba hore le ka re thusa.’ Re ile ra mo botsa: ‘Hobane’ng u nahana hore re ka u thusa?’ O ile a araba: ‘Haeba Molimo eo le mo rapelang a ka thusa lōna Baromani hore le ntlafatse bophelo ba lōna, mohlomong le rōna a ka re thusa.’ Re ile ra mo fa buka e thehiloeng Bibeleng e buang ka bophelo ba lelapa e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
“Hamorao, mosali oa hae le eena o ile a tla ha rōna ho tla kōpa se tšoanang, o ne a sa tsebe hore monna oa hae o se a tlile. O ile a re: ‘Ha ho na ba bang lifoleteng tsena ba ka re thusang.’ Re ile ra mo fa buka e tšoanang. E mong le e mong o ile a re kōpa hore re se ke ra bolella e mong hore o tlile. Khoeli le halofo hamorao, re ile ra qalisa thuto ea Bibele le banyalani bao. Ho phela ka ’nete ea Bibele ho ntlafalitse tsela eo batho ba re nkang ka eona hoo ba tlang ho rōna ho tla kōpa thuso ka litaba tsa bolumeli.”
[Litšoantšo]
Narbonne, Fora
Granada, Spain
“Baromani ba boemong bo botle ba ho ananela kamoo ’Muso oa Molimo o tla tsoela batho bohle molemo kateng.”—Hajro
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Poland
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Clive Shirley/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Baromani Engelane, ka 1911
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
By courtesy of the University of Liverpool Library
[Setšoantšo se leqepheng la 22, 23]
Slovakia
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Macedonia
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Mikkel Ostergaard/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Romania
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Macedonia
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Czech Republic
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Spain
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Andrea o ne a lakatsa ho tuma ka ho tantša e le hore a ka amoheleha
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]
Romania: © Karen Robinson/Panos Pictures; Macedonia: © Mikkel Ostergaard/Panos Pictures; Czech Republic: © Julie Denesha/Panos Pictures