Molomo oa Nonyana e Bitsoang Toucan
Na o Entsoe?
◼ Nonyana e bitsoang toucan ea Amerika Boroa le Bohareng ha e tsebe ho fofa hantle, empa ea qhoma-qhoma ha e tsamaea. Mefuta e meng ea eona e lla joaloka senqaqana, empa eona e llela holimo. Ha e le hantle, e ka utloahala ha e lla morung, e le bohole ba k’hilomithara. Leha ho le joalo, mohlomong ntho e makatsang bo-rasaense haholo ke molomo oa eona.
Ak’u nahane: Melomo ea li-toucan tse ling e bolelele bo fetang karolo ea boraro ea ’mele oa tsona. O bonahala o le boima, empa ha ho joalo. Setsebi sa saense se hlahlobang lintho tseo thepa e entsoeng ka tsona, se bitsoang Marc André Meyers se re: “Bokaholimo ba oona bo entsoe ka keratin, e leng eona eo manala le moriri li entsoeng ka eona. Ha e le hantle, ke mealo e mengata ea lipoleiti tse nyenyane tse nang le mahlakore a tšeletseng, tse palamaneng joaloka marulelo.”
Ho ’nile ha thoe molomo oa nonyana ena o tiile joaloka seponche se thata. Likarolo tse ling tsa oona ha li na letho ka hare, ha tse ling li na le maballo le lera. Sena se etsa hore molomo oa eona o be bobebe empa o tiile ka tsela e hlollang. Meyers o re: “Ekare toucan e na le tsebo e pharaletseng ea boenjiniere.”
Tsela eo molomo oa nonyana ena o entsoeng ka eona ea e sireletsa hore e se ke ea lemala ha e thula lintho ka oona. Bo-rasaense ba lumela hore molomo oa eona o ka tataisa baenjiniere ba lifofane le likoloi. Meyers o re: “Lideshbote tse entsoeng ka thepa e tšoanang le ea molomo oa toucan li ka ’na tsa sireletsa bakhanni ba amehang likotsing tsa likoloi.”
U nahana’ng ka see? Na molomo o tiileng empa o le bobebe oa toucan o bile teng ka tšohanyetso? Kapa na o entsoe?
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Moo o se nang letho ka hare
Moo o tšoanang le seponche