Tsa Mona le Mane
◼ Ka 2007, Machaena a ka etsang limilione tse 47 a ile a haelloa ke metsi a nooang ka lebaka la komello e mpe ka ho fetisisa lilemong tse leshome tse fetileng. Ka lehlakoreng le leng, a ka bang limilione tse 42 a ile a angoa ke maholiotsoana, ’me a limilione tse 180 a angoa ke meroallo.—XINHUA NEWS AGENCY, CHAENA.
◼ “Ho hakanngoa hore lefatšeng ka bophara, ka 2003 motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bahlano ba immeng o ile a ntša mpa. Europe palo ena e batla e le ea motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo. . . . Linaheng tseo pele e neng e le karolo ea Soviet Union, ho hakanngoa hore batho ba etsang liphesente tse 45 ba immeng ba ile ba ntša mpa ka 2003.”—BRITISH MEDICAL JOURNAL, BRITHANI.
Lipapali Tsa Elektronike Tse Bontšang Pefo Kerekeng
The New York Times e tlaleha tjena: “Baboleli le baruti ba makholo ba batlang hore bacha ba tle kerekeng ba entse hore batho ba ngongorehe le ho ba nyatsa hobane ba sebelisa mokhoa o sa tloaelehang oa ho bitsetsa bacha kerekeng,” e leng oa ho sebelisa “papali ea elektronike e tummeng haholo” empa “e bontša liketso tse mabifi.” Papali ena e etselitsoe batho ba baholo. Motho ea e bapalang o lokela ho nka karolo ea ho ba lesole ’me a sebelise mekhoa e sa tšoaneng ho bolaea ba bang. Koranta eo e re ho ngongoreha ha batho ha hoa thibela bahlophisi ba ’maloa ba Maprostanta le lihlopha tsa bacha ba ’ona hore “ba batle lipapali tse ngata bakeng sa litsi tsa bona, e le hore bacha ba bangata ba ka khobokana lithelevisheneng tse khōlō tsa teng ho tla bapala lipapali tseo.”
Boitsebiso ba Bana Boa Utsuoa
The Wall Street Journal e bolela hore boitsebiso ba bana ba ntseng ba eketseha boa utsuoa, ’me seo se ka ba le liphello tse mpe nakong e tlang haeba ba batla ho alima chelete kapa ho etsa lintho tse ling tse itseng. Ho ka nka lilemo hore ho sibolloe liketso tse joalo tsa bonokoane, tseo hangata li etsoang ke setho sa lelapa. Koranta eo e re: “Batho ba bangata ha ba tsebe hore ho na le motho ea sebelisang boitsebiso ba bona ka bolotsana, . . . ho fihlela mohla ba qalang ho etsa kōpo ea mosebetsi, ea lengolo la ho khanna, ea kalimo ea chelete bakeng sa lithuto kapa ho reka ntlo.” Ba bang ba tseba kapele haeba litsi tse lelekisang ba kolotang li ka leka ho batla sekoloto se phaellaneng lebitsong la bona.
Libetsa Tsa Nyutlelie “li Nyametse”
The Washington Post e tlaleha hore ka la 30 August, 2007, sefofane se lihang libomo sa B-52 sa Lebotho la Moeeng la U.S se ile sa fofa lihora tse tharo le halofo United States, se nkile limisaele tse hlahletsoeng libomo tsa nyutlelie tse neng “li kentsoe ka phoso sefofaneng.” Koranta eo e re bafofisi ba sona hammoho le basebetsi ba fatše ba laetseng limisaele tseo ka sefofaneng ba ne ba sa hlokomela phoso eo, “’me ho ile ha qetoa lihora tse 36 e sa hlokomeloe.” Ho latela tlaleho eo, “liofisiri tsa Lebotho la Moeeng li ile tsa re libomo tseo li ne li sa chehoa ’me ka hona, li ne li se kotsi sechabeng.” Leha ho le joalo, mohlalosi e mong o ile a botsa: “Empa na see ha sea lokela ho re tšoenya?”
Maeba a Sebelisoa ho Fumana Tekanyo ea Tšilafalo
Bafuputsi ba Univesithi ea Rajasthan, e India leboea, ba re liphuputso tse entsoeng maebeng a motseng oa Jaipur, li bontša hore linonyana tsena li ka sebelisoa ho lekanya tšilafalo e teng motseng. Gobar Times ea New Delhi, e leng makasine e tlatsanang le ea Down to Earth, e re: “Tšilafalo e tikolohong, e tsoang linthong tsa tšepe, e kena masibeng a tsona, ’me ha e tlohe esita le ka mor’a hore [masiba] a hlothehe.” Kaha ka tloaelo maeba a lula sebakeng se le seng, tekanyo ea cadmium, chromium, koporo le loto, e fumanoang masibeng a tsona e ka ’na ea e-ba sekala se nepahetseng sa hore na ho na le tšilafalo e kae motseng oo.