“O Mong oa Mesebetsi ea Tlhaho e Tsoileng Matsoho”
KE KAMOO setsebi sa mahlale sa Afrika Boroa se hlalositseng mokali oa tlou. Karolo ena e se nang masapo, e mesifa e nolofalletsa tlou ho hula metsi a ka bang lilithara tse ’ne le ho a tšela ka molomong oa eona. Ntle ho tsebo ena, phoofolo ena e khōlōhali e ne e tla ba le mosebetsi o boima oa ho khumama lekhetlo le leng le le leng ha e e-noa metsi. Mokali o boetse o e nolofalletsa ho ja limela tse boima ba lik’hilograma tse ka bang 230 ka letsatsi. Ka hona, litlou li kotsing ea ho shoa haeba setho sena sa bohlokoa se tsoa kotsi e mpe.
Mokali o boetse o sebelisoa ka litsela tse ling tse ngata, joaloka ho hlaba mokhosi, ho hlokomela namane, kapa le ho shapa namane ha e etsa botlokotsebe. Hangata o sebelisoa ho fafatsa mong’a oona ka metsi kapa seretse. Hobane’ng seretse? Mohlomong ho sireletsa letlalo la eona mochesong le ho hlaseloeng ke likokoanyana. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling tlou e phahamisetsa mokali oa eona sebakeng joaloka mochini oo ho bonoang ka ’ona lintho tse hōle? Ho utloa hore na moea o fokela hokae le ho fofonela monko oa sera. E, ho phaella ho beng setho se mafolofolo sa ho tšoara, setho sena se kobehang habonolo se boetse se lelefalitse nko. Mofu Jim Williams, bukeng ea hae Elephant Bill o bolela litsela tse ling tse thahasellisang tseo litlou li sebelisang mekali ea tsona kateng:
“Haeba e sa tsebe ho finyella karolo ea ’mele oa eona e hlohlonang ka mokali oa eona, hase ka mehla e ikhohlang sefateng; ho ena le hoo e ka ’na ea nka thupa e telele ebe e ingoaea hantle ka eona. Haeba thupa e ’ngoe e se telele ka ho lekaneng, e tla batla e ’ngoe e telele.
“Haeba e fothola joang bo bong ’me bo fothoha le metso e nang le mobu, e tla bo otlanya leotong la eona ho fihlela mobu ’ohle o tlohile, kapa, haeba metsi a le haufi, e tla bo hlatsoa pele e bo kenya ka molomong oa eona.”
Ka lilemo tse fetang 20, Williams o phekotse litlou tse rutiloeng ho thotha patsi e etsang likepe merung ea Burma. Empa ka linako tse ling o ile a hlōleha ho pata moriana lijong tsa tlou e kulang. Ka mokali oa eona, ho hlalosa Williams, “e ntša pilisi (e lekanang le aspirin) tholoaneng ea tamarind e lekanang le bolo ea cricket moo motho a e patileng teng, ka moea oa hore: ‘Ha ke ngoana.’”
O tsoela pele, “litlou li ka boela tsa tlosa limela tse khomarelang ka thata ho tse ling, joaloka ivy, sefateng ho feta motho ea sebetsang ka matsoho a mabeli. Lebaka la sena ke bolokolohi ba tsona ba ho tšoara.”
Kahoo nakong e tlang ha u bona tlou serapeng sa liphoofolo tse hlaha, ke hobane’ng ha u sa etse joalokaha ho hlahisitse Ngaka Gerrie de Graaff makasineng oa Afrika oa liphoofolo tse hlaha Custos: “Talima phoofolo ena ka tšabo le tlhompho e loketseng ’me u iphe nako ea ho nahanisisa le ho bona mosebetsi o tsoileng matsoho oa tlhaho—mokali oa tlou.” Joale ipotse: ‘Ke mang ea lokelang ho fumana tlotla bakeng sa setho see se hlollang se kobehang habonolo joalo?’ Karabo ea Bibele potsong eo ke hore Jehova Molimo o entse “liphoofolo tsa lefatše ka mefuta ea tsona” le hore ‘o bone tsohle tseo a li entseng hoba li molemo haholo.’—Genese 1:25, 31.