Tsela e Faposang Lebese
Na e Entsoe?
◼ Haeba u kile ua shebella ha nku, pōli kapa khomo e tsoala, mohlomong u ile ua hlolloa ke kamoo konyana, potsanyane kapa namane e emang kapele kateng ho leba ’meleng ho ea nyanya. Liphoofolo tsohle tse anyesang li fepa malinyane a tsona lebese. Empa liphoofolong tse nyenyane tse busolosang, tse kang likonyana, lipotsanyane le manamane, ho etsahala mohlolo o itseng o sa bonahaleng.
Ak’u nahane: Mpa ea khomo e na le likarolo tse ’nè tse etsang mesebetsi e sa tšoaneng e hlokahalang bakeng sa ho sila joang le furu. Empa manamane a phela ka lebese feela, ka hona ha ho hlokahale hore le ee likarolong tse ling tsa mpa ho ea siloa. Ka hona, ha namane e nyanya, ho buleha tselana e khethehileng e faposang lebese hore le ee ka ho toba karolong ea ho qetela ea mpa.
Haeba lebese le ne le ka kena ka karolong ea pele ea mpa, namane e ne e tla kula hobane karolong ena, ho na le libaktheria tse putisang lijo tse thata hore li tle li silehe. Ha lebese le hloeba, le hlahisa khase eo manamane a sitoang ho e ntša ka mpeng. Leha ho le joalo, ha manamane a nyanya, ebang a nyanya ’meleng kapa a noa lebese le ka nkhong, ho iketsahalla feela hore tselana e lebang karolong ea pele ea mpa e koalehe.
Empa ntho e makatsang ke hore ho etsahala se fapaneng ha namane e noa metsi. E hloka metsi a mangata karolong ea pele ea mpa e le hore libaktheria le likokoana-hloko tse ling li ate, li lokele ha namane e se e ja furu. Le hoja lebese le ea ka ho toba karolong ea ho qetela ea mpa, metsi ’ona a kena karolong ea pele. Ke lebese feela leo namane e le faposang ka tsela ena e hlollang!
U nahana’ng ka see? Na tsela eo liphoofolo tsee li faposang lebese ka eona e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na ke mosebetsi oa ’Mōpi ea bohlale?
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 13]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lebese le pota ka thōko likarolo tse tharo tse qalang tsa mpa ea namane
[Setšoantšo]
Tselana e faposang
1 Karolo ea pele
2 Karolo ea bobeli
3 Karolo ea boraro
4 Karolo ea bone (karolo ea ho qetela)