Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/08 maq. 26-28
  • Nka Hanela Liteko Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Hanela Liteko Joang?
  • Tsoha!—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Hanela Liteko Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?
    Tsoha!—2014
  • Nka Hlola Liteko Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 8/08 maq. 26-28

Bacha Baa Botsa

Nka Hanela Liteko Joang?

◼ Karen ha a e-s’o qete le metsotso e leshome a le phathing, empa o bona bashemane ba babeli ba kena ba nkile mekotla e ’maloa e meholo. Hoa tsebahala hore na ho tšetsoe eng ka mekotleng eo. Pejana, o ne a utloile bashemane bao ba re ho tl’o ba le “joala bo bongata” phathing eo. Karen o ne a sa bolella batsoali ba hae taba eo. O ne a nahana hore bashemane bao ba mpa ba soasoa feela. Etsoe ho ne ho lokela hore ebe ho na le batho ba baholo moo.

Ka tšohanyetso, Karen o utloa lentsoe la motho eo a mo tsebang. “U emetse’ng moo uena ea ratang ho senyetsa batho monate?” Karen oa reteleha ’me o bona motsoalle oa hae Jessica a tšoere libotlolo tse peli tsa biri tse qetang ho buloa. Jessica o fa Karen e ’ngoe ’me o re, “U se ke be ua mpolella hore u sa le monyenyane haholo hore u ka ithabisa ho se hokae!”

Karen o batla ho hana. Empa tšusumetso ea hore a inehele e matla ho feta kamoo a neng a nahanne kateng. Taba-taba hase joala. Taba ke hore Jessica ke motsoalle oa hae, ’me Karen ha a batle hore Jessica a nahane hore o senyetsa batho monate, joalokaha a boletse. Ntle ho moo, Jessica ke e mong oa banana ba itšoereng hantle. Haeba a noa, ho hana’ng hore Karen le eena a noe? Karen o re ka pelong, ‘Ntho ena ke biri feela. Ha ho tšoane le ho sebelisa lithethefatsi kapa hona ho kopanela liphate.’

HA U sa le mocha, liteko li tla ka litsela tse ngata. Maemong a mangata, ke tse amanang le ba bong bo fapaneng. Ramona ea lilemo li 17, o re: “Banana bao ke kenang sekolo le bona ba leqoophe. Ba rata ho u tšoara-tšoara e le hore ba bone hore na u tla ba lumella ho fella kae. Ha ba utloe ha u re ba khaotse!” Deanna ea lilemo li 17 le eena o fetile boemong bo tšoanang. O re: “Moshemane e mong o ile a fihla a nhaka. Ke ile ka mo otla letsohong eaba ke re, ‘U etsa’ng? Ha ke u tsebe le ho u tseba!’”

Le uena u ka ’na ua thulana le liteko ’me ha bonahala eka ha li ee moriting. Joalokaha Mokreste e mong a beha taba, “liteko li tšoana le motho ea lulelang ho u kokotela monyako le hoja a ntse a bona hore ha u batle ho mo bulela.” Na u lula u kokoteloa? Ka mohlala, na u tobana le teko leha e le efe ea lintho tse latelang?

□ Ho tsuba

□ Ho noa joala

□ Ho sebelisa lithethefatsi

□ Ho sheba litšoantšo tse litšila

□ Ho kopanela liphate

□ Tse ling ․․․․․

Haeba u tšoaile ntho leha e le efe ho tse ka holimo, u se ke ua etsa qeto ea hore ha ua etsetsoa ho ba Mokreste. U ka ithuta ho laola litakatso tse fosahetseng le ho hanela liteko. Joang? Ke habohlokoa hore u tsebe lintho tse u tlisetsang liteko. Nahana ka lintlha tse tharo tse latelang.

1. Ho se phethahale. Batho bohle ba sa phethahalang ba na le tšekamelo ea ho etsa se fosahetseng. Esita le moapostola Pauluse—eo e neng e le Mokreste ea hōlileng tsebong—o ile a lumela a sa hlathe koana le koana, a re: “Ha ke lakatsa ho etsa se nepahetseng, se sebe se teng ho ’na.” (Baroma 7:21) Ho hlakile hore le motho ea lokileng ka linako tse ling o tla tleloa ke “takatso ea nama le takatso ea mahlo.” (1 Johanne 2: 16) Empa ho lula motho a nahana ka lintho tse ka mo hohelang hore a etse se fosahetseng ho tla mpefatsa boemo le ho feta, kaha Bibele e re: “Takatso, ha e emere, e tsoala sebe.”—Jakobo 1:15.

2. Tšusumetso ea ba bang. Liteko li hohle. Trudy o re: “Sekolong le mosebetsing, batho ba bua ka ho kopanela liphate nako ena kaofela. Mananeong a thelevishene le lifiliming, ho etsoa hore ho bonahale eka ke ntho e khahlisang le e monate. Ke ka seoelo u bonang liphello tse bohloko tse tlisoang ke seo!” Trudy o tseba ka se mo etsahaletseng hore na tšusumetso eo e ka ba matla hakae. O re: “Ha ke le lilemo li 16, ke ne ke nahana hore ke fumane motho eo ke mo ratang. ’Mè o ile a bua le ’na a mpolella hore haeba ke tsoela pele ho etsa lintho ka tsela ena, ke tla qetella ke imme. Ke ile ka makala hore ebe ’Mè o ’nahanela ntho e joalo! Empa likhoeli tse peli hamorao, ke ile ka ima.”

3. “Litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Litakatso tsena li a akarelletsa takatso leha e efe eo mocha a bang le eona, e kang ea ho lakatsa ho amoheloa ke ba bang kapa hore le eena a nkoe e le motho. Ho ba le takatso eo ka bohona ha ho phoso, empa haeba motho a sa ho laole, ho ka mo thatafalletsa hore a hanele liteko. Ka mohlala, ho labalabela hore le uena u nkoe u le motho ho ka u susumelletsa hore u fetohele mekhoa e metle ea boitšoaro eo u e rutiloeng lapeng. Seo ke sona se ileng sa etsahalla Steve ha a le lilemo li 17. O re, “Nakoana feela ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka fetohela batsoali ba ka ’me ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba nthutile hore ke se ke ka e etsa.”

Ke ’nete hore lintho tse ka u susumetsang tse boletsoeng ka holimo li matla. Leha ho le joalo, u ka khona ho hanela liteko. Joang?

◼ Ntlha ea pele, tseba hore na ke teko efe e u thatafallang ka ho fetisisa. (E ka ’na eaba u se u ntse u e tšoaile ka holimo.)

◼ Ebe ua ipotsa, ‘Ho ka etsahala hore ke tobane le teko ee haholo-holo ha ke le hokae?’ Tšoaea e ’ngoe ea lintlha tse latelang:

□ Ha ke le sekolong

□ Ha ke le mosebetsing

□ Ha ke le mong

□ Maemong a mang ․․․․․

Ho tseba hore na teko e ka ’na ea u hlahela neng ho ka ’na ha u thusa hore u hle u e qobe ka ho feletseng. Ka mohlala, nahana ka boemo ba se ka ’nang sa etsahala bo kang bo hlalositsoeng qalong ea sehlooho sena. Ke lintho life tse ileng tsa lemosa Karen hore ho ne ho ka ’na ha e-ba le mathata phathing eo? A ka be a entse’ng hore a qobe teko eo li sa tloha feela?

◼ Kaha joale u se u (1) tseba teko e u thatafallang ka ho fetisisa ’me u se u (2) bone hore na u ka ’na ua tobana le eona ha u le hokae, joale u se u loketse ho nka khato. Ntlha ea pele eo u tla lokela ho e etsa ke ho leka ho fokotsa monyetla oa ho tobana le eona kapa u hle u e qobe. Ka tlaase mona, ngola seo u ka se etsang.

․․․․․

․․․․․

(Ka mohlala: Haeba nako le nako u kopana le bana bao u kenang sekolo le bona ba u phehellang hore u tsube, u ka ’na ua tsamaea ka tsela e ’ngoe ho ba qoba. Haeba u atisa ho fumana litšoantšo tse litšila tsa Inthanete empa ho se motho eo u mo kōpileng hore a u romelle tsona, u ka ’na ua sebelisa mananeo a k’homphieutha a thibelang melaetsa eo ho kena k’homphieutheng ea hao. Hape u ka thaepa mantsoe a tobileng haholoanyane ha u etsa lipatlisiso Inthaneteng.)

Ke ’nete hore u ke ke ua qoba liteko tsohle. Ha nako e ntse e ea, u ka ’na ua tobana le ntho e itseng e u hohelang—mohlomong nakong eo u bileng u sa e lebellang. U ka etsa’ng boemong boo?

Lula u itokisitse. Ha Jesu a ne “a lekoa ke Satane,” o ile a mo hanyetsa hang-hang. (Mareka 1:13) Hobane’ng? Hobane o ne a se a ntse a tseba seo a tlang ho se etsa ha a hlaheloa ke teko. Ak’u nahane ka seo. Jesu e ne e se roboto. O ne a ka ’na a inehela ha a hlaheloa ke teko. Empa o ne a se a ntse a entse qeto ea hore o tla mamela Ntate oa hae ka linako tsohle. (Johanne 8:28, 29) Jesu o ne a hlile a tiile ha a re: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 6:38.

Meleng e ka tlaase, ngola mabaka a mabeli ao ka ’ona u lokelang ho hanela liteko tseo u atisang ho tobana le tsona le litsela tse peli tseo u ikemiselitseng ho li hanela ka tsona.

1. ․․․․․

2. ․․․․․․

Hopola hore ha u inehela tekong, u ba lekhoba la litakatso tsa hao. (Tite 3:3) Ke hobane’ng ha u itumella hore u laoloe ke litakatso? Bontša ho hōla tsebong ka hore u laole litakatso tsa hao ho e-na le ho li lumella hore li u laole.—Bakolose 3:5.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a sehloohong sena a fetotsoe.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Na libōpuoa tse phethahetseng li ka lekoa?—Genese 6:1-3; Johanne 8:44.

◼ Ha u hanela liteko, ho tšepahala ha hao ho ama ba bang joang?—Liproverbia 27:11; 1 Timothea 4:12.

[Lebokose mo leqepheng la 27]

LEKA SENA

Beha compass, lenaka la eona le shebile leboea. Ebe u beha makenete lehlakoreng la eona. Ho etsahala’ng? Lenaka leo ha le sa shebile leboea. Ho e-na le hoo, le sheba ka ho makenete.

Letsoalo la hao le tšoana le compass eo. Haeba le koetlisitsoe hantle, le tla sheba “leboea” ’me le u thuse hore u etse liqeto tse bohlale. Empa joaloka makenete, litloaelano tse mpe li ka u hohela ka tsela e ka qetellang e fetotse boikutlo ba hao ka boitšoaro. U ithuta’ng ho see? U lokela ho qoba batho le maemo a ka ’nang a u khelosa boitšoarong bo botle!—Liproverbia 13:20.

[Lebokose mo leqepheng la 27]

TLHAHISO

Nahana esale pele hore na u tla re’ng ha motho e mong a leka ho u hohela hore u etse se fosahetseng. U se ke ua tšoenyeha. Ha ho hlokahale hore u iketse ea lokileng. Hangata, ntho eo ho hlokahalang hore u e etse ke hore feela u hane u tiile. Ka mohlala, haeba ngoana eo u kenang sekolo le eena a u fa sakerete a re u tsube, u ka ’na ua re: “Se ke ua itšenyetsa eona. ’Na ha ke tsube!”

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 28]

Ha u inehela tekong, u ba lekhoba la litakatso tsa hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela