Na e Entsoe?
Nko ea Tlou
● Bafuputsi ba ntse ba etsa letsoho la roboto le nang le bokhoni bo ntlafalitsoeng le le etsang mesebetsi e fapaneng. Mookameli oa k’hamphani e etsang letsoho lena o re letsoho lena le lecha “le feta hōle sesebelisoa leha e le sefe se teng hona joale se entsoeng ke liindasteri tse etsang mechine ea othomathike.” Ke’ng e susumelitseng k’hamphani ee hore e qape letsoho lee? Mookameli o re: “Ke tsela eo nko ea tlou e sebetsang ka eona.”
Ak’u nahane: Nko ea tlou e ka bang boima ba lik’hilograma tse 140, e ’nile ea bitsoa “setho se etsang mesebetsi e mengata le se molemo ka ho fetisisa lefatšeng.” Nko ea tlou e ka etsang lintho tse fapaneng e ka sebetsa joaloka straw kapa letsoho. Ka eona, tlou e ka hema, ea fofonela, ea noa metsi, ea tšoara ntho e itseng kapa ea etsa esita le molumo o thibang litsebe!
Empa ha e etse lintho tseo feela. Nko ea tlou e na le mesifa e ka bang 40 000, e leng se etsang hore e ee ka mahlakoreng ’ohle. Tlou e ka thonaka chelete ea tšepe ka ntlha ea nko ea eona. Leha ho le joalo, e ka sebelisa nko ea eona ho phahamisa mojaro o boima ba lik’hilograma tse ka bang 270!
Bafuputsi ba na le tšepo ea hore ha ba ka atleha ho etsisa bokhoni ba nko ea tlou ba tla khona ho etsa roboto ea boemo bo phahameng e tla sebelisoa malapeng le liindastering. Moemeli oa k’hamphani eo ho builoeng ka eona qalong o re: “Re khonne ho etsa mochine o mocha ka ho feletseng e le hore o ka thusa batho, ’me ke oona oa pele o etsang hore batho le mechine ba sebelisane ’moho ho se na kotsi e ka hlahang.”
U nahana’ng ka see? Na nko ea tlou e bile teng ka ho iphetola ha lintho? Kapa na e entsoe?