Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/08 maq. 16-19
  • Mokelikeli o ’Mala oa Khauta Oa Mediterranean

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokelikeli o ’Mala oa Khauta Oa Mediterranean
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Oli e Ikhethang ho Tse Ling Kaofela
  • Motsoako o Phelisang oa Lijo Tsa Batho ba Mediterranean
  • Oli ea Mohloaare Mehleng ea Bibele
  • Sefate sa Mohloaare se Behang Haholo ka Tlung ea Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Thabang! Linkho tse Tletseng Oli Lia Khaphatseha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Oli—Re e Fumana Joang?
    Tsoha!—2003
Tsoha!—2008
g 4/08 maq. 16-19

Mokelikeli o ’Mala oa Khauta Oa Mediterranean

KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN

“Ke qalile ke le motala, ka ba motšo, ba ntan’o ntšila ka hloko, ’me qetellong ba mphetola khauta e ntle.”—Selotho sa Masepanishe.

HA THOLOANA ea mohloaare e ’mala o motala e butsoa, e ba ntšo ’me ea benya. Empa ka har’a botšo boo ho na le mokelikeli o ’mala oa khauta o emetseng ho ntšoa. Ha mohloaare o butsoitseng o siloa, ho tsoa mokelikeli o ’mala oa khauta, o ’nileng oa sebelisoa malapeng a batho ba Mediterranean ka lilemo tse likete. Mokelikeli ona o ’mala oa khauta—e leng oli ea mohloaare—ke sehlahisoa se ratoang haholo sa lifate tsa mohloaare, tse aparetseng maralla ho tloha Portugal ho ea Syria.

Oli ea lifate tsena tse sa shoeng habonolo ea latsoeha ebile e etsa hore batho ba phele hantle. Kamehla batho ba Mediterranean ba ’nile ba nka hore ha ho buuoa ka “oli” ho boleloa “oli ea mohloaare.” Ha e le hantle, lentsoe la Sepanishe le bolelang “oli,” e leng aceite, le tsoa lentsoeng la Searabia, azzáyt, le bolelang “lero la mohloaare.” Oli ea mohloaare e fela e le joalo—ke lero le sa tsoakoang ka letho la mehloaare e sitsoeng. Kaha ha ho hlokahale hore ho sebelisoe metsoako kapa lik’hemik’hale ha ho tlhotloa oli ea mohloaare, e lula e le boemong ba tlhaho, hammoho le tatso ea eona le monko oa eona.

Oli e Ikhethang ho Tse Ling Kaofela

Erla Zwingle, eo e leng setsebi sa histori o hlalosa hore oli ea mohloaare e ’nile ea “nkoa e le ea bohlokoa haholo ho theosa le lilemo ha batho ba etsa lijo, libeso, moriana oa maqeba le sakramente.” O phaella ka hore kajeno “oli ena e ’mala oa khauta ke e ikhethang har’a mefuta e meng kaofela ea oli.” Ka lilemo tse likete, ho ’nile ha sebelisoa mokhoa o tšoanang ho tlhotla oli eo. Bakotuli ba qala ka ho otla makala a lifate ka lithupa e le hore mehloaare e oele fatše, ebe baa e bokella. Litholoana tsa mohloaare li ntan’o silelloa le lipete ka leloaleng. Ka mor’a moo ho tlosoa litlheferetsi. Qetellong, oli le metsi li aroloa ka tankeng e qethisang ’me joale e se e loketse hore e sebelisoe.a

Leha ho le joalo, ho fapana le khauta, oli ea mohloaare e ka mefuta-futa joaloka veine. Lefatšeng ka bophara, ho ntse ho lengoa lifate tsa mohloaare tse limilione tse sekete.b Litsebi tsa temo li arotse lifate tsa mohloaare ka lihlopha tse 680. Ho phaella tabeng ea hore li ka mefuta e sa tšoaneng, lintho tse kang mofuta oa mobu, maemo a leholimo, nako eo ho kotuloang ka eona (e leng ho tloha ka November ho ea ho February), le tsela eo oli e tlhotloang ka eona li ama tatso, ’mala le monko o ikhethang. Lithimi tse ikemetseng tsa litsebi tsa tatso li hlalosa hore oli e ’ngoe e tsoekere, e ’ngoe e bohale, e ’ngoe e latsoeha joaloka tholoana, kapa ea lelemela. Batho ba latsoang ba tiisa hore sehlahisoa seo se lula e le sa boleng bo botle.

Maemo a leholimo a Mediterranean a matle bakeng sa ho lema lifate tsa mohloaare, kahoo, hoo e ka bang karolo ea 95 lekholong ea oli ea mohloaare e hlahisoang lefatšeng e tsoa libakeng tse haufi le Leoatle la Mediterranean. Bahahlauli ba bona meru ea lifate tsa mohloaare maralleng a Greece, Italy, Morocco, Portugal, Spain, Syria, Tunisia le Turkey. Ka sebele, ho ka thoe oli ea mohloaare e fumanehang ka bongata moo ke “mokelikeli o ’mala oa khauta oa Mediterranean.”

Motsoako o Phelisang oa Lijo Tsa Batho ba Mediterranean

Ka lilemo tse makholo, batho ba Mediterranean ba ’nile ba sebelisa oli ea mohloaare ho natefisa lijo tse sa tšoaneng tseo ba li jang. E ka sebelisetsoa ho halika lijo, ho li nolofatsa kapa ho li nōka. Ha José García Marín, eo e leng seapehi se hloahloa, a hlalosa kamoo oli ea mohloaare e leng bohlokoa kateng ha Masepanishe a apeha, o re: “E tlameha ebe sejo se ’nileng sa jeoa ka lilemo tse 4 000 se molemo.” O phaella ka ho re: “Lilemong tsa morao tjena boleng ba ‘lero’ lena bo ntlafetse ka lebaka la tsela eo le hlahisoang ka eona.”

Ke khale bafuputsi ba hlokometse hore batho ba jang lijo tsa setso tsa batho ba Mediterranean ha ba khathatsoe ke ho kula.c Haufinyane tjena, litsebi tsa phepo li ile tsa hlophisa Seboka sa Machaba se neng se bua ka Molemo oa Oli ea Mohloaare e sa Tsoakoang. Li ile tsa fihlela qeto ea hore ho ja lijo tsa batho ba Mediterranean, tse kenyelletsang oli ea mohloaare e sa tsoakoang, ho thusa motho hore a ikutloe a phetse hantle ’meleng le hore a phele nako e teletsana. Ho ja lijo tse nang le oli e ngata ea mohloaare e sa tsoakoang ho ka fokotsa monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo le kankere. Litsebi li ile tsa re: “Batho ba tšoaroang ke kankere linaheng tsohle tseo baahi ba teng ba jang lijo tsa setso tsa batho ba Mediterranean . . . tseo oli ea mohloaare e sa tsoakoang e leng mohloli o ka sehloohong oa mafura a sebelisoang lijong, ba fokola ho feta ba linaheng tsa Europe Leboea.”

Ho ka ’na ha e-ba le mabaka a mangata a etsang hore e be molemo ’meleng. Molemo o mong ke hore oli ea mohloaare e na le oleic acid e ngata (e ka etsang karolo ea 80 lekholong), e thusang hore mali a potolohe hantle ’meleng. Ho feta moo, ho se sebelisoe ha lik’hemik’hale le metsoako e meng e thibelang lijo ho bola ho etsa hore oli ea mohloaare e lule e e-na le livithamine, mafura a molemo ’meleng le metsoako e meng ea tlhaho e fumanehang tholoaneng e butsoitseng.

Kaha e na le likaroloana tse thusang ’mele ho itlhoekisa, tse kang vithamine E le metsoako e bakang monko, oli ea mohloaare e boetse e sireletsa letlalo ebile ea le nolofatsa. Kahoo, e atisa ho sebelisoa litlolong le sesepeng. Bagerike le Baroma ba boholo-holo ba ne ba itlhoekisa ba bile ba itlotsa ka oli ea mohloaare e nang le litlama. Hamorao, lekholong la botšelela la lilemo, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tsa Mafora li ile tsa qala ho etsa sesepa ka oli ea mohloaare li e kopanya le molora oa limela tsa leoatle.

Oli ea Mohloaare Mehleng ea Bibele

Mehleng ea Bibele oli ea mohloaare e ne e sebelisoa haholo lijong, e le setlolo, e le libeso, e le moriana hape e sebelisetsoa merero e meng. Bibele e bua ka oli ea mohloaare ka makhetlo a fetang 250, e bua ka eona e le ’ngoe kapa e le motsoako o ka sehloohong ha ho etsoa oli e monko o monate.

Mangolo a bontša ka ho hlaka kamoo oli ea mohloaare e neng e le ea bohlokoa kateng lelapeng le tloaelehileng la Moiseraele. E ne e sebelisoa haholo lijong, ’me ha motho a e-na le eona ka bongata e ne e le pontšo ea hore o atlehile. (Joele 2:24) Banna le basali ba ne ba sebelisa oli ea mohloaare e le setlolo. Pele Ruthe a il’o kopana le Boaze ‘o ile a itlotsa ka oli.’ (Ruthe 3:3) Ka mor’a hore Morena Davida a itime lijo ka matsatsi a supileng, o ile “a phahama fatše a itlhatsoa a itlotsa ka oli ’me a apara liaparo tse ling tsa hae tsa ka holimo eaba o tla ntlong ea Jehova.”—2 Samuele 12:20.

Mabone a boholo-holo a ne a hloka hore ho sebelisoe oli ea mohloaare ea boleng. (Matheu 25:1-12) “Oli e hloekileng ea mohloaare o tutsoeng” e ne e sebelisoa ho bonesa tabernakeleng ha e le lefeelleng. (Levitike 24:2) Nakong ea Morena Solomone, oli ea mohloaare e ne e le sehlahisoa sa bohlokoa khoebisanong ea lichaba. (1 Marena 5:10, 11) Baprofeta ba ne ba tlotsa marena ka oli. (1 Samuele 10:1) Batho ba mosa ba ne ba amohela baeti ka mofuthu ka hore ba ba tlotse ka oli hloohong. (Luka 7:44-46) Mosamaria ea nang le moea oa boahelani oa papisong ea Jesu o ile a tlotsa maqeba a monna ea lemetseng ka oli le veine.—Luka 10:33, 34.

Kaha oli e ne e sebelisoa haholo e le moriana, ka Mangolong e tšoantšoa le keletso e thobang le matšeliso. Morutuoa oa Mokreste Jakobo o ile a ngola: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa.”—Jakobo 5:14, 15.

Lifate tsa mohloaare li hlahisa oli e ngata ka nako e telele. Ka lilemo tse makholo-kholo, sefate se le seng sa mohloaare se ka hlahisetsa beng ba sona lilithara tsa oli tse tharo ho isa ho tse ’nè selemo le selemo! Ha ho pelaelo hore mokelikeli ona o ’mala oa khauta o ka ntlafatsa bophelo ba rōna, oa kokobetsa bohloko maqebeng ’me oa natefisa lijo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mofuta o mong oa oli ea mohloaare o tsoa tholoaneng ka ho toba ’me ha oa tsoakoa, e leng extra-virgin le virgin olive oil. Mefuta e meng e tloaelehileng ea oli ea mohloaare e kentsoe lik’hemik’hale ho fokotsa tatso e bohale.

b Selemo le selemo lifate tsena li hlahisa oli ea mohloaare e etsang lilithara tse ka bang limilione tse likete tse 1,7.

c Hangata lijo tseo ba li jang li boetse li kopanyelletsa litholoana le meroho e mengata.

[Lebokose le leqepheng la 19]

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Oli ea Mohloaare

◼ E ka qeta likhoeli tse 18 e ntse e le boemong bo botle.

◼ Khanya e senya boleng ba eona, kahoo oli ena e lokela ho behoa sebakeng se pholileng, se lefifi.

◼ Oli ea mohloaare e felloa ke matla a ho thusa ’mele ho itlhoekisa haeba motho a sebelisa oli eo ka makhetlo a mangata bakeng sa ho halika.

◼ Litsebi tsa phepo e ntle li khothalletsa motho hore a sebelise oli ea mohloaare bophelo bohle ba hae hore a rue molemo ka ho feletseng.

◼ Melemo ea oli ea mohloaare e ba meholo bophelong ba batho ha ho phehoa lijo tsa batho ba Mediterranean ka eona, tse kopanyelletsang tlhapi e ngata, meroho, lijo-thollo le litholoana.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Mokhoa o Tloaelehileng oa ho Hlahisa Oli ea Mohloaare

Basebetsi ba otla makala hore ba kotule mehloaare

Maloala a sila mehloaare

Mochine ona o arola oli litlheferetsing

Oli ea mohloaare e tsoa mochineng o silang

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Millstones and machine: Museo del Olivar y el Aceite de Baena

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ka holimo: Moru oa lifate tsa mohloaare tse nang le lilemo tse makholo

[Setšoantšo se Qanollang 18]

Ka ho le letona: Lebone la boholo-holo le neng le khantšoa ka oli ea mohloaare

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Lamp: Museo del Olivar y el Aceite de Baena

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Thōko ka ho le letona: Setšoantšo sa papiso ea Jesu ea baroetsana ba leshome ba nkileng mabone a oli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela