Tlou e Bohlale Hakae?
“Ha ke lumele hore ‘le ka mohla tlou ha e lebale,’” ho ngotse setsebi se seng, Jim Williams, bukeng ea sona Elephant Bill. Leha ho le joalo, ka ho tebileng Jim o ne a hlompha bohlale ba liphoofolo tsena tse neng li sebelisoa femeng e betlang lifate Burma moo a neng a sebetsa teng. O ile a hlokomela hore tlou e ka rutoa ho arabela litaelong tsa molomo tse fapaneng tse 24 le litaelong tse ngata tse fanoang ka ho itšisinya ha mopalami. Ketsahalo e latelang e mabapi le tlou e bitsoang Bandoola le mopalami oa Burma ea bitsoang Po Toke:
“Po Toke o ne a thabile haholo ho bontša bohlale ba Bandoola ... O ile a beha lintho tse leshome fatše ka pel’a eona—selepe, saga, liketane tse tharo tse sa lekaneng, noto, jj.
A bua ka Seburma,” ‘Mphe saga.’
“Bandoola ea sheba moleng oa lisebelisoa ’me kapele-pele ea nka saga ka mokali oa eona ho e neha Po Toke.
A re,” ‘Ho lokile, e behe fatše. Joale mphe noto.’” Ena le eona ea nkuoa ntle le ho tsila-tsila; ’me hamorao lintho tsohle tsa tlisoa ka bonngoe ntle ho phoso.
Po Toke a re,” ‘O mohlomphehi e moholo ea khabane,’ ’me Bandoola ea nka sena e le hlompho e loketseng.
“Joale Po Toke a theoha hloohong ea tlou, a tšoara ntlha e ’ngoe ea ketane ka matsoho a hae ’me a bolella Bandoola ho e tlama lefito. Ea etsa sena ka matla, ea e sotha ka mokali oa eona hore ebe lefito leo ho seng letsoho la motho le ka bang le matla a ho le tlamolla. Leha ho le joalo, ha Bandoola e bolelloa hore e le tlamolle ea le tlamolla habonolo joaloka sekotoana sa khoele. Treve [mora oa Williams] o ne a thabile haholo.
Ka boikhohomoso Po Toke a re,” ‘Khele, e ka etsa ho fetang hoo. E-tla u bone seo e ka se etsang ka sefate.’
A e palama mehato e seng mekae ho ea moo lifate tse nyenyane li metseng teng. Nakong ena litaelo tsohle tsa etsoa ntle ho puo—ho ne ho se sale, ho se sephali—e le feela khatello ea serope molaleng oa phoofolo le ho ngoapa hoa monoana o motona ka mor’a tsebe ea eona.
“Nako le nako, Po Toke o ne a re bontša seo a neng a tla se kōpa Bandoola ho se etsa, joale a laela phoofolo eo matla a eona a ho khetholla a neng a makatsa haholo a ntse a thotse. Re ile ra e bona e arabela letotong la litaelo tse fanoang ntle ho puo. Ea thinyetsa ho le letšehali—ea thinyetsa ho le letona—ea shebisa hlooho ea eona morao—ea isa hlooho ea eona tlaase—ea sutuletsa sefate fatše—ea hulela lekala fatše—ea tsomula semela se senyenyane, kapa ea se sireletsa.”—Ho tsoa ho The Footprints of Elephant Bill, ka Susan Williams.
Ho hlokahala litšobotsi life ho koetlisa tlou hore e arabe ka tsela eo? Sehlōhō kapa mosa? Mongoli oa mosali ea boletsoeng kaholimo oa hlalosa, “Erekaha boikokobetso ba tlou boholo e le lerato ka lebaka leo koetliso ea eona e lokela ho etsoa ka bonolo le ka mosa o moholo.”
Koetliso e tlameha ho qala ha phoofolo e sa le nyenyane. Koetliso ea Bandoola e qalile selemong sa eona sa botšelela. Pele e ne e sebelisoa e le pelesa, ’me ha e le lilemo li 20 feela ha nkoa hore e hōlile ka ho lekaneng bakeng sa mosebetsi o boimanyana oa ho hula likoqo. Na koetliso e hlokang mamello joalo e tšoaneloa ke boiteko? Ho joalo. Tlou e hōlileng e ka hula likoqo tse boima lilemo tse ka bang 35. Ke lipalangoang tse kae tsa mehleng ea joale tse ka tšoarellang halelele hakaalo?