Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/08 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E na le Likotsi Tse Ngata le Hoja e le Molemo
  • Ho re Shoa! Hanyenyane ho ka ’na ha E-ba Molemo
  • Khatello ea Maikutlo Nakong ea Boimana
  • Bakhanni Bao Likelello Tsa Bona li Farasang
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • Lefatše Lee le Habile Hokae?
    Tsoha!—2017
  • Na Tšokelo ea Nyutlelie e Tla ke e Fele?
    Tsoha!—1999
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 1/08 leq. 30

Tsa Mona le Mane

◼ “Brithani, ngoana ea tsoang lelapeng le tloaelehileng o tla be a qetile nako e etsang selemo a shebeletse thelevishene ha a le lilemo li tšeletseng ’me ho bana ba lilemo li tharo, ba fetang karolo ea 50 lekholong ba na le lithelevishene ka likamoreng tsa bona.”—THE INDEPENDENT, BRITHANI.

◼ Chaena, batho ba etsang karolo ea 31,4 lekholong ba ka holimo ho lilemo tse 16, bao ho buisanoeng le bona ba ipoletse hore ke balumeli. Haeba palo eo e emela sechaba ka kakaretso, seo se tla bolela hore batho “ba ka bang limilione tse 300 ke balumeli . . . e leng palo e fapaneng hōle le e fanoeng ke ba boholong ea batho ba limilione tse 100.”—CHINA DAILY, CHAENA.

E na le Likotsi Tse Ngata le Hoja e le Molemo

Lilemong tse seng kae tse fetileng, bo-ralipolotiki ba Madache le litsebi tsa tikoloho ba ile ba nahana hore ba fumane tsela ea ho hlahisa mehloli e sa cheng ea phepelo ea matla—e leng matla a khonang ho tsamaisa lijenereithara ho sebelisoa lintho tsa tlhaho, oli ea palema ka ho khetheha. The New York Times e re seo ba neng ba se tšepile se bakile “tlokotsi tikolohong. Ho hlokalaha ha oli ea palema ka bongata Europe ho ile ha etsa hore ho rengoe karolo e khōlō ea meru karolong e ka Boroa-bochabela ea Asia le hore ho sebelisoe menontša ea lik’hemik’hale ho tlōla tekano.” E le hore ho etsoe masimo a lifate tsa palema ho ile ha omisoa libaka tse mokhoabo le ho li chesa, e leng ho ileng ha etsa hore moea o be le mosi “o mongata” oa k’habone. Ka lebaka leo, Times e re, kapele Indonesia e ile ea fetoha “naha ea boraro e itlhommeng pele ho tse ntšang mosi o nang le k’habone oo bo-rasaense ba lumelang hore ke oona o bakang ho futhumala ha lefatše.”

Ho re Shoa! Hanyenyane ho ka ’na ha E-ba Molemo

Phuputsong e entsoeng ho banna le basali ba Bagerike ba fetang 23 000 ho fumanoe hore ho robala ho se hokae motšehare ka makhetlo a mararo ka beke ho ka ’na ha fokotsa monyetla oa hore motho a bolaoe ke lefu la pelo ka liphesente tse 37. Dimitrios Trichopoulos, e leng mofuputsi le setsebi se sebetsanang le maloetse sechabeng Setsing sa Bophelo bo Botle sa Harvard, U.S.A, o re: “Ho na le bopaki bo matla bo bontšang hore ho sithabela maikutlong le ho ba le khatello ea maikutlo e sa khaotseng ho ka baka lefu la pelo.” O re: “Ho re shoa! ho se hokae motšehare oa mantsiboea ho ka ’na ha thusa ho fokotsa khatello ea maikutlo [’me] ha fokotsa monyetla oa ho bolaoa ke lefu la pelo.”

Khatello ea Maikutlo Nakong ea Boimana

Ho latela phuputso e ’ngoe e sa tsoa etsoa, basali ba baimana ba bang tlas’a khatello ea maikutlo ka lebaka ho phehisana khang le balekane ba bona kapa hobane ba ba otla e ka ama hampe tsela eo kelello ea ngoana ea e-s’o tsoaloe e hōlang ka eona. Moprofesa Vivette Glover, oa Imperial College, London, o re: “Re fumane hore haeba mosali a e-na le molekane ea [mo] hlekefetsang maikutlong ha [e ntse] e le moimana, seo se ama tsela eo ngoana a hōlang ka eona. Ntate o phetha karolo ea bohlokoa.” O hlalosa hore tsela eo batsoali ba sebelisanang ka eona “e ama tsela eo ’mele oa ’mè o hlahisang lihormone le lik’hemik’hale ka eona, e leng ho boetseng ho amang tsela eo boko ba ngoana bo hōlang ka eona.”

Bakhanni Bao Likelello Tsa Bona li Farasang

Rasaense ea sebetsanang le tsa sephethephethe ea bitsoang Michael Schreckenberg oa Univesithi ea Duisburg-Essen, Jeremane, o re bakhanni ba tsamaeang ka tsela e le ’ngoe letsatsi le letsatsi ba atisa ho khanna ba sa nahane ka se etsahalang tseleng. Ha bakhanni bao ba khanna litseleng tseo ba li tloaetseng, ba inahanela ka lintho tse ling ho e-na le hore ba nahane ka boemo ba sephethephethe. Kahoo ho ba nka nako pele ba hlokomela boemo bo kotsi. Schreckenberg o khothalletsa bakhanni ba sebelisang tsela e le ’ngoe kamehla hore ba lule ba ikhopotsa hore ba lokela ho ba hlokolosi ’me ba se lumelle likelello tsa bona hore li farase ha ba le tseleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela