‘Rea le Leboha ka Lerato la Lōna le Tebileng ho Batho’
KA MONGOLI OA TSOHA! RUSSIA
◼ Motseng o mong o karolong e ka bochabela ea Siberia o bitsoang Chita, phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e ne e tšoarela liboka tsa Bokreste phaposing ea ho rutela sekolong se seng ho fihlela e fallela Holong e ncha ea ’Muso. Kaha Lipaki li ne li boloka phaposi eo e hloekile, li lokisa lintho ha li robehile, ’me li le mosa li bile li etsa lintho ka tsela e bontšang ho nahanela, batsamaisi ba sekolo seo ba ile ba ngolla phutheho lengolo ho e leboha.
Karolo e ’ngoe ea lengolo leo e ne e re: “Rea le leboha ka lerato le tebileng leo le ratang batho ka lona, le bonoang ke motho e mong le e mong ea kopanang le lōna, re leboha le mosebetsi oa boromuoa oo le o etsang hammoho le liketso tsa lōna tse mosa sechabeng. Re ke ke ra lebala seo re ithutileng sona ho lōna lilemong tseo re sebelitseng hammoho ka tsona, e leng se bontšang hore batho ba lumelang ho Molimo ba mekhoa e metle, ba hlokolosi ba bile ba mosa, ’me ka holimo ho tsohle ke batho ba sepheo ba nang le tumelo le morero bophelong.” Lipaki Tsa Jehova li ananela mantsoe ao.
◼ Lik’hilomithara tse ka bang 5 500 ka bophirimela ho Chita, moemeli oa lekala la Lipaki Tsa Jehova, Russia, o ile a memeloa ho ba teng moketeng o khethehileng o neng o hlophisitsoe ke ba boholong seterekeng sa St. Petersburg. Ka lebaka lefe? Selemo le selemo ha lehloa le qhibiliha, Lipaki tsa sebakeng seo li tlosa litšila tseleng e bolelele ba lik’hilomithara tse 60 e haufi le lekala. Ofisiri e ’ngoe e ile ea fa moemeli oa lekala lengolo la teboho e le ho bontša ho ananela mosebetsi o motle oo li o entseng sechabeng. Bamameli ba ile ba opa mahofi. Ho thahasellisang ke hore ha molula-setulo moketeng oo a bitsa lebitso la Molimo hampe, e leng Jehova, hang-hang batho ba ’maloa bao e seng Lipaki ba ile ba mo thusa ba le bitsa hantle, ho bontšang hore ba tseba lebitso la Molimo le batho ba tsebahalang ka lona.
Lebaka le ka sehloohong le etsang hore ba le tsebe ke tšebeletso ea phatlalatsa ea Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 150 000, Russia. Sepheo sa tsona ke ho tsoela pele li bontša ‘batho lerato le tebileng’ ka ho bolella bohle ba tla mamela molaetsa o tšelisang oa Bibele.—Matheu 22:39.
[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 29]
Lekala la Russia le ile la fuoa lengolo la teboho