Lebaka Leo re Leng Teng ka Lona ke Lefe?
Morero oa bophelo ke’ng?
HO PHAELLA lipotsong tse ka holimo tseo batho ba atisang ho li botsa, ba bangata ba botsa potso e reng: Na ho na le ho hong hoo re ka ho lebellang ha e se feela ho phela lilengoana tse 70 kapa 80 re ntan’o ichoella?—Pesaleme ea 90:9, 10.
Mohlomong re ipotsa lipotso tsena re tebisitse maikutlo haholo-holo nakong eo re elelloang kamoo bophelo ba rōna bo hlileng bo leng bokhutšoanyane kateng. Ho hlakile hore ha ho hlokahale hore bophelo ba rōna bo be tsietsing e le hore re ipotse hore na lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe. Ho soetseha le hona ho ka etsa hore re ipotse potso eo. ’Me ba bang ba ipotsa eona ha ba ntse ba nahana ka tsela eo ba phelang ka eona.
Dave o ne a sebetsa mosebetsi o lefang chelete e ngata a bile a e-na le ntlo e ntle, ’me a thabela ho qeta nako a e-na le metsoalle ea hae e mengata. O re: “Ke ne ke ea hae ka le leng bosiu, ke tsoa phathing ha ke fihleloa ke potso ena monahanong, ‘Na see ke sona sohle seo motho a se phelelang?—Na ke tla phela ka lilemo tse seng kae feela ebe kea shoa? Kapa na ho na le ho hong hape?’ Ntho e neng e ntšoenya ke hore ke ne ke se na morero bophelong nakong eo.”
Bukeng ea hae e bitsoang Man’s Search for Meaning, Viktor Frankl o ile a hlokomela hore batho ba bang bao a neng a pholohile Polao e Sehlōhō le bona Ntoeng ea II ea Lefatše, ba ’nile ba ipotsa potso eo ka mor’a hore ba lokolloe likampong tsa mahloriso. Ha ba fihla hae, ba bang ba ile ba fumana hore baratuoa ba bona ba shoele. Frankl o ile a ngola, a re: “Ho malimabe motho eo ha letsatsi leo e leng khale a le labalabela le fihla, le mo tlelang ka se fapaneng hōle le seo a neng a se lebeletse!”
Ba Botsang
Melokong eohle batho ba ’nile ba ipotsa hore na lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe. Bibele e bua ka batho ba ileng ba batla ho tseba hore na morero oa bophelo ba bona ke ofe. Ka mor’a hore monna ea bitsoang Jobo a lahleheloe ke leruo la hae ’me a shoeloe ke bana le ha a ntse a mameletse lefu le bohloko haholo, o ile a botsa, a re: “Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ha ke tsoa ka pōpelong? Ke hobane’ng ha ke sa ka ka tsoa ka pōpelong ebe kea shoa?”—Jobo 3:11.
Moprofeta Elia le eena o ile a ikutloa joalo. Ha a ne a nahana hore ke eena feela ea rapelang Molimo, o ile a tletleba: “Ho lekane! Joale, Jehova, tlosa moea oa ka.” (1 Marena 19:4) Batho ba bangata ba ikutloa ka tsela eo. Ha e le hantle, Bibele e hlalosa hore Elia e ne e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.”—Jakobo 5:17.
Ho Nka Leeto le Atlehileng Bophelong
Hangata bophelo bo tšoantšoa le leeto. Feela joalokaha u ka ’na ua nka leeto empa u sa tsebe hantle moo u eang teng, u ka phela feela u sa tsebe hore na morero oa sebele ke’ng bophelong. Haeba u ka etsa joalo, u ipeha kotsing ea ho ba boemong boo mongoli e mong ea tsebahalang, ea bitsoang Stephen R. Covey a reng ke “ho phathahana bophelong.” O ile a ngola ka batho ba “iphumanang ba hapile likhau tse se nang thuso, ba atlehile empa ba lahlehetsoe ke lintho tseo ka tšohanyetso ba hlokomelang hore e ne e le tsa bohlokoa haholo ho bona.”
Na ha u lumele hore ha re le leetong, ho eketsa lebelo ho ke ke ha re thusa ka letho hafeela re le tseleng e fosahetseng? Ka ho tšoanang, ho batla morero oa bophelo ka hore motho a “phathahane” le ho feta, ho tla etsa feela hore a sulafalloe ke bophelo, ho e-na le hore a khotsofale e le kannete.
Ba banyenyane le ba baholo litsong tsohle ba labalabela ho utloisisa lebaka leo re le teng ka lona. Sena se etsoa ke hore kaofela ha rōna re na le tabatabelo e matla ea borapeli, e lulang e le teng le ha re se re e-na le lintho tse bonahalang. Nahana kamoo ba bang ba ’nileng ba leka ho khotsofatsa tabatabelo ena ha ba ntse ba batla morero oa bophelo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Ho batla morero oa bophelo ka hore re “phathahane” le ho feta, ho tla etsa feela hore re sulafalloe ke bophelo, ho e-na le hore re khotsofale e le kannete
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Jobo o ile a botsa lebaka leo a tsoetsoeng ka lona
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Elia o ne a e-na le “maikutlo a joaloka a rōna”