Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba Lokelang ho se Tseba
KA NAKO e ’ngoe, batho ba ne ba lumela hore ntho e ka sireletsang bana ha ba sebelisa Inthanete ke hore na k’homphieutha e behiloe hokae. Ho ne ho nahanoa hore ha k’homphieutha e behiloe sebakeng seo batho ba fetang ho sona, seo se tla etsa hore bana ba se ke ba ea mecheng e kotsi ea Inthanete. Le hoja mokhoa ona o ntse o atleha, empa hase oona feela o ka ba sireletsang, ’me hase bohlale ho lumella bana hore ba sebelise Inthanete ba le bang ka likamoreng tsa bona. Matsatsing ana ao boitsebiso bo seng bo fetisoa ka lintho tse sa hokeloang ka mehala, bacha ba ka sebelisa Inthanete ba le sebakeng leha e le sefe. Esita le liselefouno tse ngata li na le Inthanete. Ho boetse ho na le libaka tse ngata tseo bacha ba ka khonang ho sebelisa Inthanete ho tsona, tse kang mabenkele a fanang ka litšebeletso tsa Inthanete, lilaebrari le ha ba chaketse metsoalle. Kaha ho na le mekhoa e mengata hakana, ke ntho e bonolo hore ngoana a ka sebelisa Inthanete motsoali a sa tsebe.
Nahana ka tse ling tsa lintho tseo bacha ba bangata ba ratang ho li etsa Inthaneteng le likotsi tse ka ’nang tsa hlahisoa ke seo.
MELAETSA EA E-MAIL
Ke Eng? Ke melaetsa e ngoloang e fetisoang ka lisebelisoa tsa elektronike.
Ke hobane’ng ha e ratoa hakaale? E-mail ke mokhoa o potlakang le o sa bitseng chelete e ngata oa ho ngollana le metsoalle le ba lelapa.
Seo u lokelang ho se tseba. Melaetsa e itlhahelang feela u sa tsebe hore na e tsoa ho bo-mang, eo hangata e bitsoang li-spam, hase feela hore ea tena. Melaetsa ena e atisa ho bua ka tsela e poteletseng ka lintho tse tsoileng tseleng kapa e hle e bue puo-phara ka litaba tsa ho kopanela liphate. Melaetsa eo e ka ’na ea e-ba le boitsebiso bo ka etsang hore ’mali—ho akarelletsa ngoana ea sa belaelleng letho—a fane ka lintlha tsa botho tse ka sebelisoang hampe. Ha motho a araba melaetsa eo ea e-mail—esita le haeba a lomahantse meno a re a se ke a hlola a romelloa melaetsa eo—seo se netefatsa hore aterese ea hae ea e-mail ea sebetsa, e leng se tla etsa hore a fumane melaetsa e meng eo a sa tsebeng hore na e tsoa hokae.
LI-WEB SITE
Ke eng? Ke mecha ea Inthanete e nang le boitsebiso bo kenngoang le ho hlophisoa ke mekhatlo, litsi tsa thuto, likhoebo le batho ka bo-mong.
Ke hobane’ng ha li ratoa hakaale? Ho na le mecha e limilione, e bontšang bacha lintho tsena kaofela tse rekisoang, eo ho eona ba ka etsang lipatlisiso, ba buisana le metsoalle, ba bapala kapa ba nka lipapali le lipina Inthaneteng.
Seo u lokelang ho se tseba. Batho ba bolotsana ba ’nile ba sebelisa Inthanete ka litsela tse sa tšoaneng. Mecha e mengata ea boitsebiso e bontša batho ba kopanelang liphate, ’me ho bonolo hore ba seng seli ba oelane le litšoantšo tseo. Ka mohlala, United States, ho bana ba lilemo li 8 ho isa ho 16 bao ho buisanoeng le bona, ba etsang karolo ea 90 lekholong ba re ba ile ba oelana le litšoantšo tse manyala Inthaneteng ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng!
Inthanete e boetse e nolofalletsa bacha ho kena mecheng e ba khothalletsang ho becha. Canada, hoo e batlang e le moshanyana a le mong ho ba bane ba sehlopheng sa 10 le sa 11 o lumetse hore o kile a sebelisa mecha eo ea boitsebiso, ’me litsebi li na le lebaka le utloahalang la ho tšoenyeha ka seo kaha batho ba bangata ba lemalla ho becha Inthaneteng. Ho boetse ho na le mecha e khothalletsang batho hore ba qetelle ba tšoeroe ke lefu la ho ipolaisa tlala.a Ho sa le joalo, mecha e meng e khothalletsa ho hloea malumeli a se nang balateli ba bangata le merabe e itseng. Mecha e meng e ruta batho ho etsa libomo, ho etsa chefo le ho ntšetsa pele mesebetsi ea bokhukhuni. Lipapaling tse ngata tsa Inthanete ho bontšoa liketso tse sehlōhō tse mabifi le tšollo e tšabehang ea mali.
LI-CHAT ROOM
Ke eng? Ke mecha eo ho eona batho ba qoqang ka taba e itseng eo ba e thahasellang.
Ke hobane’ng ha li ratoa hakaale? Ngoana oa hao a ka buisana le batho ba ’maloa bao a sa ba tsebeng empa ba thahasella lintho tse tšoanang.
Seo u lokelang ho se tseba. Batho ba hlekefetsang bana ka thobalano ba atisa ho sebelisa mecha ena ka sepheo sa ho hokahoka ngoana hore a etse liketso tsa thobalano ka Inthanete kapa ba hle ba il’o kopanela liphate kae-kae. Nahana ka se ileng sa etsahala ha e mong oa bangoli ba buka ea What in the World Are Your Kids Doing Online? a ntse a batlisisa hore na Inthanete e sireletsehile hakae. E le hore a etse phuputso eo, o ile a iketsa ngoana ea lilemo li 12 Inthaneteng. Buka eo e tlaleha hore “hona hoo feela, ke ha motho e mong a se a mo kōpa hore ba buisane ba le bang mocheng o itseng. O re o ile a re ha a tsebe hore na ho kenoa joang ho oona, ’me motsoalle oa hae e mocha a mo hlalosetsa mohato ka mohato hore na a etse’ng. Motsoalle eo a ntan’o mo botsa hore na o batla hore ba kopanele liphate [ka Inthanete] na.”
MELAETSA E MEKHUTŠOANYANE
Ke eng? Ke melaetsa e mekhutšoanyane eo batho ba babeli kapa ho feta ba e romellanang ka nako e le ’ngoe.
Ke hobane’ng ha e ratoa hakaale? Melaetseng ena, motho a ka khetha lethathamong leo a iketselitseng lona hore na o ngollana le metsoalle efe. Ha ho makatse hore ebe phuputso e ’ngoe e entsoeng Canada e bontša hore bana ba 84 ho ba lekholo ba lilemo li 16 le 17 ba buisana le metsoalle ea bona ka ho romellana melaetsa ena ’me ba qeta nako e fetang hora ka letsatsi ba ntse ba etsa sena.
Seo u lokelang ho se tseba. Ho ngollana melaetsa e mekhutšoanyane ho ka faposa kelello ea ngoana haeba a lokela ho ithuta kapa ho etsa ntho e ’ngoe eo a lokelang ho tsepamisa kelello ho eona. Ho feta moo ha u tsebe hore na mora kapa morali oa hao o ntse a buisana le mang. Etsoe, u ke ke ua utloa seo ba ntseng ba buisana ka sona.
LI-BLOG
Ke eng? Ke litlaleho tseo batho ba li ngolang ka se etsahalang bophelong ba bona.
Ke hobane’ng ha li ratoa hakaale? Li-blog li fa bacha monyetla oa hore ba ngole ka lintho tseo ba li nahanang, ba li ratang le tseo ba li etsang. Tse ngata li na le moo babali ba ngolang maikutlo a bona teng, ’me bana ba bangata baa thaba ha ho e-na le motho ea faneng ka maikutlo ka seo ba se ngotseng.
Seo u lokelang ho se tseba. Li-blog li bulehetse batho bohle. Bana ba bang ba seng hlokolosi ba fana ka boitsebiso boo batho ba ka bo sebelisang ho fumana hore na ba tsoa lelapeng lefe, ba kena sekolo hokae kapa hore na ba lula hokae. Ntlha e ’ngoe hape ke hore batho ba ka senya ba bang lebitso ka li-blog, ’me le bona ba ngotseng ba ka senngoa lebitso. Ka mohlala, bahiri ba bang ba sheba blog ea motho ea batlang mosebetsi ha ba batla ho bona hore na ba ka mo hira kapa che.
LI-WEB SITE TSA HO THABELA BOTSOALLE
Ke eng? Ke li-Web site tse lumellang bacha ho iketsetsa lifaele tsa bona ’me ba kenye litšoantšo, livideo le litlaleho tsa se etsahalang bophelong ba bona.
Ke hobane’ng ha li ratoa hakaale? Ho iketsetsa faele Inthaneteng le ho itlhophisetsa eona ho fa mocha monyetla oa hore a itsebahatse. Li-Web site tsa ho thabela botsoalle li lumella bacha hore ba iphumanele “metsoalle” e meng e mengata.
Seo u lokelang ho se tseba. Ngoanana e mong ea bitsoang Joanna o re: “Li-Web site tsa ho thabela botsoalle li tšoana le ho etsa phathi Inthaneteng. Ho tsona ho ka kena batho ba tšosang.” Boitsebiso boo motho a faneng ka bona moo bo ka sebelisoa hampe ke bacha le batho ba baholo ba bolotsana. Ke kahoo Parry Aftab eo e leng setsebi sa tšireletseho Inthaneteng a reng mecha eo ke moo “ba hlekefetsang ba bang ka thobalano ba fumanang liphofu teng.”
Ho feta moo, hangata setsoalle se etsoang Inthaneteng hase sa ’nete. Bacha ba bang ba bokella liaterese tse ngata tsa batho bao ba sa ba tsebeng e le hore feela ha ba bang ba bula lifaele tsa bona ba nahane hore baa tsebahala. Bukeng ea hae e bitsoang Generation MySpace, Candice Kelsey o re ha e le hantle ke taba feela ea hore na “motho o nkoa e le oa bohlokoa hakae ho latela hore na ke batho ba bakae ba mo ratang.” O phaella ka ho re: “Ho ahlola batho ho latela hore na ba tsebahala hakae, ho etsa hore bana ba rōna ba felloe ke botho ’me ho ba bakela khatello e matla ea hore ba etse ntho leha e le efe e le hore ba fumane metsoalle e eketsehileng.” Kahoo buka ea What in the World Are Your Kids Doing Online? e botsa potso ena ea bohlokoa: “U ka ruta bana joang hore ba lokela ho ba le qenehelo le kutloelo-bohloko ha Inthanete eona e ba lumella ho lahla batho kherehloa ka ho panya ha leihlo feela?”
Mehlala ena e tšeletseng ke ea lintho tse ling tseo bacha ba ratang ho li etsa Inthaneteng kajeno. Haeba u motsoali, u ka etsa’ng ho sireletsa bana ba hao likotsing tse ka ’nang tsa ba hlahela ha ba sebelisa Inthanete?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mecha le mekhatlo e mengata e buellang ho ipolaisa tlala e re ha e khothalletse seo. Leha ho le joalo, e meng ea eona e bolela hore ho ipolaisa tlala hase lefu e mpa e le mokhoa oo batho ba ka khethang ho phela ka oona. Mecha eo e fana ka boitsebiso ba kamoo motho a ka patelang batsoali ba hae boima ba hae ba ’mele le ho ba patela tsela eo a jang ka eona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Naheng ea India, palo ea batho ba sebelisang Inthanete e eketsehile ka sekhahla—ka karolo ea 54 lekholong ka selemo se le seng feela—’me karolo e khōlō ea bona ke bacha
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Motsoali a ka ’na a nka hore k’hamera ea video e bontšang Inthaneteng se ntseng se etsahala ke tsela e bonolo le e sa bitseng chelete e ngata ea hore ngoana a buisane le metsoalle kapa beng ka eena, empa motho ea hlekahlekang bana eena a ka nka seo e le monyetla oa hore a tsebe se etsahalang ka kamoreng ea ngoana.”—Robert S. Mueller III, mookameli oa Lefapha la ’Muso la Bofokisi, United States