Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/09 maq. 16-18
  • Se Hlokahalang Hore Motho a Tsamaise Tlou

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se Hlokahalang Hore Motho a Tsamaise Tlou
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Rupelloa ho Koetlisa Litlou
  • Ho Hlokomela Tlou
  • Liphello Tsa ho li Sotla
  • Nko ea Tlou
    Tsoha!—2012
  • Tlou e Bohlale Hakae?
    Tsoha!—1988
  • “O Mong oa Mesebetsi ea Tlhaho e Tsoileng Matsoho”
    Tsoha!—1989
  • Liphoofolo Tse Hlaha Tsa Afrika Tse Felang—Na li Tla Lula li le Teng?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 4/09 maq. 16-18

Se Hlokahalang Hore Motho a Tsamaise Tlou

KA MONGOLI OA TSOHA! INDIA

HA MOHLOKOMELI e mong oa tlou a ne a phehile lijo lebōpong la Nōka ea Narmada, o ile a siea ngoana oa hae a lutse pakeng tsa mokali oa tlou ea hae le maoto a eona a pele ha e ntse e iphomoletse. Buka e bitsoang Project Elephant e bolela hore ngoana eo o ile a leka ka makhetlo ho tloha moo a neng a behiloe teng, empa “tlou eo e neng e otlile ka lehlakore e ile ea mo hula ka mokali ’me ea mo khutlisetsa moo ntat’ae a neng a mo siile teng. Ntate eo o ile a itsoella pele ka ho pheha ’me o ne a bonahala a kholisehile ka ho feletseng hore ngoana o sireletsehile.”

Litlou tse sebetsang li ’nile tsa thusa batho ho tloha khale koana ka 2000 B.C.E. Mehleng ea boholo-holo, litlou li ne li koetlisetsoa ntoa ka ho khetheha. Mehleng ea kajeno India, li koetlisetsoa ho sebetsa. Li sebelisetsoa ho rema lifate tsa khoebo, li sebelisoa meketeng ea bolumeli le ea manyalo, lipapatsong, liserekising, esita le bakeng sa ho qela. Litlou tsee li thapisoa joang? Hona li koetlisoa joang?

Ba Rupelloa ho Koetlisa Litlou

Litsi tse ngata India li hlomeletsoe hore li hlokomele manamane a litlou a nkiloeng ke batho, a lahliloeng kapa a tsoileng kotsi a le naheng. Setsi se seng se joalo sa koetliso se Koni, e profinseng ea Kerala. Mona manamane a litlou a koetlisetsoa ho sebetsa. Ntho ea pele eo mohlokomeli a lokelang ho e etsa ke hore namane e mo tšepe. Tsela e molemo ea hore a etse seo ke hore a e fepe. Namane e tseba lentsoe la mohlokomeli, ’me ha a e bitsa hore e tl’o ja, e matha ka potlako hore e tl’o fumana lebese le nyalothe e futsoetsoeng. Hangata manamane a litlou a qala ho koetlisetsoa ho sebetsa ha a e-na le lilemo tse ka bang 13. Joale a qala ho sebetsa ha a e-na le lilemo tse 25. Kerala, ho ea ka molao oa ’muso, litlou li lokela ho khaotsa ho sebetsa ha li e-na le lilemo tse 65.

E le hore mohlokomeli a tsamaise tlou ka tsela e sireletsehileng, o lokela ho koetlisoa hantle. Ho ea ka Mokhatlo oa Tlhokomelo ea Litlou oa Trichur, Kerala, mohlokomeli e mocha o lokela hore a koetlisoe haholo, bonyane ka likhoeli tse tharo. Ha a koetlisetsoe feela hore a ithute ho laela tlou. Koetliso eo e boetse e akarelletsa ho tseba le tsela eo litlou li phelang ka eona.

Ho nka nako e telele ho koetlisa tlou e seng e le khōlō. Motho ea e koetlisang o ema ka ntle ho sebaka seo e koaletsoeng ho sona ebe o e ruta ho utloisisa litaelo tseo a e fang tsona. Kerala, hore tlou e etse mosebetsi oo mohlokomeli a batlang hore e o etse, o ntša litaelo le matšoao a ka bang 20. Mohlokomeli o fana ka litaelo tse hlakileng ka lentsoe le phahameng ’me ka nako e tšoanang o e khanna ka molamu, o e bontša seo e lokelang ho se etsa. Ha tlou eo e mamela, o e putsa ka ho e fa ntho eo e e ratang. Ha motho ea e koetlisang a kholisehile hore tlou ea hae e botsoalle, o kena ka har’a sebaka seo e koaletsoeng ka ho sona ’me oa e phaphatha. Sena se etsa hore ho be le ho tšepana pakeng tsa motho le tlou. Ka mor’a nako e itseng, tlou eo e ka ntšetsoa ka ntle—empa e le ka kelo-hloko, kaha e ntse e le hlaha ka tsela e itseng. Pele ho hlaka hore tlou eo e thapile ka ho feletseng, e tlamelloa ka liketane litloung tse peli tse sebelisetsoang koetliso, ha e il’o tolisoa kapa e isoa mabakeng a mang.

Ka mor’a hore tlou e utloisise litaelo tse fanoang ka molomo, mohlokomeli oa e palama ebe o e ruta ho mamela litaelo tseo a e fang tsona ka ho e thetsa ka menoana kapa lirethe. Hore tlou e ee pele, mohlokomeli o e penya ka mor’a litsebe ka menoana e metona ea maoto. Hore e cheche, o e penya mahetleng ka lirethe. E le hore e se ke ea ferekana, ke mohlokomeli a le mong feela ea fanang ka litaelo tsa molomo. Tlou e tla utloisisa litaelo tsohle nakong ea lilemo tse tharo kapa tse ’nè. Ka mor’a moo, ha ho mohla e li lebalang. Le hoja boko ba tlou bo le bonyenyane ha bo bapisoa le ’mele oa eona, ke phoofolo e bohlale haholo.

Ho Hlokomela Tlou

Tlou e lokela ho lula e phetse hantle ebile e thabile. Ke habohlokoa hore e tolisoe letsatsi ka leng. Ha mohlokomeli a e tolisa, o e hohla ka lejoe le lekhapetla la kokonate le sehiloeng hantle hore a kutlule letlalo la eona le letenya, feela le le bonolo.

Joale o e fa lijo tsa hoseng. Mohlokomeli o e futsoella koro le nyalothe le furu ea lipere. Lijo tsa eona tse ka sehloohong li akarelletsa mahlaku a sefate sa bamboo, a palema le joang. Tlou e thaba haholo ha ho tšeloa le lihoete tse tala hammoho le ’moba. Litlou li qeta nako e khōlō le e nyane li ntse li ja. Letsatsi ka leng li hloka lijo tse boima ba lik’hilograma tse ka bang 140 le lilithara tse ka bang 150 tsa metsi! E le hore setsoalle se lule se le teng pakeng tsa mohlokomeli le tlou, o lokela ho e fa lintho tsena tseo e li hlokang.

Liphello Tsa ho li Sotla

Tlou e bonolo ea India e ke ke ea khannoa kapa ea sebelisoa ho feta kamoo e ka khonang. Litlou li ka ’na tsa hlasela bahlokomeli ba li hlokofatsang, ebang ke ka mantsoe kapa ka litsela tse ling. Koranta ea India e bitsoang Sunday Herald e ile ea bua ka tlou e ’ngoe e tona e nang le manaka, e ileng ea “halefa ’me ea tsoa taolong . . . ka mor’a hore bahlokomeli ba e hlekefetse. Tlou ena e ile ea tsoa taolong ka lebaka la ho otloa ke mohlokomeli . . . ’me e ile ea tlameha ho robatsoa ka lithethefatsi.” Ka April 2007, India Today International e ile ea tlaleha, ea re: “Likhoeling tse peli tse fetileng feela, litlou tse manaka tse fetang 10 li ile tsa tsoa taolong meketeng; ho tloha ka January selemong se fetileng, bahlokomeli ba 48 ba bolailoe ke litlou tse neng li halefile.” Hangata litlou li itšoara joalo nakong ea ha li batla ho tlōlela. Sena se etsahala selemo ka seng ha tlou e khōlō e tona e phetseng hantle e ba le liphetoho ’meleng, tse amanang le nako ea ho tlōlela ’me homone ea eona ea botona e eketseha. Sena se etsa hore li be bohale ’me li loantše tse ling tse tona le batho. Nako ena e ka nka matsatsi a 15 ho isa ho likhoeli tse tharo.

Ntho e ’ngoe e ka halefisang tlou ke haeba e rekisoa ’me e hlokomeloa ke mohlokomeli e mocha. Hoa totobala hore e ne e tloaelane le mohlokomeli oa khale. E le ho e thusa hore e ikamahanye le maemo a macha, ka tloaelo mohlokomeli oa khale o ea le eona lehaeng la eona le lecha. Ha e le moo, bahlokomeli bao ka bobeli ba sebetsa ’moho ho fihlela e mocha a tloaela kamoo tlou eo e itšoarang kateng. Mathata a ka ba maholo le ho feta ha mohlokomeli a shoa ’me e hlokomeloa ke e mocha. Leha ho le joalo, qetellong tlou e hlokomela boemo bo bocha ebile ea bo amohela.

Le hoja batho ba bang ba ka ’na ba tšaba phoofolo ena e matla, tlou e koetlisitsoeng hantle e tla mamela monghali ea mosa. Ha e tšoaroa ka mosa, ho ke ke ha hlokahala le hore e tlangoe ka liketane ha mohlokomeli oa eona a le sieo ka nakoana. Ntho eo mohlokomeli a lokelang ho e etsa feela ke ho beha thupa fatše ka pel’a leoto la tlou ebe o e laela hore e se ke ea tsamaea. Tlou eo ea mamela ebe e ema moo e laetsoeng hore e eme teng. Joalokaha ho bontšitsoe ka mohlala o qalong ea sehlooho sena, tšebelisano e pakeng tsa tlou le mohlokomeli oa eona e ka ba e makatsang le e amang maikutlo. Ka sebele, mohlokomeli ea molemo a ka tšepa tlou ea hae.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

HISTORI E TELELE EA BATHO LE LITLOU

Batho ba ’nile ba thapisa litlou ka nako e telele historing. Mohlomong mohlala oa boholo-holo o tsebahalang haholo ke oa Hannibal, eo e neng e le molaoli oa lebotho oa Carthage. Lekholong la boraro la lilemo B.C.E., motse oa Carthage o Afrika Leboea o ne o loana le Roma letotong la lintoa tse ileng tsa qeta lilemo tse lekholo, tse neng li tsejoa ka hore ke Lintoa Tsa Punic. Hannibal o ile a bokella lebotho motseng oa Cartagena, Spain, a rerile ho hlasela Roma. O ile a feta le lithabeng tsa Pyrenees a ntan’o kena moo hona joale e leng Fora. Makasine e bitsoang Archaeology e bolela hore “tlhaselong e ’ngoe ea tse bontšang sebete ka ho fetisisa historing,” lebotho la hae la banna ba 25 000—le neng le tsamaea ka litlou tsa Afrika tse 37 le liphoofolo tse ngata tse jareletseng thepa—le ile la feta lithabeng tsa Alps ’me la kena Italy. Le ile la tlameha ho mamella serame, lifefo tsa lehloa, majoe a thetehang le merabe e bohale ea lithabeng. Leeto leo le ile la khathatsa litlou haholo. Kaofela li ile tsa shoa selemong sa pele Hannibal a le Italy.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Look and Learn Magazine Ltd/The Bridgeman Art Library

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Mohlokomeli o kutlula letlalo la tlou ea hae le letenya, feela le le bonolo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Vidler/mauritius images/age fotostock

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

© PhotosIndia/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela