Ha Liphoofolo Tsa Litonanahali ha li ne li Solla Europe
KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY
KA 1932, basebetsi ba etsang litsela ba ne ba ntse ba cheka haufi le Colosseum, Roma, ha e mong oa bona a tla otla ntho e itseng e thata. Ba ile ba fumana hore ke lehata la tlou le nang le lenaka. Hase lona feela le ileng la fumanoa. Ho theosa le lilemo, ho fumanoe mesaletsa e 140 ea litlou Roma le libakeng tse haufi le eona, ’me oa pele ke o fumanoeng lekholong la bo17 la lilemo.
Batho ba ne ba nahana hore masapo ao ke a litlou tse tlileng Roma ea boholo-holo li tsoa linaheng tse ling kapa tse tlisitsoeng Italy ke Molaoli oa lebotho la Carthage ea bitsoang Hannibal. G. B. Pianciani, eo e neng e le moprista oa lekholong la bo19 la lilemo ebile e le moprofesa oa Saense ea Lihloliloeng, Viterbo, ha aa ka a lumellana le likhakanyo tseo. Kaha boholo ba masapo ao a ne a fumanoe moo a bokeletsoeng ke metsi a phallang, o ile a etsa qeto ea hore liphoofolo tseo li shoeletse kae-kae eaba li isoa moo ke metsi a likhohola.
Mesaletsa e mengata ea masapo a litlou e epolotsoeng Italy hase ea litlou tseo re li tsebang kajeno. Ho e-na le hoo, ke ea tlou ea boholo-holo e bitsoang Elephas antiquus, e seng e le sieo. (Sheba leqephe la 15.) Tlou ena e ne e e-na le manaka a batlang a otlolohile ’me e le bophahamo ba limithara tse ka bang hlano mahetleng, ho bolelang hore e ne e feta litlou tseo re li tsebang kajeno ka limithara tse peli.
Liphoofolo tseo tsa litonanahali li ne li le atile hakae? Tlaleho ea mesaletsa ea khale e bontša hore li kile tsa solla hohle Europe le Engelane, joaloka litlou tse ling tsa habo tsona. Ho feta moo, hangata mesaletsa ea masapo a litlou e fumanoa e phaellane haufi le ea liphoofolo tse ling tseo li neng li sa phelisane hammoho.
Mafiritšoane le Likubu
Masapo a fumanoeng Lazio, e leng sebaka se bohareng ba Italy ho akarelletsa le Roma, a bontša hore ka nako e ’ngoe sebaka seo se ne se e-na le tlelaemete e tšoanang le ea Afrika bakeng sa likubu, litšephe esita le litau le mangau tse kileng tsa solla sebakeng sena. Ha e le hantle, mesaletsa ea lengau le leng leo ho thoeng ke la Monte Sacro, e ile ea fumanoa khubung ea Roma. Haufi le motse oa Polledrara ho epolotsoe mesaletsa e 9 000 ea liphoofolo tse sa tšoaneng: litlou tsa boholo-holo, linare, likhama, litšoene tsa Barbary, litšukulu le li-auroch—e leng likhomo tse khōlō tse felileng lilemong tse ka bang makholo a mane tse fetileng. Musiamong oo ho na le borokho boo baeti ba ka tsamaeang ho bona hore ba bone mesaletsa eo sebakeng seo e fumanoeng ho sona.—Sheba leqephe la 16.
Lehaheng le leng le haufi le Palermo, Sicily, ho ne ho e-na le masapo a mangata ho akarelletsa le mesaletsa ea likhama, lipholo, litlou le likubu tsa lilemo tse sa tšoaneng—esita le a kubu e neng e e-s’o tsoaloe. Ha e le hantle, ho ile ha rekisoa mesaletsa ea boima ba lithane tse 20 likhoeling tsa pele tse tšeletseng ka mor’a hore sebaka seo se sibolloe!
Setsebi sa mesaletsa ea lintho tsa khale se bitsoang J. Manson Valentine, se ile sa sibolla sebaka se nang le mesaletsa e mengata ea masapo a robehileng a liphoofolo tse tšoanang, hammoho le a mafiritšoane le a libere tse tšoeu, karolong e ka Boroa ea Engelane. Ke’ng se bokeletseng mesaletsa ee e mengata libakeng tse sa tšoaneng joalo?
Bo-rasaense ba bang ba lumela hore tsela eo liphoofolo tsena li shoeleng ka eona e bontša hore li bolailoe ke koluoa ea tlhaho. Ho sa tsotellehe hore na ke’ng e li bolaileng ka bongata joalo, seo se ile sa ama karolo e khōlō e akarelletsang Europe eohle, Siberia le Alaska.
Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e re thusa ho bona hore na lefatše le ne le fapane hakae ho leo re le tsebang kajeno. Ha e le hantle, Italy feela, haeba u ne u ka bona lintho tse neng li etsahala mehleng eo ea khale, u ne u ka ’na ua nahana hore u naha-thote k’honthinenteng ea Afrika.
[Lebokose le leqepheng la 17]
MOSALETSA OA PHOOFOLO KE ENG?
Ha motho a o habanya feela, o ka ’na oa shebahala joaloka lesapo le tloaelehileng. Ha e le hantle, o entsoe ke ho fetoha ha lik’hemik’hale, ho etsahalang pele litopo tsa liphoofolo li ka bola.
Tsela e ’ngoe eo sena se atisang ho etsahala ka eona ke e amanang le liminerale. Liminerale tse mobung o metsi li nkela tse phoofolong sebaka ka ho feletseng kapa li nkela tse ling tsa tsona sebaka. Kahoo, e le hore ho be le mesaletsa, ho hlokahala hore ho be le maemo a itseng ka ho khetheha tikolohong. Maemo ao a akarelletsa hore ho be le lintho tse ngata tse qitang ’me litopo li koaheloe ka potlako, hape ho be le lintho tse ka etsang hore phoofolo e se ke ea bola habonolo. Maemong a tloaelehileng, litopo tsa liphoofolo tse sa jeoang ke tse ling, li qetoa ke libaktheria esita le lik’hemik’hale hammoho le lintho tse ling, tse kang moea le metsi. Kahoo, hase hangata ho bang le mesaletsa ea liphoofolo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 17]
LITLOU TSE KAROLONG E KA LEBOEA EA LEFATŠE
Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e bontša hore litlou tse nang le boea li ne li solla sebakeng se seholo se akarelletsang Asia, Europe le Amerika Leboea. Europe, ho bonahala eka Italy ke eona e ntlheng e ka boroa moo liphoofolo tseo li neng li fumaneha teng.
Litlou tsena tse neng li e-na le boea bo ka bang bolelele ba lisenthimithara tse 50, li ne li batla li lekana le tsa mehleng ea kajeno tsa Asia ’me manaka a tse tona a hōla ho fihlela a ka ba limithara tse 5. Manaka a mangata a litlou tsena a ile a fumanoa Siberia—ha e le hantle, a ne a le mangata hoo ho tloha mehleng e bohareng a neng a rekisetsoa Chaena le Europe.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo courtesy of the Royal BC Museum
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Sebaka se nang le mesaletsa ea lintho tsa khale, Polledrara
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Soprintendenza Archeologica di Roma
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 15]
Top: Museo di Paleontologia dell’Università degli Studi “La Sapienza” di Roma; bottom: © Comune di Roma - Sovraintendenza Beni Culturali (SBCAS; fald. 90, fasc. 4, n. inv. 19249)