Libōpeho Tse Fapaneng le Boholo bo sa Tšoaneng ba Li-dinosaur
LIPHOOFOLONG tsohle tseo hona joale li felileng, mohlomong li-dinosaur ke tsona tse ileng tsa susumetsa mehopolo ea batho. Hangata ho nahanoa hore li-dinosaur li ne li le khōlō ebile li tšosa. Ha lebitso lena le ne qapuoa ka lekhetlo la pele mantsoeng a Segerike a bolelang “mokholutsoane o tšosang,” ho ne ho nahanoa hore li khōlō ka ho tšosang ka hobane mesaletsa ea tsona e neng e tsejoa nakong eo e ne e le meholo feela.
Mefuta e meng ea li-dinosaur e ne e le meholo ’me e ne tšosa, ’me ho ka etsahala hore boima ba tsona bo ne bo feta ba tlou e khōlō ea Afrika ka makhetlo a leshome. Leha ho le joalo, makholong a lilemo a fetileng, liithuti tsa mesaletsa li epollotse masapo a mangata a li-dinosaur tse nyenyane. Tse ling li ne li le boholo ba esele, ’me tse ling li lekana le tsuonyana! A re hlahlobeng tse ling tsa lihahabi tsena tsa boholo-holo tse hapang thahasello.
Lihahabi tse Fofang
Mofuta o mong o makatsang oa sehahabi sa boholo-holo e ne e le pterosaur (“mokholutsoane o nang le mapheo”), o kopanyeletsang pterodactyl (“menoana e nang le mapheo”). Empa tsena e ne e se li-dinosaur kapa leha e le hore e ne e le linonyana. E ne e le lihahabi tse fofang ’me li balloa sehlopheng sa lihahabi tse kang li-dinosaur le likoena. Tse ling li na le mapheo a bolelele ba limithara tse 8. Se seng se fumanoeng Texas ka 1975 se bontša hore se ne se na le mapheo a bolelele bo fetang limithara tse 15. Mohlomong tsena ke liphoofolo tse khōlōhali tse kileng tsa fofa.
Le hoja li-pterosaur li ne li na le meno, lehata, nòka, le maoto a ka morao a kang a sehahabi, li ne li sa tšoane le li-dinosaur ka tsela leha e le efe. Le hoja li ne li tšoana le nonyana ka mapheo a thata, li ne fapane haholo. Joaloka linonyana, li-pterosaur li ne li na le masapo a nang le mokoti le manonyeletso a ’maloa a bonolo mapheong le maqaqailaneng. Leha ho le joalo, mapheo a nonyana a na le masiba athe a li-pterosaur a na le lera. Monoana oa bone oa leoto le ka pele la pterosaur o matla ho tšehetsa lera la lepheo. Linonyaneng, monoana oa bobeli ke setšehetso se seholo sa lepheo.
Li-Ornithischia
Li-ornithischia (“linonyana tse nang le linòka”) e bile tse ling tsa lihlopha tse peli tsa li-dinosaur tse tsebisahalang ka sebōpeho sa linòka tsa tsona. Li na le nòka e kang ea nonyana empa eona e le kholoanyane. Tse ling li ne li le nyenyane ha tse ling li le khōlō. Iguanodon e ne e le bolelele ba limithara tse 9. Masapo a mefuta a mengata ea li-hadrosaur e ne e na le molomo o kang oa letata o nang le meno a mangata ka holimo le ka fatše. Ka ho hlakileng li-hadrosaur li ne li tsamaea ka maoto kapa li matha ka ’ona. Tse ling tsa tsona li ne li finyella bolelele ba limithara tse 10.
Li-stegosaur e ne e le tsa sehlopha sa li-ornithischia tse nang le mahare a bonolo a lutseng joaloka paterone mokokotlong oa tsona. Li ne li tsamaea ka maoto a mane ’me a ne a le bolelele ba limithara tse 6, le bophahamo ba limithara tse 2,4 ho ea nòkeng. Haufinyana, ho ’nile ha nahanoa hore mahare a bonolo mokokotlong a ne a sa sebeletse e le tšireletso empa e le karolo ea tsamaiso ea ho fokotsa mocheso ’meleng ea tsona. Maoto a ka morao a ne a le boima ’me a tšoana le a tlou, ha maoto a ka pele a ne a le manyenyane, ’me a etsa hore hlooho e nyenyane e be fatše. Mohatla o ne o na le mehlabu-hlabu e melelele e bonolo qetellong ea ’ona.
Sehlopha sa ho qetela sa li-ornithischia—se tletseng hohle lefatšeng—ebile sa ceratopsia, kapa li-dinosaur tse nang le manaka. Li ne li le bolelele ba limithara tse 1,8 ho ea ho tse 8. Joaloka tšukulu ea Afrika, liphoofolo tsena tsa li “tonanahali” li ne li na le lehata le leholo le nang le tšireletso e matla ea molala. Sehahabi se nang le manaka a mararo se ne tloaelehile lefatšeng la li-dinosaur. Manaka a ka holim’a mahlo a ne a le bolelele ba limithara tse 0,9. Ho fumanoe mesaletsa e mengata ea lihahabi tse nang le manaka a mararo molatsoaneng oa Nōka ea Red Deer Alberta.
Li-Saurischia—Li-Dinosaur tse Khōlō
Sehlopha se seng se akaretsang sa li-dinosaur se ne se tsebahala e le li-saurischia (“mokholutsoane o nang le linòka”), se na le litšobotsi tse kang tsa mekholutsoane le hoja li le khōloanyane ho ’ona. Li tšoanela hantle tlhaloso ea li-dinosaur: li khōlō ebile lia tšosa. Har’a tsona ho na le li-apatosaur (tseo pele li neng li bitsoa li-brontosaur), e leng li-dinosaur tse jang limela ebile li tsamaea ka maoto a mane. Se bolelele ba limithara tse 21, ’me ho lekanyetsoa hore se boima ba litone tse 30. Lihahabi tsena li epollotsoe Amerika Leboea le Europe.
Se seholo ka ho tšoanang ke diplodocus e kang noha, e nang le molala o molelele le mohatla empa e na le maoto. Ke dinosaur e telele ka ho fetisisa, e bolelele ba limithara tse 27, le hoja boima ba eona bo le ka tlaase ho ba apatosaur. Diplodocus e epolloetsoeng Amerika Leboea e na le masoba a linko holimo hloohong, sena se e nolofalletsa ho nyametsa hlooho ea eona kaofela ka metsing.
Ho boetse ho na le li-brachiosaur. Masapo a epollotsoeng Tanzania a ne a le boholo ba limithara tse 21. Ho lekanyetsoa hore e ne e le boima ba litone tse fetang 85. Bolelele ba tsona e ne e le limithara tse 12, ’me ’mele o ne o kobehetse pele ho ea mohatleng joaloka thuhlo.
Ka 1985 ho ile ha epolloa masapo a boholo bo sa tloaelehang New Mexico, U.S.A. Mohlokomeli oa Ntlo ea Polokelo ea Histori ea Lintho tsa Tlhaho New Mexico, o bitsitse masapo ana li-seismosaur. Ho lekanyetsoa hore phoofolo ena e ne e le bolelele ba limithara tse 30 ’me mohlomong ka lebaka la makhakhapa e ne e le boima la litone tse ka bang 100!
Tyrannosaurus rex e tšosang (“mokholutsoane oa morena oa mohatelli”) e ne e batla e le bolelele ba limithara tse 3 linòkeng. Ha e eme, e ne ka ba bolelele ba limithara tse 6. E ne e le bolelele ba limithara tse 12. Hlooho ea eona e ne e bolelele ba limithara tse 1,2 ’me molomo oa eona o moholo o ne o na le meno a mangata a kang cone a bolelele ba lisenthimithara tse 15. Maoto a ka morao a ne a tšoana le a tlou ha maoto a ka pele a ne le manyenyane haholo. Mohatla o moholo o kang oa mokholutsoane o ne o e emisa. Ho e-na le ho tsamaea e otlolohile, hona joale ho fihleloa qeto ea hore li-tyrannosaur li ne li boloka ’mele ea tsona e tsepame, li leka-lekanya boima ba ’mele ea tsona ka mohatla oa tsona o molelele.
Pono e Fetohileng
Taba ea hore li-dinosaur tse seng li felile li kile tsa ba teng ka bongata hohle lefatšeng e totobetse ho tsoa tlalehong ea mesaletsa ea lintho tsa khale. Empa libōpuoa tsena tse makatsang, hammoho le liphoofolo tse ling tse ngata le mefuta e meng ea limela, ha li sa le teng. Hore na lintho tsena li bile teng neng, seithuti sa lintho tsa khale D. A Russell oa bolela: “Ka bomalimabe, mekhoa ea hona joale ea ho lekanya nako ea liketsahalo tse etsahetseng khale ha ea nepahala.”
Ho etsahetse eng ka li-dinosaur? Ho hlaha ha tsona ka potlako le ho nyamela ha tsona ka potlako ho bolela eng? Na li-dinosaur li hlahisitse lipelaelo mealong ea motheo ea ho iphetola hoa lintho ea Darwin? Re tla hlahloba lipotso tseo sehloohong se latelang.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 8, 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
limithara tse 9
limithara tse 6
limithara tse 3