Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/08 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • K’haete e Thusa ho Hula Sekepe
  • E Phonyoha Komello
  • Sebaka se Botleng sa ho Lepa Linaleli
  • Na Khoebo ea Koae ke Boitšoaro bo Botle?
    Tsoha!—1991
  • “Ha ho Motho ea Tla Shoa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Na Naha ea Heno ke Mohlaseluoa e Moholo?
    Tsoha!—1989
Tsoha!—2008
g 12/08 leq. 29

Tsa Mona le Mane

◼ Naheng ea Jeremane, ke batho ba etsang karolo ea 8 feela lekholong ba nkang hore ho keteka letsatsi le Etellang Keresemese Pele ke habohlokoa ka tsela e itseng litabeng tsa bolumeli. Ka 1980, e ne e le ba etsang karolo ea 47 lekholong.—TV NEWS CHANNEL N24, JEREMANE.

◼ “Ke lekhetlo la pele paleng [ea United States], palo ea batho ba baholo ba koaletsoeng teronkong e fetang ea motho a le mong ho ba 100 . . . Naheng ka bophara ho na le batšoaruoa ba ka bang limilione tse 1,6.”—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.

◼ Phuputsong e ’ngoe ho fumanoe hore “Masepanishe ’ohle a ileng a hlahlojoa” a na le bonyane mofuta o itseng oa chefo e bolaeang likokoanyana ’meleng ea ’ona, e leng “motsoako oo linaha tsa machaba li nkang hore o kotsi ’meleng oa motho.”—UNIVESITHI EA GRANADA, SPAIN.

◼ “Linaheng tse nang le boitsebiso, bo bontša hore chelete ea lekhetho la koae e feta ka makhetlo a 500 e sebelisetsoang ho loantša ho tsuba.”—MOKHATLO OA LEFATŠE OA BOPHELO, SWITZERLAND.

◼ Boislamo bo se bo e-na le balateli ba bangata ho feta ba Roma e K’hatholike. Ka 2006, ho ne ho boleloa hore karolo ea 19,2 lekholong ea baahi ba lefatše ke Maislamo ha karolo ea 17,4 lekholong ho ne ho thoe ke Maroma a K’hatholike.—REUTERS NEWS SERVICE, BRITHANI.

K’haete e Thusa ho Hula Sekepe

Linakong tsena tseo theko ea mafura e ntseng e phahama ’me batho ba bangata ba ntseng ba khathatseha ka ho silafatsoa ha tikoloho, beng ba likepe ba batla litsela tseo ka tsona ba ka fokotsang tšebeliso ea mafura le ho fokotsa mosi oo li o ntšang. Ba sebelisa motsoalle oa bona oa khale—e leng moea. Koranta ea Frankfurter Allgemeine Zeitung e tlaleha hore tsela e ’ngoe eo ba seng ba e lekile ke ea ho sebelisa k’haete hore e thuse ho hula sekepe. K’haete e fofang bophahamong ba limithara tse 300, e nolofalletsa motsamaisi oa sekepe hore a fokotse matla ao enjene e tsamaisang sekepe ka ’ona. K’haete e boholo ba lisekoere-mithara tse 160 e sa tsoa thusa ho hula sekepe se tsamaisang thepa hore se tšele leoatleng la Atlantic.

E Phonyoha Komello

Makasine ea Science News e re: “Tšenyane ea ntsintsi ea Afrika e phonyoha komello e matla ka hore e iphetole makhekhebu a thata a kang pompong.” Ha tšenyane ea ntsintsi e bitsoang Polypedilum vanderplanki e lahlehetsoe ke metsi a mangata ’meleng, e a nkela sebaka liseleng tsa eona ka ho sebelisa ntho e kang khalase, e tšoanang le tsoekere e neng e qhibilihile, eaba ea oma. Ha tšenyane e le boemong bona e khaotsa ho hlahisa matla ka ho feletseng ’meleng. Tšenyane e ka qeta lilemo tse ka bang 17 e ntse e le boemong bona “bo sa bontšeng bophelo” ho fihlela ha pula e na ’me e boetse e tsoha.

Sebaka se Botleng sa ho Lepa Linaleli

Thimi ea machaba e thehile setsi seo ho shejoang linaleli ho sona se tsamaisoang ke liroboto ka ho feletseng, se Dome Argus, e leng sebaka se phahametseng leoatle ka ho fetisisa ka limithara tse 4 000 sehlabeng sa Antarctic Bochabela. Sebaka sena se lik’hilomithara li ka bang 1 000 ho tloha South Pole, se bata haholo ’me ka linako tse ling se ba lefifi ka tsela e sa tloaelehang. Moea oa teng o omme haholo ’me ha o foke ka matla, ebile bosiu ba teng bo qeta likhoeli tse ’nè. Ho boleloa hore Dome Argus ke sebaka se botleng ka ho fetisisa lefatšeng seo ho ka shejoang linaleli ho sona. Lifan Wang, e leng motsamaisi oa Setsi sa ho Lepa Linaleli sa Chaena se Antarctic, o re ha re e-na le sebonela-hōle mona “se tla re nolofalletsa ho nka litšoantšo tse tšoanang le tse nkiloeng ka sebonela-hōle se sepakapakeng empa e le ka litšenyehelo tse tlaase, ho e-na le ho romela sebonela-hōle sepakapakeng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela