Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 2/8 maq. 9-11
  • Ho Etsahetse Eng ka Li-dinosaur?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahetse Eng ka Li-dinosaur?
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khopolo ea ho Nyamela ha Tsona ka Tšohanyetso
  • Nako eo Li-Dinosaur li Bileng Teng ka Eona
  • Tlaleho ea Pōpo le Li-Dinosaur
  • Ho Sibolla ‘Lihahabi Tsa Litonanahali’ Tsa Boholo-holo
    Tsoha!—1990
  • Libōpeho Tse Fapaneng le Boholo bo sa Tšoaneng ba Li-dinosaur
    Tsoha!—1990
  • Ho Iphetola Hoa Lintho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Tsoha!—1990
g90 2/8 maq. 9-11

Ho Etsahetse Eng ka Li-dinosaur?

“PALAEONTOLGY ke thuto ea li-fossil, ’me li-fossil ke mesaletsa ea lintho tse phetseng khale.” Empa seithuti se seng sa lintho tsa khale se boletse hore “thuto ena ea mahlale ke ho noha ho hoholo le ho nahanela ho hoholo.” Ho boleloa mantsoe a tšoanang ka li-dinosaur. Ha a hlalosa hore na ho etsahetse eng ka tsona, ramahlale oa Princeton G. L. Jepson o boletse:

“Bangoli ba lumellana ka ho fapaneng hore li-dinosaur li ile tsa nyamela hobane boemo ba leholimo bo ile ba senyeha . . . kapa lijo li ile tsa senyeha. . . . Bangoli ba bang ba qosa maloetse, ho hlaseloa ke likokonyana, . . . phetoho khatellong kapa metsoakong ea sebaka sa leholimo, likhase tse chefu, lerōle la thaba e thunyang mollo, oxygen e ngata haholo e tsoang limeleng, boemo ba leholimo, linaleli, liphoofolo tse nyenyane tse jang mahe a li-dinosaur, . . . mahlaseli a letsatsi a kotsi, ho fetoha ha Lintlha tsa potoloho ea lefatše, likhohola, ho arohana ha likontinente, . . . ho moeafala ha metsi tikolohong le matšeng, matheba a matšo letsatsing.”—The Riddle of the Dinosaur.

Likhopolo tse joalo tsa bo-ramahlale li bontša ka ho hlakileng hore ha ba tsebe ho arabela potso ena ka botšepehi: Ho etsahetse eng ka li-dinosaur?

Khopolo ea ho Nyamela ha Tsona ka Tšohanyetso

Khopolo ea morao-rao e ile ea hōlisoa ke sehlopha sa bo-ramahlale, Luis le Walter Alvarez. Walter Alvarez o ile a fumana moalo o mosesanyane oa letsopa mahareng a majoe a mabeli a kalaka lefikeng ka ntle ho motse oa Gubbio bohareng ba Italy. Moalo o ka tlaase oa lejoe la kalaka ho fumanoe mesaletsa e mengata ea lipheli tsa khale. Moalo o ka holimo o ne o se na letho ’me sena sa etsa hore liithuti tsa mafika li fihlele qeto ea hore bophelo bo ile ba fela ka tšohanyetso le hore moalo oo o mofubelu oa letsopa o ne o amana le ho fela ha li-dinosaur.

Tlhahlobo e senotse hore letsopa le ne le na le motsoako o mongata oa iridium (tšepe), o mongata ka makhetlo a 30 ho feta motsoako oo ka tloaelo o fumanoang mafikeng. Ba ne ba tseba hore metsoako e matla joalo e fumanoang ka seoelo e ne e ka fumaneha feela botebong ba lefatše kapa mehloling e ka ntle ho lefatše. Ba ile ba fihlela qeto ea hore iridium e bokelletsoe moo ke linaleli tse khōlō tse ileng tsa oela lefatšeng, ’me tsa etsa hore li-dinosaur li nyamele ka tšohanyetso.

Ka mor’a hore ho fumanoe letsopa le nang le iridium e ngata Gubbio, mealo e tšoanang e ile ea fumanoa likarolong tse ling tsa lefatše. Na see se ile sa tiisa khopolo ea linaleli? Bo-ramahlale ba bang ha ba tsebe hantle. Empa ho joalokaha buka The Riddle of the Dinosaur e lumela, ’me khopolo ea Alvarez e phaella ka “tšusumetso e ncha thutong ea ho nyamela ha li-dinosaur le thutong ea ho iphetola ha lintho.” Seithuti sa lintho tsa khale Stephen Jay Gould se lumela hore e ka fokotsa “bohlokoa ba phehisano mahareng a liphoofolo tse fapaneng.”

Ha mongoli e mong oa mahlale a bua ka khopolo ena e ncha le ho fela ha liphoofolo tsena ka tšohanyetso, o lumetse: “Li ka tsukutla metheo ea thuto ea ho iphetola ha lintho le ho belaella thuto ea hona joale ea khetho ea ho phonyoha ha tse matla.”

Ramahlale oa Univesithi ea Arizona David Jablonski o fihlela qeto ea hore ‘bakeng sa limela tse ngata le liphoofolo, ho nyamela ha tsona ebile ho sekhahla le ho batlang ho khethehile. Ho nyamela ha tsona ka bongata ha se liphello tsa ho shoa ha tsona butle-butle. Ho na le ntho e khethehileng e etsahetseng.’ Ho bile joalo le ka li-dinosaur. Ho hlaha ha tsona le ho nyamela ha tsona ka sekhahla ho hanana le pono e amoheloang ea ho iphetola ha lintho butle-butle.

Nako eo Li-Dinosaur li Bileng Teng ka Eona

Hangata masapo a li-dinosaur a fumanoa moalong o tlaase ho feta oa masapo a batho, ’me sena se lebisa ba bangata qetong ea hore li bile teng mehleng ea pele. Liithuti tsa mafika li bitsa nako ena Mesozoic ’me li e arola ka likarolo tsa Cretaceous, Jurassic, le Triassic. Nako e sebelisitsoeng bakeng sa linako tsena e baloa ka limillione tse mashome tsa lilemo. Empa na see se tiisitsoe ka bopaki leha e le bofe?

Mokhoa o mong o sebelisoang ho lekanyetsa lilemo tsa mesaletsa ea lintho tsa khale o bitsoa radiocarbon. Mokhoa ona oa nako o lekanya nako ea ho fela ha radiocarbon ho tloha nakong eo sepheli se shoang ka eona. “Hang ha sepheli se shoa, ha se sa monya carbon dioxide e ncha tikolohong ea sona, tekanyetso ea li-isotope ea fela ha e ntse e bola ’me e khaotsa ho ntša mahlaseli setsing sa athomo ea sona,” ho bolela Science and Technology Illustrated.

Leha ho le joalo, ho na le mathata a tebileng ka tsamaiso ena. Pele, ha ho nahanoa hore mesaletsa ea lintho tsa khale e na le lilemo tse ka bang 50 000, tekanyo ea eona ea mahlaseli a tsoang setsing sa liathomo e fokotsehile hoo e ka lekangoang ka bothata bo boholo. Lebaka la bobeli, esita le linthong tsa morao tjena, tekanyetso ena e fokotsehile hoo ho sa ntseng ho le thata ho fumana palo e nepahetseng. Lebaka la boraro, bo-ramahlale ba ka lekanya ho ipōpa ha radio carbon ea mehleng ea joale empa ha ba na tsela ea ho lekanyetsa metsoako ea carbon ea nakong e fetileng.

Ebang ba sebelisa mokhoa oa ho bala ka radio carbon bakeng sa ho fumana nako ea mesaletsa ea khale kapa mekhoa e meng, joaloka ho sebelisa potassium, uranium, kapa thorium, tse ntšang mahlaseli liathomong tsa tsona bakeng sa ho fumana nako ea mafika, bo-ramahlale ba hlōleha ho fumana tekanyetso ea motheo ea pele ea metsoako eo ka lilemo tse ngata. Ka hona, moprofesa oa thuto ea metsoako Melvin A. Cook oa hlokomela: “Motho a ka ’na a inahanela metsoako ena [ea lintho tse ntšang mahlaseli], ’me sephetho sa nako se fumanoang se ke ke sa feta ho inahanela ha hae.” Ho ne ho tla ba joalo haholo-holo ha re nahana ka Moroallo oa mehleng ea Noe lilemong tse 4 300 tse fetileng o tlisitseng liphetoho tse khōlō tikolohong ea leholimo.

Liithuti tsa mafika tsa K’holeche ea Dartmouth, Charles Officer le Charles Drake, li tsoela pele ho belaela ho nepahala ha ho lekanyetsoa ha nako ka mokhoa oa ho lekanya matla a mahlaseli a ntšoang ke setsi sa athomo ea masapo. Ba re: “Re fihletse qeto ea hore iridium le metsoako e meng ha ea ka ea ipōpa ka nako e le ’ngoe . . . empa ho e-na le hoo ho bile teng phapang e khōlō le e fapaneng ea metsoako ena nakong e khutšoaane ea lilemo tse 10 000 ho ea ho tse 100 000.” Ba hlalosa hore ho thubeha ha likontinente le ho sutha ha tsona ho ferekantse tsamaiso eohle ea lefatše, ha baka ho phatloha ha lithaba tse thunyang seretse, ha thibela mahlaseli a letsatsi le ho silafatsa moea o sebakeng. Ka sebele, liketsahalo tse joalo tse sitisang li ka fetola tekanyetso ea matla a mahlaseli a ntšoang ke setsi sa athomo, ka hona li ferekanya liphello tsa hona joale tsa ho lekanya mahlaseli a ntšoang ke setsi sa athomo.

Tlaleho ea Pōpo le Li-Dinosaur

Le hoja mokhoa oa ho bala matla a mahlaseli a ntšoang ke setsi sa athomo ea mesaletsa ea lintho tsa khale o le mocha, o theiloe nthong e inahaneloang. Ho fapana le moo, tlaleho ea Bibele khaolong ea pele ea Genese e bolela ka ho latellana ha ho bōptjoa ha lintho. E lumella ho bōptjoa ha lefatše mohlomong lilemong tse likete tse limillione le lilemo tse ling tse likete-kete linakong tse tšeletseng tsa pōpo, kapa “matsatsi,” a ho lokisa lefatše hore le lule batho.

Mohlomong li-dinosaur tse ling (le li-pterosaurs) li bōpiloe nakong ea bohlano e tlalehiloeng ho Genese ha Bibele e bolela hore Molimo o ile oa bōpa “libōpuoa tse fofang” le “liphoofolo tse khōlō tsa leoatle.” Mohlomong mefuta e meng ea li-dinosaur e ile ea bōptjoa nakong ea botšelela. Mefuta e mengata ea li-dinosaur le takatso ea tsona e khōlō e ne e tla ba e loketseng limela tse ngata tseo ka ho hlakileng li neng li le teng nakong ea tsona.—Genese 1:20-24, NW.

Ha li-dinosaur li phethahalitse morero oa tsona, Molimo o ile oa felisa bophelo ba tsona. Bibele ha e bolele letho kamoo o entseng sena kateng le hore na ebile neng. Re ka kholiseha hore li-dinosaur li bōpiloe ke Jehova ka morero le hoja re sa o utloisise hona joale. E ne e se phoso, ha se lihlahisoa tsa ho iphetola ha lintho. ’Nete ea hore li ile tsa hlaha ka tšohanyetso ka mokhoa o sa amaneng le tlaleho leha e le efe ea mesaletsa ea lintho tsa khale, ntle le ho siea kamano leha e le efe le mesaletsa ea lintho tsa khale ke bopaki bo bong bo hanyetsang pono ea hore liphoofolo tsena li iphetotse butle-butle nakong e fetang lilemo tse limillione. Kahoo, tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale ha e tšehetse khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ho e-na le hoo, e lumellana le pono ea Bibele ea mesebetsi ea Molimo ea pōpo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale ha e tšehetse khopolo ea ho iphetola ha lintho empa pōpo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela