Na Ngoana oa Hao o Sebelisa Inthanete?
NAKO ena kaofela, bacha ba limilione ba sebelisa Inthanete, ebang ba malapeng, sekolong, ba chaketse metsoalle, kapa ba sebakeng leha e le sefe—haeba ba e-na le lisebelisoa tsa elektronike tse fellang ka letsohong kapa liselefouno tse nang le Inthanete. Haeba u motsoali, u tobane le ’nete e utloisang bohloko: E ka ’na eaba bana ba hao ba tseba ho sebelisa Inthanete ho u feta, ’me mohlomong ba bile baa tseba hore na ba ka u patela seo ba se etsang moo joang.
Na see se lokela ho u tšoenya? Ehlile, se lokela ho u tšoenya. Na ha ho na seo u ka se etsang? Che, ho na le seo u ka se etsang. Ke ’nete hore ha ho tluoa litabeng tsa Inthanete, ho ka ’na ha bonahala eka ngoana oa hao ke moahi ha uena u le moeti. Leha ho le joalo, u ntse u ka ithuta se etsahalang moo. Ho feta moo, ha ho hlokahale hore u be setsebi linthong tsohle tsa elektronike e le hore u sireletse ngoana oa hao.
Lihlooho tsena li tla u fa malebela. Empa a re qale ka ho hlahloba tse ling tsa likotsi tse ka ’nang tsa hlahela ngoana oa hao ha a ntse a sebelisa Inthanete.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Naheng ea Canada, hoo e batlang e le halofo ea bacha bohle ba nang le liselefouno ba khona ho kena Inthaneteng ka tsona