Tsa Mona le Mane
◼ Ka 2006, “baqolotsi ba litaba ba 167 le bathusi ba bona,” ba kang bakhanni le litoloko, “ba ile ba shoa ha ba ne ba leka ho qolotsa litaba.” Boholo ba bona ba ne ba tlaleha litaba tse amanang le bonokoane, bobolu kapa likhohlano libakeng tse itseng. Ba ka bang 133 ba ile ba bolaoa.—INTERNATIONAL NEWS SAFETY INSTITUTE, BELGIUM.
◼ Selemo le selemo ho etsoa lithunya tse ka ntšang likulo ka makhetlo a limilione tse likete tse 10 ho isa ho tse 14, e leng “likulo tse lekaneng hore li bolaee motho e mong le e mong lefatšeng ka makhetlo a mabeli.”—ROYAL MELBOURNE INSTITUTE OF TECHNOLOGY, AUSTRALIA.
Na ke Litšisinyeho Tsa Lefatše Tse Bakiloeng ke Batho?
Tlaleho ea koranta ea Jeremane e bitsoang Die Zeit e bolela hore ho tloha lekholong la bo19 la lilemo, lintho tse etsoang ke batho li ’nile tsa baka litšisinyeho tsa lefatše tse matla tse fetang 200. Litšisinyeho tse fetang halofo, ke tse bakiloeng ke merafo. Ho bonahala eka lintho tse ling tse bakang tšisinyeho ke ho rafshoa ha khase, oli kapa ho huloa ha metsi fatše; ho kenngoa ha mekelikeli lilibeng tse tebileng; le ho hahoa ha matamo kapa matša. Tšisinyeho ea lefatše e ileng ea e-ba teng ka 1989 Newcastle, Australia, eo litsebi tsa saense li ileng tsa re e bakiloe ke morafo oa mashala o ka tlas’a lefatše, e ile ea bolaea batho ba 13, ea lematsa ba 165 ’me ea baka tšenyo e balloang liranteng tse limilione tse likete tse 25. Ho hakanyetsoa hore tahlehelo e ileng ea bakoa ke tšisinyeho eo, e ile ea feta hōle phaello eohle e ileng ea etsoa ho tloha ha morafo oo oa Newcastle o ne o qala lilemong tse ka bang makholo a mabeli tse fetileng.
Boemo ba Kereke e K’hatholike Fora
Ka 1994, batho ba etsang karolo ea 67 lekholong Fora ba ne ba ipolela hore ke Mak’hatholike. Makasine ea Le Monde des Religions e bolela hore kajeno ke batho ba etsang karolo ea 51 lekholong. Phuputso e entsoeng e bontšitse hore ha ho mohla halofo ea Mak’hatholike a Fora e eang kerekeng ntle le ha ho e-na le liketsahalo tse khethehileng tse kang machato. Le hoja a etsang karolo ea 88 lekholong a re a tseba thapelo ea Ntat’a Rōna, a etsang karolo ea 30 lekholong ha ho mohla a rapelang. Hoo e batlang e le halofo ea malapa a Mak’hatholike a na le Bibele, empa sena ha se bolele hore aa e bala.
Bana ba Nang le Bothata ba ho Bua
Koranta ea Poland e bitsoang Wprost e re: “Bana ba ntseng ba eketseha ba lieha ho qala ho bua ba bile ba tseba mantsoe a fokolang, hobane batho ba baholo ha ba ba buise.” Ka karolelano, bo-’mè ba qeta metsotso e 30 ba e-na le bana ba bona ka letsatsi, athe bo-ntate bona ba qeta “metsotso e supileng feela.” Ka lebaka leo, hoo e ka bang ngoana a le mong ho ba bahlano “o ba le bothata bo itseng ba ho se tsebe ho bua hantle bo ipakeloang feela ke ho se tsotelle ha batsoali.” Michał Bitniok, eo e leng setsebi se thusang batho ka puo le ho itlhalosa Univesithing ea Silesia, oa lemosa: “Haeba bana ba joalo ba sa thusoe esale nako ’me ba ntse ba sa tsotelloe, bothata boo ba ho se tsebe ho bua hantle bo ka ’na ba ba bakela mathata sekolong le ha ba se ba hōlile.”
Ba Sebelisa Tumela-khoela Japane
Batho ba qhallang lithōle sebakeng sa ’masepala moo ba sa lumelloang ba bakile bothata bo hlobaetsang Japane. Basebetsi ba tšireletso ba sebetsang motšehare ba sitoa ho thibela bothata boo. Batho ba ikela bosiu feela ebe ba qhala lithōle. Joale ba mebuso ea lehae ba sebelisa tumela-khoela ho thibela batho bao ka hore ba hlome li-torii, e leng liheke tsa lehong tse khubelu tse shebahalang joaloka menyako ea litempelana tsa Boshinto. Koranta e bitsoang IHT Asahi Shimbun ea hlalosa: “Khopolo ena e bonolo haholo. Ka tloaelo batho ba nka hore li-torii lia halalela, kahoo ba lumela hore ba tla hlaheloa ke bomalimabe haeba ba lahlela lithōle pel’a tsona.” Joalokaha ho ne ho lebeletsoe, batho ha ba sa lahlela lithōle pel’a tsona. Koranta eo e re: “Empa batho ba ntse ba qhalla lithōle thōkoana ho moo.”