Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/08 leq. 26
  • Maoto a Khomarelang a Checheiki

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maoto a Khomarelang a Checheiki
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pōpo e Senola Bohlale ba Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Tlhaho e Ruta Eng?
    Tsoha!—2006
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2008
  • Ha e le Hantle ke Mang ea li Qapileng?
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 4/08 leq. 26

Maoto a Khomarelang a Checheiki

Na A Entsoe?

◼ Bo-rasaense ba hlolloa ke tsela eo checheiki e khonang ho tsamaea ka eona moo ho leng boreleli—esita le ho tsamaea ka potlako silinng e boreleli empa e sa thelle! Mokholutsoane oo o hlollang o khona joang ho etsa see?

Bibele e re checheiki “e itšoarella ka matsoho a eona.” (Liproverbia 30:28) Ka sebele maoto a checheiki a tšoana le matsoho, ’me a itšoarella habonolo feela moo ho leng boreleli. Monoana ka mong o na le boea bo bongata-ngata bo sa bonahaleng. Matla a limolek’hule a boeeng bona (a bitsoang matla a van der Waals) a lekane hore a tšoare boima ba mokholutsoane oo, esita le haeba o tsamaea o thulametse holimo khalaseng!

Bafuputsi ba batla ho etsa likhomaretsi tse tla khomarela moo ho leng boreleli, joaloka maoto a checheiki.a Makasine ea Science News e re har’a melemo e meng, sena se ka “sebelisoa ka litsela tse sa tšoaneng litabeng tsa phekolo, ho etsa mabantisi a tla khomarela sebakeng se le seng ha a le metsi, hammoho le theipi e ka sebelisoang ho kopanya maqeba ho e-na le ho a roka.”

U nahana’ng ka mor’a ho tšohla taba ee ka bokhutšoanyane? Na maoto a khomarelang a checheiki a bile teng ka tšohanyetso? Kapa na a entsoe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bo-rasaense ba boetse ba hlahlobisisa protheine e tsoang likhofung tsa leoatle, e leng eona e etsang hore liphoofotsoana tsena tsa metsing li khone ho khomarela moo ho leng metsi.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Bokatlaase ba checheiki ea “tokay”

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Boea bo maotong a checheiki bo hōlisitsoeng

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 26]

Gecko: Breck P. Kent; close-up: © Susumu Nishinaga/Photo Researchers, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela